Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bacha ba Lokela ho Kolobetsoa?

Na Bacha ba Lokela ho Kolobetsoa?

Na Bacha ba Lokela ho Kolobetsoa?

CARLOS, * e leng ntate e mong oa Mokreste oa Philippines, o re: “Ke thabile haholo hore ebe morali oa ka o se a sebeletsa Jehova, ’me kea tseba hore le eena o thabile.” Ntate e mong oa Greece eena o ngotse a re: “’Na le mosali oa ka re thabela hore ebe bana ba rōna ba bararo ba ile ba kolobetsoa ’me ea e-ba Lipaki Tsa Jehova e sa le bacha. Ba tsoela pele hantle moeeng ’me ba thabela ho sebeletsa Jehova.”

Batsoali ba Bakreste ba lokela ho thaba haholo ha bana ba bona ba kolobetsoa, empa ka linako tse ling thabo eo e tsamaea le ho tšoenyeha. ’Mè e mong o re: “Ke ne ke thabile empa ke boetse ke tšoenyehile.” Ke hobane’ng ha a ne a e-na le maikutlo a loantšanang joalo? O re: “Ke ne ke hlokomela hore joale mora oa ka o ikarabella ho Jehova ka botlalo.”

Bacha bohle ba lokela ho ipehela pakane ea ho sebeletsa Jehova e le Lipaki tsa hae tse kolobelitsoeng. Leha ho le joalo, batsoali ba tšabang Molimo ba ka ’na ba ipotsa, ‘Kea tseba hore ngoana oa ka o tsoela pele hantle moeeng, empa na o matla hoo a tla khona ho hlōla khatello ea hore a etse boitšoaro bo bobe ’me a lule a hloekile mahlong a Jehova?’ Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Ha ngoana oa ka a tobane le teko ea ho lelekisa lintho tse bonahalang, na o tla tsoela pele a sebeletsa Molimo a thabile a bile a cheseha?’ Kahoo, ke tataiso efe ea Bibele e ka thusang batsoali hore ba bone hore na bana ba bona ba se ba loketse ho kolobetsoa kapa che?

Ho ba Morutuoa—Ke Ntho e ka Sehloohong e Hlokahalang

Ho e-na le hore Lentsoe la Molimo le bolele hore na motho o lokela ho kolobetsoa ha a le lilemo li kae, le hlalosa hore na ke batho bafe ba tšoanelehang hore ba kolobetsoe. Jesu o ile a laela barutuoa ba hae a re: “Le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetse.” (Mat. 28:19) Kahoo, ho kolobetsoa batho bao e seng e ntse e le barutuoa ba Kreste.

Morutuoa ke eng? Insight on the Scriptures e re: “Lentsoe lena le sebelisoa haholo-holo ho batho ba lumelang lithuto tsa Kreste ba bile ba li phetha ka hloko.” Na batho ba bacha lilemong e ka hla ea e-ba barutuoa ba Kreste ba ’nete? Ha morali e mong oabo rōna ea sebelelitseng e le moromuoa Latin America ka lilemo tse fetang 40 a ngola ka eena le ausi oa hae le moena oa hae, o re: “Re ne re hōlile ka ho lekaneng hore re tsebe hore re batla ho sebeletsa Jehova le ho phela Paradeiseng. Boinehelo ba rōna bo ile ba re thusa hore re be matla ha re ne re thulana le liteko tsa bocha. Ha re ikoahlaele hore ebe re ile ra inehela ho Molimo re sa le banyenyane.”

U ka tseba joang haeba ngoana oa hao e se e le morutuoa oa Kreste? Bibele e re: “Esita le ka liketso tsa hae moshanyana o iketsa hore a hlokomeloe mabapi le hore na mosebetsi oa hae o hloekile ’me o lokile.” (Liprov. 20:11) Ela hloko lintho tse bontšang hore mocha o etsa hore ‘tsoelo-pele ea hae [e le morutuoa] e bonahale.’—1 Tim. 4:15.

Bopaki ba Hore ke Morutuoa

Na ngoana oa hao oa u mamela? (Bakol. 3:20) Na o etsa mesebetsi eo a e filoeng lapeng? Ha Bibele e bua ka Jesu ha a ne a le lilemo li 12, e re: “A tsoela pele ho ipeha tlas’a [batsoali ba hae].” (Luka 2:51) Ke ’nete hore kajeno ha ho na ngoana ea ka mamelang batsoali ba hae ka tsela e phethahetseng. Empa Bakreste ba ’nete ba lokela ho ‘latela mehato ea [Jesu] haufi-ufi.’ Kahoo, bacha ba batlang ho kolobetsoa ba lokela ho tsebahala e le bana ba mamelang batsoali ba bona.—1 Pet. 2:21.

Nahana ka lipotso tse latelang: Na ngoana oa hao o tsoela pele a ‘batla ’Muso pele’ tšebeletsong? (Mat. 6:33) Na o ikemiselitse ho bolella ba bang litaba tse molemo kapa ua mo khanna hore a ee tšebeletsong ea tšimo le hore a bue le batho? Na o ela hloko boikarabelo ba hae joaloka mohoeletsi ea sa kolobetsoang? Na o na le tjantjello ea ho khutlela ho batho ba thahasellang molaetsa bao a buileng le bona tšimong? Na o bolella bana bao a kenang sekolo le bona hammoho le matichere hore ke Paki ea Jehova?

