Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Ngotsoe Neng?

Bibele e Ngotsoe Neng?

Bibele e Ngotsoe Neng?

Bibele ke buka e ikhethang. Batho ba fetang libilione tse tharo ba e nka e le buka e halalelang. E ’nile ea bitsoa buka e rekisoang ka ho fetisisa ho tse kileng tsa e-ba teng, kaha ho hakanngoa hore ho hatisoa tse 6 000 000 000 (e feletse kapa e sa fella), ka lipuo tse fetang 2 400.

LE HOJA Bibele e le buka e baloang ka ho fetisisa lefatšeng, batho ba na le likhopolo tse ngata mabapi le hore na e ngotsoe neng, haholo-holo Mangolo a Seheberu ao ka tloaelo a bitsoang Testamente ea Khale. E ka ’na eaba u balile ka tse ling tsa likhopolo tseo likoranteng kapa libukeng, kapa e ka ’na eaba u bone ha litsebi li bua ka tsona thelevisheneng. Lipolelo tse latelang ke tse ling tse bontšang hore na ho na le maikutlo a mangata hakaakang a sa lumellaneng.

“Boholo ba mangolo a Bibele a ngotsoe lekholong la borobeli ho ea ho la botšelela B.C.E., kapa ho tloha mehleng ea moprofeta Esaia ho ea ho ea moprofeta Jeremia.”

“Ka lilemo tse makholo a mabeli tse fetileng, litsebi tsa Bibele li ’nile tsa re Mangolo a Seheberu a ngotsoe le ho hlophisoa haholo-holo mehleng ea ha lefatše le busoa ke Persia le ha le busoa ke Greece (lekholong la bohlano la lilemo ho ea ho la bobeli B.C.E.).”

“Litemana tsohle tsa Mangolo a Seheberu kamoo li leng kateng kajeno li ngotsoe mehleng ea ha ho ne ho busa Bagerike (hoo e ka bang bofelong ba lekholo la bobeli ho ea ho la pele la lilemo [B.C.E.]).”

Mokreste ea lumelang hore “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo” o lokela ho nka likhopolo tsee tse sa lumellaneng joang? (2 Timothea 3:16) A re hlahlobeng mahlakore ka bobeli e le hore re fumane karabo.

Linako Tseo Bibele e Ngotsoeng ka Tsona

Mangolo a Seheberu a bua ka liketsahalo tse ngata ho ea ka tatellano ea tsona. Sena se bontša hore mangolo a pele-pele a ngotsoe mehleng ea Moshe le Joshua, hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng. * Samuele, Davida, Solomone le ba bang ba ile ba ngola mangolo a mang lekholong la bo11 la lilemo B.C.E. Ka mor’a moo, ho ile ha latela mangolo a mang a tlalehang histori, a lithothokiso le a boprofeta a ileng a ngoloa ho tloha lekholong la borobong ho ea lekholong la bohlano la lilemo B.C.E.

Likopi kapa likaroloana tse itseng tsa libuka tsena tsa Bibele, ntle le buka ea Esthere, ke karolo ea Meqolo ea Leoatle le Shoeleng. Litlhahlobo tse entsoeng ka carbon 14 (k’habone e ntšang mahlaseli a kotsi) hammoho le ho ithuta lingoliloeng tsa boholo-holo li tiisa hore meqolo ea khale-khale ho ena ke e ngotsoeng ho tloha hoo e ka bang lekholong la lilemo la 200 B.C.E. ho ea ho la 100 B.C.E.

Maikutlo a Bahlahlobisisi ba Bibele

Lebaka le ka sehloohong le etsang hore batho ba belaelle nako ea liketsahalo tse boleloang ka Bibeleng ke hore Bibele e bolela hore e ngotsoe ka tšusumetso ea Molimo. Ha Moprofesa Walter C. Kaiser, e monyenyane, a bua ka taba ena bukeng ea hae ea The Old Testament Documents, o re: “Batho ba na le lipelaelo [ka Bibele] hobane e bontša hore e ngotsoe ka tšusumetso ea Molimo, ebile e bua ka mehlolo le ka Molimo.” Litsebi tse lumellanang le seo li re Bibele e lokela ho hlahlojoa ka kelo-hloko joaloka buka leha e le efe e ’ngoe.

