Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Toro ea ka e ne e le ho Phela ke le Mabiling

Toro ea ka e ne e le ho Phela ke le Mabiling

Toro ea ka e ne e le ho Phela ke le Mabiling

Kamoo ho boletseng Zoya Dimitrova

Ha ke le lilemo li 15, ke ne ke thabetse hore ebe toro ea ka ea phethahala—ke ne ke sebetsa liserekising ’me re ne re lula re le tseleng. Joale ka la 4 September, 1970, ke ile ka oeloa ke koluoa. Ke ne ke etsa menyakoe moeeng ha ka tšohanyetso ke iphumana ke ratlane fatše.

KE HLAHILE ka la 16 December, 1952, ’me ke ne ke lula le batsoali ba ka le ausi oa ka motseng oa Sofia, Bulgaria. Nakong eo, Bulgaria e ne e le naha ea Bokomonisi e neng e sa ratisise bolumeli le hoja e ne e sa bo loantše. Boholo ba batho bo ne bo sa lumele hore Molimo o teng ’me le ba lumelang hore o teng ba ne ba khetha ho etsa seo sephiri. Le hoja lelapa leso le ne le ipitsa Maorthodox, ha kea hōlisoa ke rutoa bolumeli ’me ke ne ke sa nahane letho ka Molimo.

Ha ke sa ntse ke le monyenyane, ho ile ha hlaka hore ke rata lipapali tsa mefuta eohle, haholo-holo boithapollo ba ’mele ba gymnastic. Ha ke le lilemo li 13, ho ile ha tla ntate e mong sekolong sa rōna ea neng a batla ngoanana ea ka koetlisetsoang liserekisi. Tichere ea ka ea boithapollo ba ’mele e ile ea khetha ’na. Ha ke il’o hlahlojoa ke sehlopha sa bakoetlisi, ke ne ke thabile haholo hobane ke ne ke palame koloi ea mookameli, ea moetso oa Maamerika. Thabo ea ka e ile ea khaphatseha ha ho ne ho thoe kea tšoaneleha. Eaba ke ho qaleha ha melao e thata mabapi le mokhoa oa ho ja le ho ikoetlisa ka thata ka lilemo tse fetang tse peli kaofela. Joale ha ke le lilemo li 15, ke ile ka qeta koetliso ea ka eaba ke qala ho phela ke le mabiling—e leng bophelo ba liserekisi ba ho lula re le tseleng re etela libaka tse fapa-fapaneng. Qalong re ile ra haola Bulgaria eohle eaba ka mor’a moo re ea linaheng tsa Soviet Union ea mehleng, esita le eona Algeria, Hungary le Yogoslavia ea mehleng.

Ka lilemo tse tharo kaofela, ke ne ke thabetse hore ebe toro ea ka ea phethahala. Joale ka le leng ha ke ne ke thabisa batho Titov Veles, Macedonia, ke ile ka hlaheloa ke kotsi eo ke e boletseng qalong. Ke ne ke etsa menyakoe holimo moeeng. Motho eo ke neng ke etsa menyakoe ena le eena, ea neng a leketlile ’me hlooho e shebile fatše, o ne a nkakhela moeeng ebe kea bilika ’me ha ke khutla a nkape. Ke ile ka fosa matsoho a hae eaba le ropo eo ke itlammeng ka eona hore e ntšireletse ea khaoha, ka ntan’o tsubella limithara tse tšeletseng kaofela ho ea ratlana fatše. Ke ile ka potlakisetsoa sepetlele moo ho ileng ha fumanoa hore ke robehile letsoho, likhopo tse ’maloa hammoho le lesapo la mokokotlo. Boemo ba ka bo ne bo le bobe hoo ka matsatsi a ’maloa ke neng ke sa tsebe le hore na ho etsahetse’ng. Ha ke hlaphoheloa hantle, ke ile ka lemoha hore ke ne ke shoele litho ho tloha thekeng ho ea tlaase. Leha ho le joalo, kaha ke ne ke sa le mocha, ke ile ka lula ke na le tšepo ea hore phekolo eo ke tla e fuoa kapa ho buuoa ho tla etsa hore ke khone ho tsamaea hape ’me mohlomong ke be ke khutlele mosebetsing oa liserekisi.

Lilemong tse peli le halofo tse latelang, ke ile ka fuoa phekolo litsing tse ’maloa tsa kokelo e khethehileng ’me ke ne ke ntse ke e-na le tšepo ea hore ke tla loka. Qetellong ke ile ka tlameha ho amohela hore ho felile ka litoro tsa ka. Joale ke ne ke se ke lokela ho tloaela “ho phela ke le mabiling” a fapaneng le a litoro tsa ka—e leng mabili a setulo sa likooa.

