Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ho na le Litaba Tse Molemo Tseo Bohle ba li Hlokang

Ho na le Litaba Tse Molemo Tseo Bohle ba li Hlokang

Ho na le Litaba Tse Molemo Tseo Bohle ba li Hlokang

“Litaba tse molemo . . . ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko.”—BAR. 1:16.

1, 2. Ke hobane’ng ha u bolela “litaba tse molemo tsa ’muso,” hona ke lintho life tseo u buang haholo ka tsona?

‘KE THABELA ho bolella batho ba bang litaba tse molemo letsatsi le leng le le leng.’ Ho ka etsahala hore ebe ke tsela eo u kileng ua ikutloa ka eona kapa u kile ua bua mantsoe ao. Kaha u Paki ea Jehova e inehetseng, ua tseba hore na ke habohlokoa hakae hore u bolele “litaba tsena tse molemo tsa ’muso.” E ka ’na eaba u tseba ho pheta ka hlooho boprofeta ba Jesu bo buang ka hore re etse seo.—Mat. 24:14.

2 Ha u bolela “litaba tse molemo tsa ’muso,” u tsoela pele u etsa seo Jesu a ileng a se qala. (Bala Luka 4:43.) Ha ho pelaelo hore ntlha e ’ngoe eo u buang haholo ka eona ke hore haufinyane Molimo o tla kenella litabeng tsa batho. Ka “matšoenyeho a maholo,” o tla felisa bolumeli ba bohata a be a felise bokhopo lefatšeng. (Mat. 24:21) Ho ka etsahala hore ebe u boetse u totobatsa taba ea hore ’Muso oa Molimo o tla boela o tlise Paradeise lefatšeng e le hore ho rene khotso le thabo. Ha e le hantle, “litaba tse molemo tsa ’muso” ke karolo ea ‘litaba tse molemo tse ileng tsa bolelloa Abrahama esale pele, e leng tse reng: “Lichaba tsohle li tla hlohonolofatsoa ka uena.”’—Bagal. 3:8.

3. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore moapostola Pauluse o ile a bua haholo ka litaba tse molemo bukeng ea Baroma?

3 Leha ho le joalo, na ho ka etsahala hore re bue hanyenyane feela ka ntho eo e leng ea bohlokoa mabapi le litaba tse molemo tseo batho ba li hlokang? Lengolong leo moapostola Pauluse a neng a le ngoletse Baroma, o ile a sebelisa lentsoe “’muso” hanngoe feela, empa a sebelisa poleloana e reng “litaba tse molemo” ka makhetlo a 12. (Bala Baroma 14:17.) Ke ntho efe ea bohlokoa e mabapi le litaba tse molemo eo Pauluse a ileng a bua ka eona hangata hakaalo bukeng eo? Ke hobane’ng ha litaba tseo tse molemo e le tsa bohlokoa hakaale? Hona, ke hobane’ng ha re lokela ho lula re nahanne ka seo ha re ntse re bolella batho ba tšimong ea habo rōna “litaba tse molemo tsa Molimo”?—Mar. 1:14; Bar. 15:16; 1 Bathes. 2:2.

Batho ba Neng ba le Roma ba ne ba Hloka’ng?

4. Ha Pauluse a ne a kentsoe chankaneng Roma ka lekhetlo la pele, o ile a bolela ka eng?

4 Ho na le seo re ithutang sona ha re ela hloko lintho tseo Pauluse a ileng a bua ka tsona ha a ne a kentsoe chankaneng Roma ka lekhetlo la pele. Re bala hore ha Bajuda ba ’maloa ba ne ba mo etetse, o ile a ‘paka ka ho phethahetseng malebana le (1) ’muso oa Molimo ’me a ba susumetsa malebana le (2) Jesu.’ Litholoana tsa seo e ile ea e-ba life? “Ba bang ba qala ho lumela lintho tse boleloang; ba bang ba ne ba sa lumele.” Ka mor’a moo Pauluse ‘o ne a amohela ka mosa bohle ba neng ba kena ho tla ho eena, a ba bolella (1) ka ’muso oa Molimo le ho ba ruta lintho tse malebana le (2) Morena Jesu Kreste.’ (Lik. 28:17, 23-31) Ho hlakile hore Pauluse o ile a bua ka ’Muso oa Molimo. Empa ke eng hape eo a ileng a e totobatsa? Ke ntho e ’ngoe e ka sehloohong mabapi le ’Muso—e leng karolo eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo.