Ka nako e itseng, ho ne ho sebelisoa thuto ea Darwin ea ho iphetola ha lintho ho hlalosa hore malumeli a qalile e le ntho e le ’ngoe, eaba a ntse a rarahana, qalong ho ne ho rapeloa tlhaho, eaba ka mor’a moo ho rapeloa melimo e mengata, eaba qetellong ho hlaha taba ea hore ho rapeloe Molimo a le mong. Kaha mangolo a qalang a Bibele a bua ka ho rapela Molimo a le mong, ba bang ba bontša hore Bibele e tlameha e ngotsoe hamorao ho feta kamoo ho boleloang kateng.

Bibele e ’nile ea hlahlobisisoa ka litsela tse ngata ho tloha ka nako eo. Ka mohlala, buka ea lipatlisiso e sa tsoa hatisoa morao tjena ea Testamente ea Khale, e na le lihlooho tse nang le boitsebiso bo bongata bo hlahlobisisang lintho tse sa tšoaneng tse kang tsela eo Bibele e ngotsoeng ka eona, ho nepahala ha histori ea eona, tsela eo litlaleho tsa eona li amanang le lintho tseo batho ba li lumelang, histori ea ho hlahlobisisa Libuka Tse Hlano Tse Qalang Tsa Bibele, mohloli oa eona le ho hlahlobisisa tsela eo batho ba neng ba phela ka eona khale.

Le hoja litsebi li e-na le maikutlo a sa tšoaneng ha ho tluoa tabeng ea hore na libuka tsa Bibele li ngotsoe neng, tse ngata li lumellana le khopolo ea Moprofesa R. E. Friedman. Eena o itse: “Bangoli ba boholo-holo ba ile ba ngola lithothokiso, lipolelo tse tloaelehileng hammoho le melao ka lilemo tse makholo. Ka mor’a moo, bahlophisi ba ile ba sebelisa litokomane tseo e le mohloli oa bona. Bahlophisi bao ba ile ba sebelisa litokomane tseo hore ba ngole Bibele.”

Buka ea Faith, Tradition, and History e bua ka tse ling tsa lintho tsena hammoho le maikutlo a mang ao batho ba hlahlobisisang Bibele ba nang le ’ona. Leha ho le joalo, buka eo e akaretsa taba tjena: “Le hoja litsebi li momahane tabeng ea ho se tšepe Mangolo le tabeng ea ho tšepa likhopolo tsa tsona, empa li tšoaeana liphoso haholo.”

Ho Sireletsa Nako eo Bibele e Ngotsoeng ka Eona

Libuka tsa boholo-holo tsa Bibele li ne li ngotsoe linthong tse senyehang. Ka hona, ke ntho e sa utloahaleng ho lebella hore ho tla ke ho fumanoe mangolo a boholo-holo, kapa likopi tsa khale-khale ho tloha mehleng ea Moshe, Joshua, Samuele kapa Davida. Leha ho le joalo, re ka fumana bopaki ba histori bo sa tobang bo ka re thusang ho amohela hore linako tse hlahang ka Bibeleng lia utloahala, joalokaha litsebi tse ngata tse hlomphuoang hammoho le baepolli ba lintho tsa khale ba nka ho le joalo. Bopaki boo bo re bolella eng? Ak’u hlahlobe mehlala e seng mekae.

Na lingoliloeng li ne li se li le teng lilemong tse 3 500 tse fetileng Bochabela bo Hare, mehleng ea Moshe le Joshua, joalokaha Bibele e bontša? Lintho tse ngotsoeng tsa histori, tsa bolumeli, tsa molao le tse ling feela li ne li le teng mehleng ea Mesopotamia le Egepeta tsa boholo-holo. Ho thoe’ng ka lintho tse ngotsoeng ke Moshe le Baiseraele ba bang? Dictionary of the Old Testament: Pentateuch e re ho araba potso ena: “Ha ho na lebaka la ho belaella hore ho ne ho e-na le lingoliloeng Kanana ho elella Bofelong ba Mehla ea Bronse [hoo e ka bang ka 1550 ho ea ho 1200 B.C.E.].” E phaella ka ho re: “Ho latela mokhoa oa ho ngola oa mehleng ea boholo-holo, ha ho na lebaka la ho ba le pelaelo ea hore mangolo ao ho thoeng a ngotsoe ke Moshe ha aa ngoloa ke eena, ’me ho joalo le ka a ngotsoeng ke ba bang.”—Exoda 17:14; 24:4; 34:27, 28; Numere 33:2; Deuteronoma 31:24