Ho Qala Bophelo bo Bocha

Ka mor’a ho phela bophelo bo phathahaneng joalo, ke ne ke nahana hore nke ke ka tloaela bophelo bona bo bocha. Kaha ke ne ke feletsoe ke tšepo eohle, ke ile ka tetebela maikutlong. Joale ka 1977, mohlankana e mong ea bitsoang Stoyan o ile a kokota moo ke lulang. Ha ke utloa hore ke abuti oa ngoanana eo ke neng ke sebetsa le eena, ke ile ka re a kene ka tlung hang-hang. Ha re ntse re qoqa, o ile a mpotsa hore na ke na le tšepo ea hore ke tla boela ke tsamaee na. Kaha ke ne ke nyahame ke bile ke soetsehile bophelong, ke ile ka re ha ke sa na tšepo. Ha a re ke Molimo feela ea ka nthusang, ke ile ka arabela ka bohale ka re, “Ke tena ke e-ba boemong boo joang haeba Molimo a fela a le teng?”

Sena se ile sa etsa hore Stoyan, eo e neng e sa tsoa ba Paki ea Jehova ha a sebetsa liserekising United States, a ntlhalosetse ka mosa hore na Bibele e tšepisa lintho tse babatsehang hakaakang bakeng sa bokamoso. Ke ile ka hlolloa ha ke utloa hore haufinyane lefatše e tla ba paradeise. Tšepiso ea hore “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng,” e ile ea nkama pelo. (Tšenolo 21:4) Ke ne ke laba-labela ho boela ke phela hantle ’meleng! Hang-hang ke ile ka lumela hore ke rutoe Bibele kamehla. Eo e bile qalo ea bophelo ba ka bo bocha. Qetellong, ke ne ke fumane motheo oa hore ke be le tšepo ea sebele!

Beke e ’ngoe le e ’ngoe ke ne ke chesehela hore nako ea ho ithuta Bibele e fihle. Qalong ke ile ka rutoa ke Stoyan, eaba hamorao ke rutoa ke Paki e ’ngoe e mosa haholo, e bitsoang Totka. O ile a nthusa hore tsebo ea ka ea ’nete ea Bibele e hōle ka potlako, eaba ke nehela bophelo ba ka ho Jehova Molimo. Ka nako eo, Sofia ho ne ho se na motho ea tšoanelehang hore a ka kolobetsa, ka hona ke ile ka lokela ho emela mohla ho tlileng mor’abo rōna ea tsoang Macedonia. Ka la 11 September, 1978, hoo e ka bang selemo ka mor’a hore ke qale ho ithuta Bibele, ke ile ka kolobetsoa ka bateng foleteng ea ka. Ke ile ka thaba haholo ha ke kolobetsoa hore ke be Paki ea Jehova ’me ke ne ke se ke tseba hore na ke phelela’ng.

’Nete eo ke ithutileng eona ea Bibele e ne e nchesa joaloka mollo. Ke ne ke cheseha ’me ke bolella motho e mong le e mong ea nketelang ka tšepo e ncha eo ke nang le eona. Ka bomalimabe, ho ne ho se ea bonahalang a nkela seo ke se buang hloohong, mohlomong ba ne ba nahana hore ke fapane hlooho ka lebaka la kotsi e ntlhahetseng.

Phoso e Tebileng

Nakong eo, Lipaki Tsa Jehova li ne li thibetsoe Bulgaria ’me ho ne ho e-na le Lipaki tse ’maloa feela naheng eohle. Ho ne ho se na liboka tsa phutheho tseo nka eang ho tsona, ’me ho ne ho se batho ba bakaalo bao nka thabelang botsoalle le bona ba lumelang seo ke se lumelang. Sena, hammoho le ho se lemohe kotsi ea ho tloaelana haholo le batho ba sa pheleng ka melao ea Bibele, se ile sa etsa hore ke etse phoso e tebileng haholo.

Letsoalo le ile la lula le nkhoebetha ’me ka utloa bohloko bo tebileng ba ho se hlole ke e-ba le kamano le Jehova Molimo. Ke ile ka tetebela habohloko maikutlong ka ba ka hlajoa ke lihlong ’me ka tšollela pelo ea ka ho Jehova ha ke rapela, ka kōpa hore a ntšoarele. Hamorao ka thuso ea baholo ba lerato ba Bakreste, ke ile ka thusoa hore ke hlaphoheloe moeeng, eaba ke boela ke thabela ho sebeletsa Jehova. Ke ananela haholo tokelo ea ho sebeletsa Jehova ka letsoalo le hloekileng hammoho le ho kopanela le mokhatlo oa hae o hloekileng.

Ke Thabile le Hoja ke sa Khone ho Finyella Tsohle

Toro ea ka ea ho phela ke thabisa batho le ho tsamaea libaka e ile ea fela ha ke hlaheloa ke kotsi lilemong tse 40 tse fetileng, eaba ke sala ke le setulong sa likooa. Empa ha ke lule ke hopola nako eo e fetileng ka pelo e bohloko kapa hona ho ikoahlaea joalokaha eka ke hlōlehile bophelong. ’Nete ea Bibele e nthusitse hore ke hlokomele hore thabo eo ke neng ke e lora le ho khotsofatsoa ke bophelo ba liserekising e ne e le lintho tse amanang le molemo oa nakoana. Ke bone batho bao ke neng ke sebetsa le bona ba ileng ba tsoela pele ka mosebetsi oa liserekisi qetellong ba soetseha habohloko bophelong. Ka lehlakoreng le leng, ke fumane letlotlo la bohlokoa haholo—e leng kamano e haufi le ’Mōpi oa ka, Jehova Molimo. Sena se ntliselitse thabo e khōlō ho feta hōle eo ke neng ke tla e fumana liserekising.

