Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Abrahama o ne a Hlile a E-na le Likamele?

Na Abrahama o ne a Hlile a E-na le Likamele?

Na Abrahama o ne a Hlile a E-na le Likamele?

BIBELE e re har’a liphoofolo tse ruuoang tseo Abrahama a ileng a li fuoa ke Faro, ho ne ho e-na le likamele. (Gen. 12:16) Ha mohlanka oa Abrahama a ne a nka leeto le lelelele ho ea Mesopotamia, o ile “a nka likamele tse leshome likameleng tsa mong’a hae.” Kahoo, Bibele e bolela ka ho hlaka hore Abrahama o ne a e-na le likamele hoo e ka bang qalong ea sekete sa bobeli sa lilemo B.C.E.—Gen. 24:10.

Batho ba bang ha ba lumele taba ena. New International Version Archaeological Study Bible e re: “Litsebi li ’nile tsa bolela hore ho latela histori, litlaleho tsena tse mabapi le likamele ha lia nepahala kaha bongata ba litsebi tsena bo lumela hore ho ne ho sa tloaeleha hore liphoofolo tsena li ruuoe, ho fihlela hoo e ka bang ka 1200 B.C., e leng nako e telele ka mor’a mehla ea Abrahama.” Kahoo, tlaleho leha e le efe ea Bibele ea pejana e buang ka likamele e ne e tla nkoa e fosahetse kaha likamele li ne li sa sebelisoe ka tsela eo nakong ea litlaleho tseo tsa Bibele.

Leha ho le joalo, litsebi tse ling li pheha khang ea hore le hoja ho rua likamele e ile ea e-ba ntho ea bohlokoa ho ella qetellong ea sekete sa bobeli sa lilemo, sena ha se bolele hore likamele li ne li sa sebelisoe pejana. Buka ea Civilizations of the Ancient Near East e re: “Lipatlisiso tsa haufinyane li bontša hore likamele li ile tsa ruuoa karolong ea Arabia e ka boroa-bochabela, hoo e ka bang seketeng sa boraro sa lilemo [B.C.E.]. E ka ’na eaba qalong li ne li rueloa lebese, boea, letlalo le nama, empa ho ka etsahala hore ebe ho e-s’o ee kae batho ba ile ba hlokomela hore ba ka tsamaisa lithoto ka tsona.” Ho bonahala hore mesaletsa ea lintho tsa khale tse epolotsoeng e tiisa hore sena se etsahetse le pele ho mehla ea Abrahama.

Ho boetse ho na le bopaki bo ngotsoeng ba sena. Buka e qotsitsoeng ka holimo e re: “Naheng ea Mesopotamia ho na le mathathamo a ngotsoeng ka mongolo oa cuniform moo ho hlahang phoofolo [kamele] ’me ho na le bopaki bo bongata bo bontšang hore e ka ’na eaba phoofolo ena e ne e se e fihlile Mesopotamia hoo e ka bang qalong ea sekete sa bobeli sa lilemo,” e leng mehleng ea Abrahama.

Litsebi tse ling li lumela hore bahoebi ba Arabia Boroa ba neng ba hoeba ka libano, ba ne ba sebelisa likamele ho tsamaisa thepa ea bona ho e isa ka leboea ba tsamaea le lehoatateng, ba ea libakeng tse kang Egepeta le Syria ’me ba tlisa likamele libakeng tseo. Ho ka etsahala hore ebe khoebo ea mofuta ona e ne e tloaelehile hoo e ka bang ka 2000 B.C.E. Ke taba e thahasellisang hore ebe Genese 37:25-28 e bua ka bahoebi ba Baishmaele ba neng ba isa libano Egepeta ka likamele, lilemo tse ka bang lekholo ka mor’a mehla ea Abrahama.

Mohlomong likamele li ne li sa sebelisoe haholo Bochabela bo Hare mehleng ea boholo-holo e leng qalong ea sekete sa bobeli sa lilemo  B.C.E., empa kamoo ho bonahalang kateng, bopaki bo bontša hore hase hore li ne li sa tsejoe ho hang. Kahoo, The International Standard Bible Encyclopedia e re: “Ha ho sa hlokahala hore ho nkoe hore litlaleho tse buang ka ho sebelisoa ha likamele mehleng ea bapatriareka ho fosahetse kaha ho na le bopaki bo bongata ba lintho tsa khale tse epolotsoeng bo bontšang hore likamele li ile tsa ruuoa pele ho mehla ea bapatriareka.”