5. Ke ntho efe eo batho ba hlileng ba e hlokang eo Pauluse a ileng a bua ka eona bukeng ea Baroma?

5 Batho bohle ba lokela ho tseba ka Jesu le ho lumela ho eena. Ke sona seo Pauluse a ileng a bua ka sona bukeng ea Baroma. Qalong, o ile a ngola ka ‘Molimo, eo a mo etsetsang tšebeletso e halalelang ka moea oa hae mabapi le litaba tse molemo tse mabapi le Mora oa Hae.’ O ile a phaella ka ho re: “Ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo.” Hamorao o ile a bua ka nako ea “ha Molimo ka Kreste Jesu a ahlola lintho tsa sephiri tsa moloko oa batho, ho ea ka litaba tse molemo tseo [a] li bolelang.” ’Me o ile a re: “Ho tloha Jerusalema le ka ho potoloha ho ea fihla Ilyrikame ke [boletse] ka ho phethahetseng litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.” * (Bar. 1:9, 16; 2:16; 15:19) U nahana hore ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bua haholo ka Jesu Kreste ho Baroma?

6, 7. Phutheho ea Roma e thehiloe joang hona e ne e bōpiloe ka batho ba litso life?

6 Ha re tsebe hore na phutheho ea Baroma e qalile joang. Ebe Bajuda kapa batho ba sokolohetseng Bojudeng ba neng ba le teng ka Pentekonta ea 33 C.E. ba ile ba khutlela Roma e se e le Bakreste? (Lik. 2:10) Kapa ebe bahoebi le bahahlauli ba Bakreste ba ile ba phatlalatsa ’nete Roma? Ho sa tsotellehe hore na ho etsahetse’ng, ka nako eo Pauluse a neng a ngola buka ea Baroma hoo e ka bang ka 56 C.E., e ne e se e le khale phutheho eo e thehiloe. (Bar. 1:8) Litho tsa phutheho ee e ne e le batho ba litso life?

7 Ba bang ba ne ba hōlisitsoe e le Bajuda. Pauluse o ile a lumelisa Andronikase le Juniase ’me a re ke ‘beng ka eena,’ e leng seo e ka ’nang eaba se ne se bolela beng ka eena bao e neng e le Bajuda ba habo. Moetsi oa litente e leng Akuila ea neng a lula Roma, le mosali oa hae Prisilla, le eena e ne e le Mojuda. (Bar. 4:1; 9:3, 4; 16:3, 7; Lik. 18:2) Empa ho ka etsahala hore bara le barali babo rōna ba bangata bao Pauluse a ileng a ba romela litumeliso e ne e le Balichaba. E ka ’na eaba ba bang e ne e le “ba ntlo ea Cesare,” mohlomong e ne e le makhoba a Cesare le liofisiri tsa boemo bo tlaase.—Bafil. 4:22; Bar. 1:6; 11:13.

8. Batho ba neng ba le Roma ba ne ba le maqakabetsing ka tsela efe?

8 Mokreste e mong le e mong ea neng a le Roma o ne a tobana le maqakabetsi a tšoanang le ao le rōna re tobanang le ’ona. Pauluse o ile a re: “Bohle ba entse sebe ’me ba haelloa ke khanya ea Molimo.” (Bar. 3:23) Ho hlakile hore batho bohle bao Pauluse a ileng a ba ngolla ba ne ba lokela ho hlokomela hore e ne e le baetsalibe le hore ba ne ba lokela ho ba le tumelo tokisetsong eo Molimo a neng a e entse ea ho ba fa seo ba neng ba se hloka.

Batho ba Lokela ho Hlokomela Hore ke Baetsalibe

9. Pauluse o ile a bua ka hore litaba tse molemo li ka ’na tsa hlahisa litholoana life?

9 Qalong ea lengolo leo Pauluse a neng a le ngoletse Baroma, o ile a bua ka litholoana tse molemo tse neng li ka hlahisoa ke litaba tse molemo tseo a neng a lula a bua ka tsona, a re: “Ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo, ho Mojuda pele le ho Mogerike.” Ka sebele, batho ba ne ba ka bolokeha. Leha ho le joalo tumelo e ne e hlokahala, tumellanong le ’nete ea bohlokoa eo Pauluse a e qotsitseng ho Habakuke 2:4, (Bibele ea Sesotho) ha a ne a re: “Empa ea lokileng—o tla phela ka tumelo.” (Bar. 1:16, 17; Bagal. 3:11; Baheb. 10:38) Empa litaba tseo tse molemo, tse ka etsang hore motho a pholohe, li amana joang le taba ea hore “bohle ba entse sebe”?

