Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Le Hlomphe ba Sebetsang ka Thata Har’a Lōna”

“Le Hlomphe ba Sebetsang ka Thata Har’a Lōna”

“Le Hlomphe ba Sebetsang ka Thata Har’a Lōna”

“Le hlomphe ba sebetsang ka thata har’a lōna le ba le okametseng Moreneng le ba le eletsang.”—1 BATHES. 5:12.

1, 2. (a) Phutheho ea Thesalonika e ne e le boemong bofe ha Pauluse a ne a e ngolla lengolo la pele? (b) Pauluse o ile a khothalletsa Bathesalonika hore ba etse’ng?

NAHANA u se u le setho sa phutheho ea Thesalonika ea lekholo la pele la lilemo, e leng e ’ngoe ea liphutheho tsa pele tse ileng tsa thehoa Europe. Moapostola Pauluse o ne a qetile nako e ngata a matlafatsa barab’abo rōna ba sebakeng seo. Ho ka etsahala hore ebe o ne a khethile banna ba baholo hore ba etelle pele, joalokaha a ile a etsa liphuthehong tse ling. (Lik. 14:23) Empa ka mor’a hore phutheho eo e thehoe, Bajuda ba ile ba hlophisa sehlopha sa mahoohoo hore se leleke Pauluse le Silase motseng oo. E ka ’na eaba Bakreste ba neng ba setse moo ba ne ba ikutloa ba lahliloe kherehloa, mohlomong ba bile ba tšaba.

2 Hoa utloahala hore ka mor’a hore Pauluse a tlohe Thesalonika, o ne a tšoenyehile ka phutheho eo e neng e sa tsoa thehoa. O ile a leka ho khutlela, empa “Satane a thiba” tsela ea hae. Kahoo o ile a romela Timothea hore a khothatse phutheho eo. (1 Bathes. 2:18; 3:2) Ha Timothea a tlisa tlaleho e ntle, Pauluse o ile a susumelletseha ho ngolla Bathesalonika lengolo. Lintho tse ling tseo Pauluse a ileng a ba khothalletsa hore ba li etse, ke hore ba ‘hlomphe ba ba okametseng.’—Bala 1 Bathesalonika 5:12, 13.

3. Bakreste ba Thesalonika ba ne ba e-na le mabaka afe a ho ela banna ba baholo hloko ho feta kamoo ho tloaelehileng?

3 Barab’abo rōna ba neng ba etella pele har’a Bakreste ba Thesalonika ba ne ba se na boiphihlelo bo lekanang le ba Pauluse le bo-mphato’a hae; ebile e ne e e-s’o be Bakreste ka nako e telele joaloka baholo ba Jerusalema. Etsoe selemo se ne se e-s’o fete phutheho eo e thehiloe! Ho ntse ho le joalo, litho tsa phutheho li ne li lokela ho ba motlotlo ka banna ba baholo ba neng ba ‘sebetsa ka thata,’ ba ‘okamela’ phutheho ba bile ba ‘eletsa’ barab’abo rōna. Ka sebele ba ne ba e-na le lebaka le utloahalang la hore ba “ele [baholo] hloko haholo ka lerato ho feta kamoo ho tloaelehileng.” Ka mor’a hore Pauluse a kōpe hore ba etse joalo, o ile a ba eletsa a re, “e mong a be le khotso le e mong.” Haeba u ne u le Thesalonika, na u ka be u ile ua bontša hore u ananela mosebetsi oa baholo? U talima “limpho tseo e leng banna” tseo Molimo ka Kreste a li fileng phutheho ea heno joang?—Baef. 4:8.

“Ba Sebetsang ka Thata”

4, 5. Ke hobane’ng ha mosebetsi o neng o etsoa ke banna ba baholo ba mehleng ea Pauluse oa ho ruta phutheho o ne o le boima, hona ke hobane’ng ha ho le joalo le kajeno?