Na o nka ho ea libokeng tsa phutheho e le ntho ea bohlokoa? (Pes. 122:1) Na o thabela ho fana ka likarabo Thutong ea Molula-Qhooa le Thutong ea Bibele ea Phutheho? Na o chesehela ho ba le seabo sebokeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo?—Baheb. 10:24, 25.

Na ngoana oa hao o loanela hore a lule a hloekile boitšoarong ka ho qoba ho tloaelana le batho ba babe sekolong le libakeng tse ling? (Liprov. 13:20) O rata ’mino o joang, lifilimi tsa mofuta ofe, mananeo a joang a thelevishene, lipapali tsa video tse joang, ’me ke lintho life tseo a ratang ho li sheba Inthaneteng? Na liketso tsa hae le lipolelo li bontša hore o batla ho mamela melao ea Bibele?

Na ngoana oa hao o tseba Bibele hantle? Na a ka bolela ka mantsoe a hae seo le ithutileng sona nakong ea Borapeli ba Lelapa ba mantsiboea? Na a ka hlalosa linnete tsa motheo tsa Bibele? (Liprov. 2:6-9) Na o thabela ho bala Bibele le ho ithuta lingoliloeng tsa lekhoba le tšepahalang le le masene? (Mat. 24:45) Na o botsa lipotso mabapi le lithuto tsa Bibele le litemana tsa eona?

Lipotso tseo li ka u thusa hore u bone hore na ngoana oa hao o tsoetse pele hakae moeeng. Ka mor’a hore u nahane ka tsona, u ka ’na ua fihlela qeto ea hore o lokela ho ntlafatsa karolong e itseng pele a ka kolobetsoa. Leha ho le joalo, haeba bophelo ba hae bo bontša hore ke morutuoa ’me ka sebele a inehetse ho Molimo, u ka ’na oa mo lumella hore a kolobetsoe.

Bacha ba ka Rorisa Jehova

Bahlanka ba bangata ba Molimo ba ile ba tšepahala lilemong tsa bona tsa bocha kapa ha ba sa le banyenyane. Nahana ka Josefa, Samuele, Josiase le Jesu. (Gen. 37:2; 39:1-3; 1 Sam. 1:24-28; 2:18-20; 2 Likron. 34:1-3; Luka 2:42-49) E tlameha ebe barali ba Filipi ba bane ba neng ba profeta, ba ile ba koetlisoa hantle ba sa le banyenyane.—Lik. 21:8, 9.

Paki e ’ngoe ea Greece e ile ea re: “Ke ile ka kolobetsoa ha ke ne ke le lilemo li 12. Ha ho mohla nkileng ka ikoahlaela qeto eo ea ka. Ho tloha ka nako eo, ho se ho fetile lilemo tse 24 ’me tse 23 tsa tsona ke li qetile ke le tšebeletsong ea nako e tletseng. Kamehla lerato leo ke ratang Jehova ka lona le ’nile la nthusa hore ke hlōle mathata a bocha. Ha ke ne ke le lilemo li 12, ke ne ke se na tsebo ea Mangolo eo ke nang le eona hona joale. Empa ke ne ke tseba hore ke rata Jehova ebile ke ne ke batla ho mo sebeletsa ka ho sa feleng. Kea thaba hore ebe o nthusitse hore ke tsoele pele ke mo sebeletsa.”

Motho ea bontšang hore e fela e le morutuoa, o lokela ho kolobetsoa ho sa tsotellehe hore na o moholo kapa o monyenyane. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ka pelo motho o bontša tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o bolela phatlalatsa hore a bolokehe.” (Bar. 10:10) Ha morutuoa e monyenyane oa Kreste a nka bohato ba bohlokoa ba hore a kolobetsoe, eena hammoho le batsoali ba hae ba fihletse ntho ea bohlokoa. U se ke ua lumella letho hore le u thibele kapa le thibele bana ba hao ho fumana thabo e tlisoang ke seo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Mabitso a mang a fetotsoe.

[Lebokose le leqepheng la 5]

Ho ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Kolobetso

Batsoali ba bang ba nka hore kolobetso ke bohato ba bohlokoa empa bo nang le mathata ao bo tsamaeang le ’ona feela joaloka ho fumana lengolo la ho khanna. Empa na ho kolobetsoa le ho etsa tšebeletso e halalelang li ka beha bokamoso ba motho ka mosing? Karabo ea Bibele ke che. Liproverbia 10:22 e re: “Tlhohonolofatso ea Jehova—ea ruisa, ’me ha a e phaelle ka bohloko.” Pauluse o ile a ngolla Timothea e mocha a re: “Ka sebele, ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala.”—1 Tim. 6:6.