10, 11. Ke hobane’ng ha taba eo ho buuoang ka eona ho Baroma 3:23 e thatafalla batho ba bang empa ba bang e sa ba thatafalle?

10 Pele motho a ka ba le tumelo e ka mo thusang hore a pholohe, o lokela ho lumela hore ke moetsalibe. Taba eo e ke ke ea thatafalla batho ba hōtseng ba lumela ho Molimo le ba tloaelaneng le Bibele. (Bala Moeklesia 7:20.) Hore na ba lumellana le eona kapa ba na le lipelaelo ka eona, bonyane baa utloisisa hore na Pauluse o ne a bolela’ng ha a ne a re: “Bohle ba entse sebe.” (Bar. 3:23) Leha ho le joalo, ha re le boboleling re ka ’na ra kopana le batho ba sa utloisiseng taba eo.

11 Linaheng tse ling, batho ha baa hōla ba nahana hore ba tsoetsoe e le baetsalibe, le hore ba futsitse sebe. ’Nete ke hore, ho ka etsahala hore ebe baa hlokomela hore ba etsa liphoso, ba na le mekhoa e mebe le hore e ka ’na eaba ho na le lintho tse mpe tseo ba li entseng. Hape baa hlokomela hore batho ba bang le bona ba boemong bo tšoanang. Ho ntse ho le joalo, ho latela tsela eo ba hōlisitsoeng ka eona, ha ba utloisise hore na ke hobane’ng ha bona le batho ba bang ba le boemong boo. Ha e le hantle, lipuong tse ling ha u re motho ke moetsalibe, batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore u bolela hore ke senokoane kapa ke motho ea tlōtseng molao. Ho hlakile hore ho ke ke ha e-ba bonolo hore motho ea hōletseng sebakeng se joalo a inke e le moetsalibe ka tsela eo Pauluse a neng a e bolela.

12. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa lumele hore batho bohle ke baetsalibe?

12 Esita le linaheng tsa Bokreste-’mōtoana, batho ba bangata ha ba lumele taba ea hore ke baetsalibe. Hobane’ng? Hobane le hoja ka linako tse ling ba e-ea kerekeng, ba nka hore tlaleho ea Bibele e buang ka Adama le Eva ke tšōmo kapa ke taba e iqapetsoeng. Batho ba bang ba hōlela libakeng tseo batho ba leng khahlanong le Molimo. Baa belaela hore na e hlile Molimo o teng ’me kahoo ha ba utloisise hore Motho ea Phahameng ka ho Fetisisa o behetse batho melao le hore ha ba sa e mamele ba etsa sebe. Ha e le hantle, ba tšoana le batho ba lekholong la pele la lilemo bao Pauluse a ileng a ba hlalosa e le ba ‘se nang tšepo’ le ba ‘se nang Molimo lefatšeng.’—Baef. 2:12.

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha batho ba sa lumeleng ho Molimo le ba sa inkeng e le baetsalibe ba se na boikemelo? (b) Ho hloka tumelo ho entse hore ba bang ba qetelle ba entse lintho life?

13 Lengolong leo Pauluse a neng a le ngoletse Baroma, o boletse mabaka a mabeli a hore na ke hobane’ng ha ka nako eo esita le kajeno, motho a se na lebaka la ho se lumele hore Molimo o teng, ho sa tsotellehe hore na o hōletse hokae. Lebaka la pele ke hore pōpo ka boeona e fana ka bopaki ba hore ho na le ’Mōpi. (Bala Baroma 1:19, 20.) Sena se lumellana le seo Pauluse a ileng a se hlokomela ha a ne a ngolla Baheberu a le Roma, a re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheb. 3:4) Tsela eo a behang mabaka ka eona, e bontša hore ho na le ’Mōpi ea bōpileng kapa ea entseng bokahohle bohle.

