Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE HOBANE’NG ha ’mè ea neng a se a le lilemo tse ka holimo ho 60 a ile a tlohela ho rapela litšoantšo? Ke eng e ileng ea etsa hore moruti oa Boshinto a tlohele mosebetsi tempeleng ’me e be ’moleli oa Mokreste? ’Mè ea ileng a hōlisoa ke batsoali bao e seng ba hae ho tloha e sa le lesea o ile a hlōla boikutlo ba hore o lahliloe joang? Bala ’me u fumane hore na batho bana ba itlhalosa joang.

“Ha ke sa Sebeletsa Litšoantšo.”—ABA DANSOU

SELEMO SA TSOALO: 1938

NAHA EA HESO: BENIN

PELE: KE NE KE RAPELA LITŠOANTŠO

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse So-Tchahoué, e leng motse o sebakeng se mokhoabo o pel’a letša. Batho ba motse oo ba iphelisa ka ho tšoasa litlhapi, ho rua likhomo, lipōli, linku, likolobe le linonyana. Ha ho na litsela sebakeng seo, ka hona ha batho ba tsamaea ba sebelisa likepe le liketsoana tse tsamaisoang ka masokoana. Ka tloaelo matlo a hahoa ka mapolanka le joang, le hoja ba bang ba haha ka setene. Boholo ba batho ba teng bo futsanehile. Leha ho le joalo, bokebekoa ha boa ata joaloka litoropong.

Ha ke ntse ke le ngoana, Ntate o ile a nkisa sekolong sa lithatho le ausi oa ka, moo re ileng ra rutoa tumelo ea setso. Ha ke hōla ke ile ka khetha Dudua (Oduduwa) oa moetlo oa Yoruba hore e be eena molimo oa ka. Ke ile ka hahela molimo enoa tempelana ’me khafetsa ke ne ke mo etsetsa mahlabelo ka lipatata, oli ea palema, likhofu, likhoho, maeba le liphoofolo tse ling tse fapa-fapaneng. Mahlabelo ana a ne a mpatla chelete e ngata haholo, hangata a ja chelete eohle eo ke nang le eona.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke qala ho ithuta Bibele ke ile ka ithuta hore Jehova ke eena Molimo a le mong feela oa ’nete. Ke ile ka boela ka ithuta hore ha a amohele taba ea ho sebelisa litšoantšo ha a rapeloa. (Exoda 20:4, 5; 1 Bakorinthe 10:14) Ke ile ka hlokomela hore na ke lokela ho etsa’ng. Ka hona ke ile ka lahla litšoantšo tsa ka kaofela eaba ke hleka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e amana le borapeli ba litšoantšo ka tlung. Ke ile ka khaotsa ho ea ho linohe, ka ba ka khaotsa ho phetha meetlo le ho etsa litšebeletso tse itseng mafung.

Ho ne ho se bonolo ho ’na—’mè ea seng a fetile lilemo tse 60—hore ke etse liphetoho tsena. Metsoalle ea ka, ba leloko le baahelani ba ka ba ne ba nkhanyetsa ba bile ba ntšeha. Empa ke ile ka rapela Jehova hore a mphe matla a ho etsa se nepahetseng. Ke ile ka khothatsoa ke mantsoe ana a ho Liproverbia 18:10: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.”

Ntho e ’ngoe e ileng ea nthusa ke ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Ha ke le moo ke ne ke fumana lerato la Bokreste, ke ne ke bile ke khahloa ke batho bao haholo kaha bophelong ba bona ba leka ho latela melao ea Bibele e phahameng ea boitšoaro. Seo ke ileng ka se bona se ile sa nkholisa hore Lipaki Tsa Jehova ke bolumeli ba ’nete.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho nthusitse hore ke utloane le bana ba ka haholoanyane. Ke boetse ke ikutloa ke imolohile mojarong o boima. Ke ne ke tloaetse ho senya chelete ea ka litšoantšong tse sa pheleng tse neng li sa nthuse ka letho. Hona joale ke se ke rapela Jehova, ea tla rarolla mathata ’ohle a rōna ka ho sa feleng. (Tšenolo 21:3, 4) Ke thabile haholo hore ebe ha ke sa sebeletsa litšoantšo, empa ke sebeletsa Jehova! Ke fumane tšireletso ea sebele ho eena.

“Haesale ke Batlana le Molimo ho Tloha ke sa le Ngoana.”—SHINJI SATO

SELEMO SA TSOALO: 1951

NAHA EA HESO: JAPANE

PELE: KE NE KE LE MORUTI OA BOSHINTO

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hōletse motseng oa mahaeng o Seterekeng sa Fukuoka. Batsoali ba ka ba ne ba rata bolumeli haholo; ho tloha ke sa le ngoana ba ile ba etsa hore ke hlomphe melimo ea Boshinto. Ha ke ntse ke le moshanyana, hangata ke ne ke nahana ka hore ke batla ho pholoha ’me ke ne ke e-na le takatso e khōlō ea ho thusa batho ba mathateng. Ke hopola ka letsatsi le leng ha ke sa le sekolong sa mathomo tichere e re botsa ka tlelaseng hore na re batla ho ba’ng ha re hōla. Bana bao ke neng ke le ka tlelaseng le bona ba ne ba e-na le litoro tse hlakileng, tse kang ea ho ba bo-rasaense. Ke ile ka re ’na ke batla ho sebeletsa Molimo. Kaofela ba ile ba ntja litšeho.