4 Ka mor’a hore banna ba baholo ba Thesalonika ba romele Pauluse le Silase Berea, ba ne ba ‘sebetsa ka thata’ joang? Ha ho pelaelo hore ba ile ba etsisa Pauluse ka hore ba sebelise Mangolo ha ba ruta phutheho. U ka ’na ua ipotsa, ‘Na Bakreste ba Thesalonika ba ne ba ananela Lentsoe la Molimo?’ Ha e le hantle, Bibele e re Baberea “ba ne ba e-na le likelello tse bulehileng ho feta ba Thesalonika, . . . ba hlahloba Mangolo ka hloko letsatsi le leng le le leng.” (Lik. 17:11) Leha ho le joalo, o ne a bapisa Baberea le Bajuda ba Thesalonika ka kakaretso, eseng le Bakreste. Batho bao e ileng ea e-ba balumeli ba ile ba ‘amohela lentsoe la Molimo, e seng e le lentsoe la batho, empa e le lentsoe la Molimo.’ (1 Bathes. 2:13) E tlameha ebe banna ba baholo ba ne ba sebetsa ka thata ho ruta phutheho.

5 Kajeno sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se fepa mohlape oa Molimo ka “lijo . . . ka nako e tšoanetseng.” (Mat. 24:45) Baholo latela tataiso ea lekhoba lena ’me ba sebetsa ka thata ho ruta barab’abo bona Lentsoe la Molimo. E ka ’na eaba litho tsa phutheho li na le lingoliloeng tse ngata tse thehiloeng Bibeleng, ’me likhatiso tse kang Watch Tower Publications Index le Watchtower Library on CD-ROM lia fumaneha ka lipuo tse ling. E le hore baholo ba ka ruta phutheho, ba qeta nako e ngata ba lokisetsa lipuo e le hore ba ka fana ka tsona ka tsela e tla tsoela phutheho molemo. Na u kile ua nahana hore na baholo ba qeta nako e kae ba lokisetsa lipuo tseo ba tla li beha libokeng le likopanong tse khōlō le tse nyenyane?

6, 7. (a) Pauluse o ile a behela banna ba baholo ba Thesalonika mohlala ofe? (b) Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba thata hore kajeno baholo ba etsise Pauluse?

6 Banna ba baholo ba Thesalonika ba ile ba hopola mohlala o motle oo Pauluse a ileng a o beha ha a lisa mohlape. Ha a ne a etela barab’abo, o ne a sa etse lintho ho phetha molao feela kapa hona ho li otla mabalankoe. Joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se fetileng, Pauluse o ‘ile a ba bonolo joalokaha ’mè ea anyesang a baballa bana ba hae.’ (Bala 1 Bathesalonika 2:7, 8.) O ne a bile a ikemiselitse ho ‘fana ka moea oa hae’! Banna ba baholo ba ne ba lokela ho mo etsisa ha ba lisa mohlape.

7 Kajeno balisa ba Bakreste ba etsisa Pauluse ka ho baballa mohlape. Ho ka etsahala hore ka tlhaho linku tse ling ha lia phutholoha ebile ha li atamelehe habonolo. Ho ntse ho le joalo, baholo ba leka ho bontša temohisiso e le hore ba ka “fumana se molemo” ho tsona. (Liprov. 16:20) Ke ’nete hore ka lebaka la ho se phethahale, moholo a ka ’na a fumana ho le thata hore a be le boikutlo bo nepahetseng ka batho bana. Empa, ha a ntse a leka kahohle ho ba bonolo ho bohle, na ha rea lokela ho mo babatsa ka boiteko boo a bo etsang ba ho ba molisa ea molemo ea tlas’a Kreste?

8, 9. Litsela tse ling tseo baholo ba kajeno ba ka ‘lebelang meea ea rōna’ ka tsona ke life?

8 Kaofela ha rōna re lokela ho ‘ipeha ka tlas’a’ baholo. Joalokaha Pauluse a ngotse, ‘ba lula ba lebetse meea ea rōna.’ (Baheb. 13:17) Poleloana eo e re hopotsa molisa oa liphoofolo ea telang boroko ba hae e le hore a sireletse mohlape oa hae. Ka ho tšoanang, kajeno baholo ba ka tela boroko ba bona ha ba hlokomela ba kulang ’meleng le maikutlong kapa ba sa bolokeng melao-motheo ea Bibele. Ka mohlala, barab’abo rōna bao e leng litho tsa Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele ba ’nile ba tsosoa bosiu e le hore ba phalle ha ho e-na le Mokreste ea hlokang thuso ea tsa bongaka ka tšohanyetso. Leha ho le joalo, ha re tobane le boemo ba mofuta oo ruri re ananela tšebeletso ea bona!