14 Kahoo, Pauluse o ne a e-na le mabaka a utloahalang ha a ne a ngolla Baroma hore mang kapa mang—ho akarelletsa le Baiseraele ba boholo-holo—ba neng ba inehetse litšoantšong tse sa pheleng ha ba ‘na boikemelo.’ Ho ka boleloa se tšoanang ka ba ineheletseng mekhoa e litšila ea ho kopanela liphate, ea tšebeliso ea ’mele ea ba batona le ea ba batšehali ka tsela e khahlanong le tlhaho. (Bar. 1:22-27) Ha a bua ka mabaka a joalo, ka nepo Pauluse o ile a fihlela qeto ea hore “Bajuda hammoho le Bagerike kaofela ba tlas’a sebe.”—Bar. 3:9.

Se re ‘Pakelang’

15. Ke bo-mang ba nang le letsoalo, hona seo se ba thusa joang?

15 Buka ea Baroma e bua ka lebaka le leng la hore na ke hobane’ng ha batho ba lokela ho hlokomela hore ke baetsalibe le hore ba hloka tsela ea ho tsoa bothateng boo. Mabapi le melao eo Molimo a ileng a e fa Baiseraele ba boholo-holo, Pauluse o ile a ngola a re: “Bohle ba ileng ba etsa sebe tlas’a molao ba tla ahloloa ka molao.” (Bar. 2:12) Ha a tsoela pele ho fana ka mabaka a hae, o bontša hore batho ba lichaba kapa ba merabe e itseng ba sa tsebeng molao oo oa Molimo, hangata “ba etsa ka tlhaho lintho tsa molao.” Ke hobane’ng ha hangata batho bao ba thibela ho kopanela liphate le mong ka motho ea haufi, ho bolaea le ho utsoa? Pauluse o boletse lebaka: Ba na le letsoalo.—Bala Baroma 2:14, 15.

16. Ke hobane’ng ha ho ba le letsoalo ho sa bolele hore motho o tla qoba ho etsa sebe?

16 Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe u hlokometse hore ho ba le letsoalo le sebetsang joaloka paki e ka hare ho motho ha ho bolele hore motho o tla latela tataiso ea lona. Se ileng sa etsahala ka Baiseraele ba boholo-holo se bontša seo. Le hoja Baiseraele ba ne ba e-na le letsoalo leo ba le filoeng ke Molimo le melao e khethehileng e tsoang ho Molimo e khahlanong le ho utsoa le bofebe, ha baa ka ba mamela matsoalo a bona ’me ba ile ba tlōla Molao oa Jehova. (Bar. 2:21-23) Ba ne ba le molato le ho feta ’me kahoo e ne e hlile e le baetsalibe, ba hlōlehile ho latela melao ea Molimo le ho etsa thato ea hae. Sena se ile sa senya kamano ea bona le ’Mōpi oa bona haholo.—Lev. 19:11; 20:10; Bar. 3:20.

17. Ke khothatso efe eo re e fumanang bukeng ea Baroma?

17 Seo re se hlahlobileng bukeng ea Baroma se ka ’na sa bonahala eka se hlalosa hore boemo ba batho ho akarelletsa le ba rōna, bo bobe haholo mahlong a Molimo ea Matla ’Ohle. Leha ho le joalo, Pauluse ha aa ka a fella moo. Ha a qotsa mantsoe a Davida a Pesalemeng ea 32:1, 2, moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ho thaba bao liketso tsa bona tse sa eeng ka molao li tšoaretsoeng le bao libe tsa bona li koahetsoeng; ho thaba motho eo ho hang Jehova a ke keng a ela sebe sa hae hloko.” (Bar. 4:7, 8) Ka sebele Molimo o entse tokisetso ea ho tšoarela libe empa a sa tlōle melao ea hae e lokileng.

Litaba Tse Molemo Tse Buang Haholo ka Jesu

18, 19. (a) Bukeng ea Baroma, Pauluse o ile a bua haholo ka taba efe e mabapi le litaba tse molemo? (b) E le hore re fumane mahlohonolo a ’Muso, re lokela ho hlokomela eng?

18 U ka ’na ua re, “Ruri tseo ke litaba tse molemo!” Ka sebele ke tsona, e leng se re khutlisetsang tabeng eo Pauluse a ileng a e totobatsa bukeng ea Baroma e mabapi le litaba tse molemo. Joalokaha ho se ho boletsoe, Pauluse o ile a ngola a re: “Ha ke lihlong ka litaba tse molemo; ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko.”—Bar. 1:15, 16.