Ho feta moo, ke thabisitsoe haholo ke ho bona ba bang ba bangata ba fumana tsebo ea ’nete ea Bibele ’me ba nehela bophelo ba bona ho Molimo oa rōna ea lerato, Jehova. Ha ke ne ke qala ho ithuta Bibele ka 1977, ho ne ho e-na le Lipaki Tsa Jehova tse ’maloa feela Bulgaria. Esita le lilemong tsa moraonyana tjena ka bo-1991 ha Lipaki Tsa Jehova li ne li qala ho ngolisoa ka molao ka mor’a hore puso ea Makomonisi e putlame, ho ne ho ntse ho e-na le Lipaki tse sa feteng lekholo naheng ka bophara. Ke thabo e kaakang eo ke bileng le eona ea ho bona ha palo ea bahoeletsi ba ’Muso e eketseha ho fihlela hona joale ha ba se ba ka ba 1 800!

Ho ntse ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa Bulgaria. Ba bangata ba batla ho tseba Lentsoe la Molimo. Sena se bonahala ka palo e ikhethang ea batho ba 3 914 ba ileng ba e-ba teng Sehopotsong sa lefu la Kreste ka 2010. Ke thaba haholo ha ke bona bopaki bona ba hore Jehova o hlohonolofalitse qaleho e nyenyane mona Bulgaria. Ke iponetse ka bonna ha “e monyenyane” a hōla ’me e e-ba “sechaba se matla,” joalokaha ho boletsoe esale pele ho Esaia 60:22.

Ntho e ’ngoe e nthabisitseng le eo e bileng ketsahalo ea bohlokoa haholo bophelong ba ka e bile ha ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sebulgaria. Sena se etsahetse ka August 2009 Kopanong ea Setereke ea “Le Lule le Lebetse!” e neng e tšoaretsoe Sofia. E ile eaka kea lora ha ho lokolloa Bibele ena ka puo ea heso! Ha ho pelaelo hore e tla thusa ba bangata hore ba tsebe ’nete ea Bibele mona Bulgaria.

Le hoja ho holofala ha ka ho etsa hore ke be le meeli ha ke bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, ke thaba haholo ha ke bolella baahelani ba ka ka ’nete ea Bibele hammoho le motho leha e le ofe ea nketelang. Ka lekhetlo le leng ha moahelani oa ka e mong a feta ka tsela, ke ile ka mo bitsa ke le foranteng. O ile a tla ’me ka mor’a hore ke mo bolelle litaba tse ’maloa tse khothatsang tse tsoang ka Bibeleng, o ile a lumela hang-hang ha ke kōpa ho ithuta Bibele le eena. Ke ile ka thaba haholo hamorao ha a kolobetsoa ’me e e-ba morali’eso oa moea. Ke bile le tokelo ea ho thusa batho ba bane hore ba nehele bophelo ba bona ho Jehova.

Mohlomong ntho e nthabisang ka ho fetisisa le e nkhothatsang ke ho ea libokeng tsa Bokreste kamehla ho ea ba le bara le barali beso ba fetang lekholo, bao ke seng ke ba nka e le lelapa leso. Kaha naheng ena ea rōna ha ho na mokhoa o khethehileng oa lipalangoang bakeng sa ba hōlileng le ba kulang, ha ho bonolo ho ea libokeng tsa phutheho. Leha ho le joalo, ke ananela haholo kamoo mora e mong oabo rōna ea sa leng mocha lilemong a ntlhokometseng ka lerato kateng. Letsatsi le leng le le leng la liboka, o ntata moo ke lulang ka koloi ea hae ho nkisa Holong ea ’Muso, a be a nkhutlise. Ke leboha Jehova hakaakang ka monyetla oo oa ho ba karolo ea lelapa le lerato hakaale la moea!

Ha ke hetla morao, kea bona hore lintho ha lia tsamaea ka tsela eo ke neng ke lakalitse ka eona ha ke sa le mocha. Ho sebeletsa Jehova ho ntliselitse thabo e khōlō ho feta eohle eo ke neng nka ba le eona mehleng ena, ho bile ho mphile tšepo e babatsehang bakeng sa bokamoso. Ke rata tšepiso ena ea Molimo haholo ea hore paradeiseng lefatšeng mona, “ea holofetseng o tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.” (Esaia 35:6) Ke kholisehile hore ka le leng ke tla tlōla setulong sa ka sa likooa, ke se ke phela hantle ’meleng ke bile ke le mafolofolo.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 30]

“Ntho e nthabisang ka ho fetisisa le e nkhothatsang ke ho ea libokeng tsa Bokreste kamehla”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 31]

“Ntho e ’ngoe e nthabisitseng le eo e bileng ketsahalo ea bohlokoa haholo bophelong ba ka e bile ha ho lokolloa Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang ka Sebulgaria”

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Ke qalile ho ba karolo ea liserekisi ha ke le lilemo li 15