Na bangoli ba Bibele ba ile ba qotsa libuka tse ling tsa boholo-holo ha ba ngola? Ho joalo. Ba bang ba ile ba bua ka ‘libuka,’ tseo e ka ’nang eaba e ne e le litokomane tsa ’muso, litlaleho tsa maloko, libuka tsa histori hammoho le litokomane tsa maloko le tsa malapa.—Numere 21:14; Joshua 10:13; 2 Samuele 1:18; 1 Marena 11:41; 2 Likronike 32:32.

Ke hobane’ng ha ho se na litokomane tse fumanoeng tsa Bibele tsa pele ho Meqolo ea Leoatle le Shoeleng? Makasine ea Biblical Archaeology Review ea hlalosa: “Litokomane tsa loli le tsa letlalo tse neng li le Palestina li ile tsa senyeha, ntle le tse neng li le libakeng tse ommeng haholo tse kang tse haufi le Leoatle le Shoeleng. Loli le letlalo lia bola ha li le mobung o mongolo. Ka hona, taba ea hore ha lia fumanoa ha e bolele hore ha lia ka tsa e-ba teng.” Ha e le hantle, ho fumanoe litiiso tse makholo tsa letsopa tse neng li sebelisoa ho tiisa litokomane. Litokomane tsa loli le tsa letlalo li sentsoe ke mollo kapa ke mobu o mongobo, empa litiiso tsa letsopa tsona ha lia ka tsa senyeha. Litiiso tsena ke tsa hoo e ka bang lekholong la borobong ho ea ho labohlano la lilemo B.C.E.

Libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho li ile tsa sireletsoa joang? Buka ea The Bible as It Was e re: “Lipale, lipesaleme, melao le boprofeta tseo kajeno e leng karolo ea Bibele e tlameha ebe li ile tsa kopitsoa hangata-ngata, esita le mehleng ea ha ho ne ho ngoloa Bibele. . . . Haeba litemana tsena li ile tsa kopitsoa hangata le mehleng eo ea ha ho ne ho ngoloa Bibele, seo ke bopaki ba hore li ne li sebelisoa; e ne e le tsa bohlokoa bophelong ba batho ba letsatsi le letsatsi. . . . Ha ho motho ea neng a ka ituba ka ho kopitsa litemana tseo a se na lebaka.”—Deuteronoma 17:18; Liproverbia 25:1.

Sena se bolela hore libuka tsa boholo-holo tsa Bibele li ile tsa ’na tsa kopitsoa lilemo tse ka bang 1 500 ho fihlela lekholong la pele la lilemo C.E. Buka ea On the Reliability of the Old Testament e re mokhoa ona oa ho kopitsa ka tsela e nepahetseng o ne o akarelletsa “ho lokisa mokhoa oa ho ngola oa khale le mantsoe a khale hore e be a khemang le linako, e leng mokhoa o neng o atile Bochabela bo Hare mehleng ea boholo-holo.” * Sena se etsa hore re ipotse hore na ke ntho e utloahalang ho belaella Bibele re itšetlehile ka mokhoa oo e ngotsoeng ka oona.

Bibele e Ngotsoe Neng?

Na hoa utloahala ho tsitlella hore kaha ha ho na libuka tse ngotsoeng ka letsoho tsa mehleng ea Moshe, Joshua, Samuele le ba bang, seo ke bopaki ba hore libuka tsa Bibele ha lia ngoloa khale-khale joalokaha ho boleloa? Litsebi tse ngata lia lumela hore taba ea hore libuka tseo ha li eo hase bopaki ba hore ha lia ka tsa e-ba teng. Ha re se re nahanisisa taba hantle, ke boitsebiso bo bokae bo ngotsoeng bo ka beng bo sirelelitsoe? Ka mohlala, K. A. Kitchen, ea ithutetseng lintho tsa boholo-holo tsa Egepeta, o hakanya hore, hoo e ka bang lintho tsohle tsa Egepeta tse ngotsoeng loling pele ho mehla ea Bagerike le Baroma li senyehile.