19 Litaba tseo tse molemo li ne li bua haholo ka karolo eo Jesu a e phethang ho phethahatsa morero oa Molimo. Pauluse o ne a ka lebella “letsatsi la ha Molimo ka Kreste Jesu a [tla] ahlola lintho tsa sephiri tsa moloko oa batho, ho ea ka litaba tse molemo.” (Bar. 2:16) Ha a bua joalo o ne a sa khelle fatše ‘’muso oa Kreste le oa Molimo’ kapa seo Molimo a tla se etsa ka ’Muso. (Baef. 5:5) Empa o ile a bontša hore e le hore re tle re phele ’Musong oa Molimo re be re fumane mahlohonolo a tla ba teng, re lokela ho hlokomela hore (1) re baetsalibe mahlong a Molimo le (2) hore na ke hobane’ng ha re lokela ho bontša tumelo ho Jesu Kreste e le hore re ka tšoareloa libe. Ha motho a utloisisa a bile a amohela litaba tseo tse mabapi le morero oa Molimo a bile a bona hore na sena se mo fa tšepo joang, ka nepo a ka hooa a re, “Ruri tsena, ke litaba tse molemo!”

20, 21. Ha re le tšebeletsong, ke hobane’ng ha re lokela ho hopola litaba tse molemo tseo ho buuoang haholo ka tsona bukeng ea Baroma, hona seo se ka ’na sa hlahisa litholoana life?

20 Ka sebele re lokela ho hopola taba ena e mabapi le litaba tse molemo ha re ntse re etsa tšebeletso ea rōna ea Bokreste. Ha a bua ka Jesu, Pauluse o ile a qotsa mantsoe a Esaia, a re: “Ha ho le ea mong ea behang tumelo ea hae ho eena ea tla soetseha.” (Bar. 10:11; Esa. 28:16) Molaetsa o ka sehloohong o mabapi le Jesu o ka ’na oa se ke oa thatafalla batho ba tloaelaneng le seo Bibele e se buang ka sebe. Leha ho le joalo, ho ba bang molaetsa ona e tla ba ntho e ncha, e leng taba e sa tsejoeng kapa e sa lumeloeng ke batho ba bangata setsong sa habo bona. Ha batho ba joalo ba qala ho lumela ho Molimo ba bile ba tšepa Mangolo, ho tla hlokahala hore re ba hlalosetse hore na Jesu o phetha karolo efe. Sehloohong se latelang ho tla tšohloa hore na Baroma khaolo ea 5 e hlalosa taba ena e mabapi le litaba tse molemo joang. Mohlomong sehlooho seo se tla u tsoela molemo tšebeletsong ea hao.

21 Ruri ke ntho e thabisang ho thusa batho ba lipelo li ntle hore ba utloisise litaba tse molemo tse boletsoeng ka makhetlo a mangata bukeng ea Baroma, e leng litaba tse molemo tseo “ha e le hantle, [e leng] matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo.” (Bar. 1:16) Ntle le hore seo se tla re tsoela molemo, re tla bona hore ba bang le bona ba tla lumellana le mantsoe ao Pauluse a a qotsitseng, a ho Baroma 10:15: “A khahleha hakaakang maoto a ba bolelang litaba tse molemo tsa lintho tse molemo!”—Esa. 52:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Lipolelo tse tšoanang li hlaha libukeng tse ling tse bululetsoeng.—Mar. 1:1; Lik. 5:42; 1 Bakor. 9:12; Bafil. 1:27.

Na U sa Hopola?

• Buka ea Baroma e totobatsa taba efe e mabapi le litaba tse molemo?

• Ke taba efe eo re lokelang ho thusa batho ba bang hore ba e utloisise?

• “Litaba tse molemo tse mabapi le Kreste” li ka tlisetsa rōna hammoho le ba bang mahlohonolo ka tsela efe?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Litaba tse molemo tse totobalitsoeng ho Baroma li bua ka karolo ea bohlokoa eo Jesu a e phethang morerong oa Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Kaofela ha rōna re tsoetsoe re e-na le bofokoli bo bolaeang—e leng sebe!