Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Atamela ho Molimo

Na Jehova o na le Maikutlo?

Na Jehova o na le Maikutlo?

HAEBA karabo ke e, ho hlaha potso e ’ngoe hape: Na boitšoaro ba rōna bo ama maikutlo a Molimo? Ka mantsoe a mang, na liketso tsa rōna li ka thabisa Molimo kapa tsa mo khopisa? Bo-rafilosofi ba bang ba boholo-holo ba ne ba re liketso tsa rōna li ke ke tsa ama Molimo. Ba ne ba pheha khang ea hore ha ho motho ea ka susumetsang Molimo le hore e tlameha ebe Molimo ha a na maikutlo. Empa Bibele e re ruta se fapaneng le seo, e ruta hore Jehova o na le maikuto a bonolo le hore o amehile ka ho tebileng ka seo re se etsang. Nahana ka mantsoe a fumanoang Pesalemeng ea 78:40, 41.

Pesaleme ea 78 e hlalosa ka ho qaqileng tsela eo Molimo a neng a sebelisana le Iseraele ea boholo-holo ka eona. Ka mor’a ho lopolla sechaba seo bokhobeng Egepta, Jehova o ile a ithaopela ho kena kamanong e khethehileng le sona. O ile a tšepisa hore haeba se ka lula se boloka melao ea hae, se ne se tla fetoha ‘thepa ea hae e khethehileng’ ’me a se sebelise ka tsela e ikhethang ho phethahatsa morero oa hae. Sechaba se ile sa lumela ’me sa kena selekaneng sa Molao. Na se ile sa etsa seo se neng se itlamme hore se tla se etsa?—Exoda 19:3-8.

Ha ho letho le molemo leo re ka le etsetsang Jehova haese hore re phele ka tsela e thabisang pelo ea hae

Mopesaleme o re: “Ba ne ba mo fetohela hangata hakaakang lefeelleng!” (Temana ea 40) Temana e latelang e phaella ka ho re: “Ka makhetlo-khetlo ba ne ba leka Molimo.” (Temana ea 41) Hlokomela hore mongoli o bontša hore ba ne ba tloaetse ho ba bafetoheli. Ba ile ba qala ho bontša moea ona o mobe ha ba le lefeelleng nakoana ka mor’a hore ba lopolloe Egepeta. Batho ba ile ba qala ho korotlela Molimo ’me ba ipotsa hore na o ne a ka khona ho ba hlokomela le hore na o ne a ikemiselitse ho ba hlokomela. (Numere 14:1-4) Buka e fanang ka boitsebiso e sebelisoang ke bafetoleli ba Bibele e re tsela e ’ngoe ea ho fetolela mantsoe a reng “ba ne ba mo fetohela” e ka ba ‘ba ile ba thatafaletsa Molimo lipelo tsa bona’ kapa ‘ba ile ba re “Che” ho Molimo.’” Leha ho le joalo, kaha Jehova o mohau, o ne a tšoarela batho ba hae ha ba bontša pako. Ho ntse ho le joalo, ba ne ba khutlela litseleng tsa bona tsa khale ebe ba boela ba mo fetohela ’me tloaelo eo ea bona e ne e sa khaotse.—Pesaleme ea 78:10-19, 38.

Jehova o ne a ikutloa joang nako le nako ha batho ba hae ba sa tšepahaleng ba mo fetohela? Temana ea 40 e re: “Ba [ne ba] mo utloisa bohloko.” Phetolelo e ’ngoe e re ba ne “ba mo bakela mesarelo.” Buka e ’ngoe e fanang ka boitsebiso ba Bibele e hlalosa tjena: “Sena se bolela hore boitšoaro ba Baheberu bo ne bo utloisa bohloko joaloka boitšoaro ba ngoana ea sa mameleng oa lerabele.” Feela joalokaha ngoana ea sa laoleheng a ka bakela batsoali ba hae bohloko bo otlang pelo, le marabele a Baiseraele a ile a “utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.”—Temana ea 41.

Pesaleme ee e re ruta’ng? Hoa khothatsa ho bona hore Jehova o na le kamano e matla le barapeli ba hae le hore ha a potlakele ho ba tela. Ka nako e tšoanang, ho tseba hore Jehova o na le maikutlo le hore boitšoaro ba rōna bo ama maikutlo a hae ho lokela ho etsa hore re nahane ka botebo. Ho tseba seo ho u ama joang? Na ho u susumelletsa hore u batle ho etsa se nepahetseng?

Ho e-na le ho hahamalla tsela ea boetsalibe ’me re utloise pelo ea Jehova bohloko, re ka khetha ho latela tsela e lokileng ’me ra thabisa pelo ea hae. Ke sona seo a se kōpang ho barapeli ba hae, ha a re: “Mora oa ka, hlalefa ’me u thabise pelo ea ka.” (Liproverbia 27:11) Ha ho letho le molemo leo re ka le etsetsang Jehova haese hore re phele ka tsela e thabisang pelo ea hae.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka July: