Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bophelo bo Hlile bo na le Morero o Itseng?

Na Bophelo bo Hlile bo na le Morero o Itseng?

Na Bophelo bo Hlile bo na le Morero o Itseng?

“NA BOPHELO bo na le morero o itseng?” Potso eo e ’nile ea botsoa ke batho ba bangata haholo. Ka masoabi, ho sa tsotellehe hore na ba talima bophelo joang, ba bangata ba lula ba e-na le boikutlo boo ngaka ea boloetse ba methapo ea Moaustria, Viktor E. Frankl, e bo hlalositseng e le ba “ho ikutloa ho se seo ba se phelelang le ho ikutloa ba se na tšepo” bophelong.

Ke hobane’ng ha ba bangata ba ikutloa joalo? Lebaka le leng ke hore batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba phela maemong ao ho hang a sa thabiseng, a bileng a sithabetsang. Letsatsi le letsatsi ba phela ka har’a bofutsana, maloetse, liketso tse se nang kelello tse mabifi hammoho le ho hatelloa. Ka sebele ba phela ba “khotše likhathatso” ho latela seo Jobo oa boholo-holo a ileng a se bua ka mahlomola a hlahelang batho. (Jobo 14:1) Ba se ba phelela feela ho bona ha letsatsi le likela ’me ho chaba le leng.

Batho ba bang ba limilione bona ba rahile qhebelele ka har’a menono. Ho bonahala ba e-na le ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e hlokang e le hore ba khotsofale bophelong. Leha ho le joalo, ba bangata ba ntse ba sa khotsofala. Ebe ke hobane’ng? Ke hobane nako le nako, ‘likhathatso le lintho tse kotsi’—tse kang mathata a sa lebelloang a lichelete kapa ho oeloa ke koluoa e bohloko, joaloka ho shoeloa ke ngoana—li senya lintho tsa bohlokoa tseo ba neng ba li tšepile le tseo ba neng ba li lora.—Pesaleme ea 90:10.

Ho na le ntho e ’ngoe e totisang boikutlo ba batho ba “ho ikutloa ho se seo ba se phelelang le ho ikutloa ba se na tšepo.” Ke eng? Ke nako e khutšoanyane haholo eo batho ba e phelang. Batho ba bangata ha ba utloisise hore na ho tla joang hore ha batho ba e-na le bohlale ba ho etsa lintho tse ngata hakaale tse khōlō, ebe ba phela nako e khutšoaane hakana. Ho thata hore ba amohele ’nete ena e bohloko eo kaofela ha rōna re talimaneng le eona: Esita le haeba hona joale re ke ke ra angoa ke likoluoa tse hlahelang batho, qetellong kaofela ha rōna re tla shoa.—Moeklesia 3:19, 20.

Na Bophelo bo Tla Lula bo Bonahala Eka ha bo na Morero?

Morena Solomone oa Iseraele ea boholo-holo o ile a akaretsa boemo bona hantle haholo. O ile a bona kamoo batho ba mehleng ea hae ba neng ba sebelisa litalenta le tsebo ea bona ka thata kateng ha ba lema, ba jala, ba haha le ha ba hlokomela malapa a bona, joalo feela ka ha re etsa kajeno. Ha e le hantle, o ne a botsa, ‘qetello ea tsohle ke efe?’ O ile a etsa qeto ea hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e etsang ke “lefeela le ho lelekisa moea.”—Moeklesia 2:17.

Empa na Morena Solomone o ne a lumela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e etsang e tla lula e le “lefeela le ho lelekisa moea”? Che. O ne a mpa a hlalosa se hlileng se etsahalang bophelong bona bo sa phethahalang. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le ka u fa tšepo ea hore lintho li ke ke tsa lula li le tjena ho ea ho ile!

U ka ba le tšepo eo joang? Ka kōpo bala lihlooho tse peli tse latelang. Li ka ’na tsa u thusa hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha bophelo bo bonahala bo se na morero hakana, hore na boemo bona bo tla lokisoa joang le hore na uena u ka phela ka tsela e nang le morero joang esita le hona joale.