9 Baholo bao e leng litho tsa Likomiti Tsa Kaho Tsa Mabatooa le bao e leng litho tsa likomiti tsa mosebetsi oa liphallelo ba sebetsa ka thata ha ba thusa barab’abo rōna. Ruri re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho ba tšehetsa! Nahana ka mosebetsi oa liphallelo o ileng oa etsoa ka mor’a hore Leholiotsoana Nargis le otle naha ea Myanmar ka 2008. E le hore sehlopha se thusang ka liphallelo se fihle Phuthehong ea Bothingone e motseng oa Irrawaddy, oo leholiotsoana le neng le o sentse haholo, o pel’a moo nōka e kenang leoatleng, se ne se lokela ho tsamaea sebakeng sa koluoa se neng se tletse litopo. Ha barab’abo rōna ba phuthehong eo ba bona hore sehlopheng sa pele sa liphallelo se fihlileng Bothingone ho na le mor’abo rōna eo e kileng ea e-ba molebeli oa bona oa potoloho, ba ile ba hoeletsa ba re: “Bonang, mopotolohi oa rōna! Jehova o re sirelelitse!” Na u ananela mosebetsi o boima oo baholo ba o etsang bosiu le motšehare? Baholo ba bang ba khethetsoe ho sebeletsa likomiting tse khethehileng e le hore ba sebetsane le litaba tse rarahaneng tsa boahloli. Baholo bana ha ba ithorise ka seo ba se finyeletseng; empa batho bao ba ba thusitseng ba ananela seo e le kannete.—Mat. 6:2-4.

10. Ke mesebetsi efe eo re sa e hlokomeleng eo baholo ba e etsang?

10 Kajeno baholo ba bangata ba etsa mosebetsi o mongata oa ho ngola. Ka mohlala, mohokahanyi oa sehlopha sa baholo o hlophisa kemiso ea liboka ea beke le beke. Mongoli oa phutheho o hlophisa tlaleho ea tšebeletso ea tšimo ea khoeli le khoeli le ea selemo le selemo. Molebeli oa sekolo o hlophisa kemiso ea sekolo ka hloko. Litlaleho tsa liak’haonte tsa phutheho li hlahlojoa ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse tharo. Baholo ba bala mangolo a tsoang ofising ea lekala ’me ba sebelisa tataiso e fanoang e leng se thusang hore ho be le ‘bonngoe tumelong.’ (Baef. 4:3, 13) Ka lebaka la boikitlaetso ba baholo bao ba sebetsang ka thata, ‘lintho tsohle li etsahala ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.’—1 Bakor. 14:40.

“Ba le Okametseng”

11, 12. Ke bo-mang ba okamelang phutheho, ’me ho e okamela ho akarelletsa’ng?

11 Pauluse o ile a re banna ba baholo ba Thesalonika ba sebetsang ka thata ‘ba okametse’ phutheho. Moelelo oa lentsoe la Segerike leo poleloana ena e nkiloeng ho lona ke “ho ema ka pel’a” hape ke “ho tsamaisa; ho etella pele.” (1 Bathes. 5:12; NW, ftn.) Pauluse o ile a bolela hore bona baholo bao ‘ba sebetsa ka thata.’ O ne a sa bue ka “molebeli ea okamelang” feela, empa o ne a bua ka banna bohle ba baholo ka phuthehong. Kajeno, boholo ba baholo bo ema ka pel’a phutheho ’me bo tšoara liboka. Phetoho e sa tsoa etsoa ea ho sebelisa poleloana “mohokahanyi oa sehlopha sa baholo,” e re thusa ho nka baholo bohle e le litho tsa sehlopha se momahaneng.

12 Ho ‘okamela’ phutheho ha ho bolele ho ruta feela. Ho sebelisitsoe poleloana e tšoanang ho 1 Timothea 3:4. Pauluse o ile a re molebeli e lokela ho ba “motho ea okamelang ba ntlo ea hae ka mokhoa o motle, ea nang le bana ba ipehileng tlaase ka ho nka lintho ka botebo bohle.” Ho hlakile hore mona poleloana e reng “ea okamelang” ha e akarelletse ho ruta bana ba hae feela, empa e boetse e akarelletsa ho etella pele ka lapeng le ho ba le “bana ba ipehileng tlaase.” Ka sebele, baholo ba etella phutheho pele, ba thusa bohle hore ba ikokobeletse Jehova.—1 Tim. 3:5.

13. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha nka nako e telele hore baholo ba fihlele qeto ha ba le sebokeng sa bona?

13 E le hore baholo ba okamele mohlape hantle, baa buisana hore na litlhoko tsa phutheho ke life le hore na ba ka e thusa joang. Ho ne ho ka ’na ha e-ba bonolo ho etsa liqeto haeba kaofela li ne li etsoa ke moholo a le mong. Leha ho le joalo, lihlopha tsa baholo tsa kajeno, li latela mohlala oa sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo ka hore li buisane ka litaba ka bolokolohi, li be li batle tataiso Mangolong. Sepheo sa bona ke hore ba sebelise melao-motheo ea Mangolo ha ba sebetsana le litlhoko tsa phutheho. Sena se atleha haholo haeba moholo ka mong a lokisetsa hantle bakeng sa liboka tsa baholo, a nahanisisa ka Mangolo le tataiso eo sehlopha sa lekhoba le tšepahalang le le masene se fanang ka eona. Ke ’nete hore sena se nka nako. Haeba ba sa lumellane ka maikutlo joalokaha ho ile ha etsahala ha sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo se ne se buisana ka taba ea lebollo, ho ka ’na ha hlokahala hore ba iphe nako e eketsehileng kapa ba etse lipatlisiso tse ling e le hore ba be ntsoe-leng ha ba etsa qeto e thehiloeng Mangolong.—Lik. 15:2, 6, 7, 12-14, 28.

14. Na ua ananela hore ebe sehlopha sa baholo se sebetsa hammoho se le ngatan’a ’ngoe? Ke hobane’ng ha u ikutloa ka tsela eo?

14 Ho ka ’na ha etsahala’ng haeba moholo e mong a tsitlellela hore lintho li etsoe ka tsela ea hae kapa a leka hore ho lateloe maikutlo a hae? Kapa ho ka etsahala’ng haeba motho e mong ea kang Diotrefe oa lekholong la pele la lilemo a baka ho hloka kutloano? (3 Joh. 9, 10) Ho hlakile hore phutheho kaofela e tla ba mathateng. Haeba Satane o ile a leka ho ferekanya phutheho ea lekholong la pele la lilemo, ho hlakile hore le kajeno o batla ho senya khotso ka phuthehong. A ka ’na a leka ho nka monyetla ka tšekamelo ea boithati eo batho ba nang le eona e kang ho rata bophahamo. Kahoo, ho hlokahala hore baholo ba loanele ho ba le boikokobetso le hore ba sebetse hammoho e le ngatan’a ’ngoe. Ruri re ananela boikokobetso ba baholo ba sebetsang hammoho e le ngatan’a ’ngoe!

“Ba le Eletsang”

15. Baholo ba eletsa mora kapa morali oabo bona ka sepheo sefe?

15 Ka mor’a moo, Pauluse o ile a totobatsa mosebetsi oa bohlokoa oa banna ba baholo le hoja o le thata, e leng ho eletsa mohlape. Ka Mangolong a Segerike a Bakreste, ke Pauluse feela ea sebelisitseng lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le ho “eletsa.” Le ka bolela keletso e matla empa ha le fane ka maikutlo a lehloeo. (Lik. 20:31; 2 Bathes. 3:15) Ka mohlala, Pauluse o ile a ngolla Bakorinthe a re: “Ke ngola lintho tsena, eseng ho le hlabisa lihlong, empa ho le eletsa joaloka bana ba ka ba ratoang.” (1 Bakor. 4:14) O ne a ba eletsa hobane a ne a ba rata a bile a ba tsotella.

16. E ka ba hantle hore baholo ba hopole eng ha ba eletsa batho ba bang?

16 Baholo baa hlokomela hore tsela eo ba eletsang ba bang ka eona ke ea bohlokoa. Ba leka kahohle hore ba etsise Pauluse ka hore ba be mosa, ba rate batho ba bang ba be ba ba thuse. (Bala 1 Bathesalonika 2:11, 12.) Ke ’nete hore baholo ba ‘tšoarella ka tieo lentsoeng le tšepahalang e le hore ba ka khona ho eletsa ka thuto e phelisang hantle.’—Tite 1:5-9.

