Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na ho na le Tšepo ka Bafu?

Na ho na le Tšepo ka Bafu?

Ithute Lentsoe la Molimo

Na ho na le Tšepo ka Bafu?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Tšepo ke Efe ka Bafu?

Ha Jesu a fihla motseng oa Bethani o haufi le Jerusalema, motsoalle oa hae Lazaro o ne a se a shoele matsatsi a mane kaofela. Jesu o ile a ea lebitleng le Maretha le Maria, likhaitseli tsa monna eo ea hlokahetseng. Ka potlako feela ho ile ha khobokana letšoele la batho. Inahanele feela hore na Maretha le Maria ba ile ba thaba hakaakang ha Jesu a tsosa Lazaro bafung!—Bala Johanne 11:20-24, 38-44.

Maretha o ne a lumela hore bafu ba tla tsosoa. Ke khale bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba tseba hore nakong e tlang, Molimo o tla tsosa bafu hore ba tl’o phela lefatšeng hape.—Bala Jobo 14:14, 15.

2. Bafu ba boemong bofe?

Le hoja matla a bophelo, kapa “moea,” a boloka batho le liphoofolo ba phela, ha re meea e mpang e lula feela ka har’a ’mele. (Moeklesia 3:19; Genese 7:21, 22) Re libōpuoa tse entsoeng ka lerōle. (Genese 2:7; 3:19) Ha boko ba rōna bo shoa, le menahano ea rōna ea fela. Ka lebaka leo, ka mor’a hore Lazaro a tsosoe bafung, ha aa ka a bua letho ka hore na ho ne ho ntse ho etsahala’ng ha a ne a shoele hobane bafu ha ba tsebe letho.—Bala Pesaleme ea 146:4; Moeklesia 9:5, 10.

Ho hlakile hore bafu ha ba utloe bohloko. Ka hona, thuto ea hore Molimo o hlokofatsa batho ka mor’a lefu hase ’nete. E senya Molimo lebitso. Khopolo ea hore o hlokofatsa batho liheleng e mo halefisa haholo.—Bala Jeremia 7:31.

3. Na re ka bua le bafu?

Bafu ba ke ke ba bua. (Pesaleme ea 115:17) Empa ha mangeloi a khopo a bua le batho, a ka ’na a iketsa meea ea batho ba shoeleng. (2 Petrose 2:4) Jehova o khahlanong le ho leka ho bua le bafu.—Bala Deuteronoma 18:10, 11.

4. Ho tla tsosoa bo-mang?

Lefatšeng le lecha le tlang, batho ba limilione ba mabitleng ba tla tsosoa. Esita le ba ileng ba etsa lintho tse mpe hobane ba sa tsebe Jehova ba tla tsosoa.—Bala Luka 23:43; Liketso 24:15.

Ba tsositsoeng bafung ba tla khona ho ithuta ’nete ka Molimo le ho bontša hore ba lumela ho Jesu ka ho mo mamela. (Tšenolo 20:11-13) Har’a batho ba tsositsoeng bafung, ba tla etsa lintho tse lokileng ba tla thabela ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. Leha ho le joalo, ba bang ba tsositsoeng bafung ba tla tsoela pele ba etsa lintho tse mpe. Tsoho ea bona e tla ba eo ho thoeng ke ‘tsoho ea kahlolo.’—Bala Johanne 5:28, 29.

5. Tsoho e re ruta eng ka Jehova?

Tsoho e tla khona ho etsahala hobane Molimo o rometse Mora oa hae hore a re fe bophelo. Ka hona, eo ke pontšo ea lerato la Jehova le mosa oa hae o sa tšoanelang.—Bala Johanne 3:16; Baroma 6:23.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 6 le ea 7 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 16]

Adama o ne a bōpiloe ka lerōle