Ba hlomphang Bibele ba ka ’na ba ipotsa, ‘Jesu o ne a nka Mangolo a Seheberu joang?’ Mehleng eo ho ne ho sa belaella hore na a ngotsoe neng. Joaloka Bajuda ka kakaretso mehleng eo, ha ho pelaelo hore Jesu o ne a amohela tlaleho e buang ka tatellano ea liketsahalo ka Mangolong. Na o ne a lumela taba ea hore libuka tsa pele tsa Bibele li ngotsoe ke batho ba itseng?

Jesu o ile a bua ka mangolo a Moshe. Ka mohlala, o ile a bua ka ‘buka ea Moshe.’ (Mareka 12:26; Johanne 5:46) O ile a bua ka litlaleho tse hlahang ho Genese (Matheu 19:4, 5; 24:37-39); Exoda (Luka 20:37); Levitike (Matheu 8:4); Numere (Matheu 12:5); le Deuteronoma (Matheu 18:16). O ile a re: “Lintho tsohle tse ngotsoeng molaong oa Moshe le Baprofeteng le Lipesalemeng mabapi le ’na li tla phethahala.” (Luka 24:44) Haeba o ne a amohela hore Moshe le ba bang ke bona ba ngotseng libuka tsa Bibele, ha ho pelaelo hore o ne a amohela hore tlaleho e buang ka tatellano ea liketsahalo ka Mangolong a Seheberu ke ’nete.

Joale Bibele e ngotsoe neng? Na linako tseo Bibele e ngotsoeng ka tsona ka ho latellana li ka tšeptjoa? Re tšohlile maikutlo a mangata a litsebi tse hlahlobisisang Bibele hammoho le boitsebiso ba Bibele ka boeona, ra tšohla bopaki ba histori bo sa tobang hammoho le maikutlo a Jesu. Ho latela lintlha tsena, na karabo ea hao e tla bontša hore u lumellana le mantsoe a Jesu ha a ne a rapela Ntate oa hae, Jehova Molimo, a re: “Lentsoe la hao ke ’nete”?—Johanne 17:17.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka tatellano ea mangolo a Bibele, sheba buka ea Insight on the Scriptures, Buka ea 1, Maqephe 447-467, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

^ ser. 23 Sheba sehlooho se reng “Bakopitsi ba Boholo-holo le Lentsoe la Molimo” Molula-Qhooeng oa March 15, 2007, maqephe 18-20.

[Chate/Litšoantšo tse maqepheng a 20-23]

(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)

(Tatellano ea liketsahalo e hakanyetsa lilemo tseo libuka tsa Bibele li phethiloeng ka tsona)

2000 B.C.E.

1800

[Setšoantšo]

Bangoli ba Egepeta ba ne ba e-na le lingoliloeng le pele ho mehla ea Moshe

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© DeA Picture Library/​Art Resource, NY

1600

[Setšoantšo]

Moshe o qetile ho ngola Genese ka 1513 B.C.E., a ngolla linthong tse senyehang

Genese 1513 B.C.E.

Joshua

1400

1200

Samuele

1000 B.C.E.

[Setšoantšo]

Litiiso tse makholo tsa letsopa ha lia senyeha

Ke tsa ho tloha ka 900 ho ea ho 500 B.C.E.

Jonase

800

Esaia

600

Jeremia

Daniele

[Setšoantšo]

Tokomane e mennoeng ea loli, e tlanngoeng ka khoele eaba e koaloa ka tiiso ea letsopa

Ke ea ho tloha ka 449 B.C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Brooklyn Museum, Bequest of Theodora Wilbour from the collection of her father, Charles Edwin Wilbour

400

200

[Setšoantšo]

Meqolo ea Leoatleng le Shoeleng e ne e phuthetsoe ka line ’me e bolokiloe ka har’a linkho. Ke mangolo a Bibele a khale ka ho fetisisa a fumanoeng

Ke ea ho tloha ka 200 ho ea ho 100 B.C.E.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Shrine of the Book, Photo © The Israel Museum, Jerusalem