17, 18. Haeba moholo a u eletsa, u lokela ho hopola’ng?

17 Ke ’nete hore baholo ha baa phethahala ’me ba ka ’na ba bua lintho tseo hamorao ba ka ikoahlaelang tsona. (1 Mar. 8:46; Jak. 3:8) Hape, baholo baa tseba hore ha bara le barali babo rōna ba fuoa keletso, hangata ha e ba ‘thabise, empa e baka mesarelo.’ (Baheb. 12:11) Kahoo, ha moholo a eletsa motho, ho ka etsahala hore ebe o etsa seo ka mor’a hore a nahanisise ka taba eo a be a rapele ka eona. Haeba moholo a u file keletso, na u ananela hore ebe oa u rata ebile oa u tsotella?

18 A re re u ne u tšoeroe ke lefu leo ho neng ho bonahala ho le thata hore lingaka li le hlalose. Ebe ka mor’a moo ngaka e ’ngoe ea fumana hore na bothata ba hao ke bofe, empa ho be thata hore u amohele hore u tšoeroe ke lefu leo. Na u ne u tla jara ngaka eo ka pelo? Che! Le haeba e ne e ka khothalletsa hore u etsoe opereishene ho ka etsahala hore ebe u ne u tla lumela, u e-na le tšepo ea hore e tla u tsoela molemo. E ka ’na eaba u ile ua angoa ke tsela eo ngaka eo e ileng ea u bolella taba eo ka eona, empa na u ne u tla lumella seo hore e be sona se u susumetsang hore na u etse qeto efe? Mohlomong ha ho joalo. Ka tsela e tšoanang, u se ke ua lumella tsela eo u eletsoang ka eona hore e u sitise ho mamela batho bao e ka ’nang eaba Jehova le Jesu baa ba sebelisa ho u thusa ho bona hore na u ka etsa’ng e le hore u tsoele pele ’neteng u be u sireletse kamano ea hao le Jehova.

Ananela Tokisetso ea Jehova ea Hore ho be le Baholo

19, 20. U ka bontša joang hore u ananela “limpho tseo e leng banna”?

19 U ne u tla etsa’ng haeba u ne u ka fumana mpho e etselitsoeng uena ka ho khetheha? Na u ne u tla bontša hore ua e ananela ka hore u e sebelise? Jehova o u file “limpho tseo e leng banna” a sebelisa Jesu Kreste. Tsela e ’ngoe eo u ka bontšang hore u ananela limpho tsena ka eona, ke ka hore u mamele ka hloko ha baholo ba fana ka lipuo le ka hore u leke ho sebelisa lintlha tseo ba li hlahisang. U ka boela ua bontša hore ua ba ananela ka hore u fane ka litlhaloso tse utloahalang ha u le libokeng. Tšehetsa mesebetsi eo baholo ba etellang pele ho eona, e kang tšebeletso ea tšimo. Haeba keletso eo moholo a ileng a u fa eona e u tsoetse molemo, e ka ba hantle hore u mo bolelle. Ho phaella moo, e ka ba hantle hore u bontše hore u ananela malapa a baholo. Hopola hore lelapa la moholo le tela nako eo le ka beng le e qeta le eena e le hore a sebetse ka thata ka phuthehong.

20 Ka sebele re na le mabaka a mangata a ho bontša hore re ananela baholo ba sebetsang har’a rōna, ba re okametseng le ba re eletsang. Ruri ‘limpho tsena tseo e leng banna’ ke tokisetso e lerato e tsoang ho Jehova!

Na U sa Hopola?

• Bakreste ba Thesalonika ba ne ba e-na le mabaka afe a hore ba ananele ba neng ba etella pele har’a bona?

• Ke ka tsela efe baholo ba phutheho ea heno ba u sebeletsang ka thata?

• Hore ebe baholo ba re okametse ho u tsoela molemo joang?

• U lokela ho hopola’ng haeba moholo a u eletsa?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Na u ananela litsela tse ngata tseo baholo ba lisang phutheho ka tsona?