Ke ’nete hore ho sebeletsa Jehova ha ho bonolo. Jeremia o ile a thulana le mathata a mangata ha a ntse a etsa mosebetsi oa hae e le moprofeta oa Molimo. Leha ho le joalo o ile a ngola tjena mabapi le borapeli ba hae ho Molimo oa ’nete: “Lentsoe la hao ho ’na e ba thabo e khaphatsehang le ho nyakalla ha pelo ea ka; etsoe ke ’nile ka bitsoa ka lebitso la hao, Jehova Molimo oa mabotho.” (Jer. 15:16) Jeremia o ne a tseba hore ho sebeletsa Molimo e ne e le hona ho mo thabisang. Lefatše la Satane ke lona le tlisetsang batho mathata. Batsoali ba lokela ho thusa bana ba bona hore ba bone phapang eo.—Jer. 1:19.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]

Na Ngoana oa ka o Lokela ho Ema ho se Hokae Pele a Kolobetsoa?

Ka linako tse ling leha bana ba tšoaneleha hore ba ka kolobetsoa, batsoali ba bona ba ka ’na ba etsa qeto ea hore ba ke ba eme ho se hokae. E ka ’na eaba mabaka a bona ke afe?

Ke tšoha hore haeba ngoana oa ka a ka kolobetsoa, hamorao a ka ’na a etsa sebe se tebileng ebe oa khaoloa. Na hoa utloahala ho nahana hore mocha ea liehang ho kolobetsoa a ke ke a ikarabella ho Molimo ka lebaka la boitšoaro ba hae? Solomone o ile a lebisa mantsoe ana ho bacha: “Tseba hore Molimo oa ’nete o tla u tlisa kahlolong ka lebaka la [liketso tsa hao].” (Moek. 11:9) Pauluse o ne a sa bue le batho ba lilemo tse itseng ha a ne a fana ka keletso ena: “E mong le e mong oa rōna o tla ikarabella ho Molimo.”—Bar. 14:12.

Barapeli ba Molimo ba kolobelitsoeng le ba sa kolobetsoang baa ikarabella ho eena. U se ke ua lebala, Jehova o sireletsa bahlanka ba hae ka hore a se ‘ke a ba tlohela hore ba lekoe ho feta seo ba ka se jarang.’ (1 Bakor. 10:13) Ha feela ba ‘lula ba hlaphohetsoe likelellong’ ’me ba loanela ho hlōla liteko, ba ka kholiseha hore Molimo o tla ba tšehetsa. (1 Pet. 5:6-9) ’Mè e mong oa Mokreste o ile a ngola a re: “Bana ba kolobelitsoeng ba na le mabaka a mangata a hore ba qobe lintho tse mpe tsa lefatše. Mora oa ka ea kolobelitsoeng a le lilemo li 15, o re kolobetso ea mo sireletsa. O re, ‘Ha u nahane ka ho etsa ntho e khahlanong le molao oa Jehova.’ Kolobetso e susumetsa motho ka matla hore a etse se lokileng.”

Haeba u koetlisitse bana ba hao ka lipolelo le ka ho ba behela mohlala hore ba mamele Jehova, u ka kholiseha hore ba tla tsoela pele ba mo mamela leha ba se ba kolobelitsoe. Liproverbia 20:7 e re: “Ea lokileng o tsamaea botšepehing ba hae. Ho thaba bara ba hae ka mor’a hae.”

Ke batla ho bona ngoana oa ka a fihlela lipakane tse itseng pele. Bacha ba lokela ho ithuta ho sebetsa e le hore ha nako e ntse e e-ea ba ka itjara. Empa ho kotsi ho ba khothalletsa hore ba shebane le thuto le ho ikemela licheleteng, ho e-na le hore ba tsepamise likelello borapeling ba ’nete. Mabapi le “peō” kapa lentsoe la ’Muso le sa hōleng, Jesu o ile a re: “Ha e le e jetsoeng har’a meutloa, enoa ke ea utloang lentsoe, empa matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo a bipetsa lentsoe, ’me o fetoha ea sa beheng.” (Mat. 13:22) Haeba motsoali a khothalletsa ngoana oa hae hore a ipehele lipakane tsa lefatše ebe o nka kamano ea hae le Jehova e se ea bohlokoa hakaalo, seo se ka etsa hore ngoana a se ke a chesehela ho sebeletsa Molimo.

Ha moholo e mong ea nang le boiphihlelo a bua ka bacha ba tšoanelehang hore ba ka kolobetsoa empa batsoali ba bona ba sa lumellane le seo, o re: “Ho thibela mocha ho kolobetsoa ho ka thefula tsoelo-pele ea hae moeeng ’me seo se ka mo nyahamisa.” Molebeli ea tsamaeang o ile a ngola a re: “Mocha a ka qala ho ikutloa a sa tsitsa moeeng kapa a ikhalala. A ka ’na a batla khotsofalo lefatšeng.”

[Setšoantšo]

Na univesithi e lokela ho tla pele bophelong?

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Mocha a ka bontša hore ke morutuoa

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Ho lokisetsa liboka le ho ba le seabo ho tsona

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ho mamela batsoali

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ho etsa mosebetsi oa boboleli

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Ho rapela