Ha ke qeta sekolong se phahameng, ke ile ka ea sekolong se koetlisang ba rutang bolumeli. Ha ke ntse ke le moo, ke ile ka kopana le moruti oa Boshinto ea neng a lula a bala buka e lekoko le letšo. Ka le leng o ile a re ho ’na, “Sato, na ua tseba tjee hore na buka ee ke eng?” Ke ne ke hlokometse lekoko la buka eo, ka hona ke ile ka re, “Ke Bibele.” O ile a re, “Motho e mong le e mong ea batlang ho ba moruti oa Boshinto o lokela ho bala buka ena.”

Hang-hang ke ile ka reka Bibele. Ke ile ka beha Bibele sebakeng sa bohlokoa ka ho fetisisa shelefong ea ka ea libuka ’me ke ne ke e hlokomela haholo. Empa ke ne ke se na nako ea ho e bala, kaha bophelo ba sekolo bo ne bo lula bo mphathahantse haholo. Ha ke qeta sekolong, ke ile ka ba moruti tempeleng ea Boshinto. Toro eo ke neng ke e-na le eona ha ke sa le ngoana e ne e phethahetse.

Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae ke ile ka hlokomela hore ho ba moruti oa Boshinto ha ho joalokaha ke ne ke nahanne. Baruti ba bangata ba ne ba sa bontše batho lerato le lekaalo ba bile ba sa ba tsotelle hakaalo. Ba bangata ba ne ba bile ba se na tumelo. E mong oa ba neng ba ntataisa o ile a ba a re ho ’na: “Haeba u batla ho atleha mona u lokela ho bua ka litaba tsa filosofi feela. Ho bua ka tumelo ho thibetsoe.”

Mantsoe a kang ao a ile a etsa hore ke ikutloe ke soetsehile ka Boshinto. Le hoja ke ile ka tsoela pele ka mosebetsi oa ka tempeleng moo, ke ile ka qala ho batlisisa ka malumeli a mang. Leha ho le joalo, ke ile ka fumana a ntse a itšoanela. Ha ke ntse ke batlisisa ka malumeli a eketsehileng, ke ne ke nyahama le ho feta. Ke ne ke se ke nka hore ha ho na bolumeli boo e leng ba ’nete.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka 1988, ke ile ka kopana le Mobuddha ea ileng a nkhothalletsa hore ke bale Bibele. Ke ile ka hopola mantsoe a moruti oa Boshinto lilemong tse fetileng ha a ne a nkhothalletsa hore ke etse joalo. Ke ile ka etsa qeto ea ho sebelisa keletso eo. Ha ke qala ho bala Bibele, e ile ea hla ea nkhapa haholo. Ka linako tse ling ke ne ke qeta bosiu bohle ke ntse ke e bala ho fihlela ke bona letsatsi le chabela fensetereng.

Seo ke ileng ka se bala se ile sa etsa hore ke batle ho rapela Molimo eo ho buuoang ka eena ka Bibeleng. Ke ile ka qala ka thapelo ea mohlala e hlahang ho Matheu 6:9-13. Ke ne ke pheta thapelo ena ka mor’a lihora tse ling le tse ling tse peli—esita le ha ke ntse ke etsa litšebeletso tempeleng ea Boshinto.

Ke ne ke e-na le lipotso tse ngata haholo ka seo ke se balang. Nakong ena ke ne ke se ke nyetse ’me ke ne ke tseba hore Lipaki Tsa Jehova li ruta batho Bibele kaha li ne li kile tsa etela mosali oa ka nakong e fetileng. Ke ile ka batlana le Paki eaba ke e foqa lipotso. Ke ile ka khahloa ke hore e ne e sebelisa Bibele ho araba potso e ’ngoe le e ’ngoe. E ile ea mpatlela Lipaki hore ke ithute Bibele le tsona.

Nakoana feela ka mor’a moo, ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki Tsa Jehova. Le hoja ke sa ka ka hlokomela ka nako eo, ba bang ba Lipaki tse neng li le teng moo e ne e le tseo nkileng ka li buisa hampe nakong e fetileng. Leha ho le joalo, li ile tsa ntumelisa ka mofuthu tsa ba tsa etsa hore ke ikutloe ke amohelehile.

Libokeng tseo ke ile ka ithuta hore Molimo o lebeletse hore banna ba rate litho tsa malapa a bona ba be ba li hlomphe. Pele ho moo ke ne ke shebane le mosebetsi oa ka oa boruti haholo hoo ke neng ke se na nako ea mosali oa ka le bana ba ka ba babeli. Ka nako eo ke ile ka hlokomela hore ke ne ke ipha nako ea ho mamela batho ba neng ba tla kerekeng ba tlil’o rapela, empa ho se mohla nkileng ka mamela mosali oa ka.

Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta, ke ile ka ’na ka tseba lintho tse ngata ka Jehova tse ileng tsa nkatametsa haufi le eena. Ka ho khetheha ke ne ke angoa ke litemana tse kang ea Baroma 10:13, e reng: “E mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” Haesale ke batlana le Molimo ho tloha ke sa le ngoana, joale qetellong ke ne ke mo fumane!

Joale ke ile ka qala ho ikutloa ke sa phutholoha ha ke le tempeleng. Qalong ke ne ke tšoenyehile ka hore na ba bang ba tla re’ng ha ke tlohela bolumeli ba Boshinto. Empa kamehla ke ne ke ipoleletse hore ke tla bo tlohela haeba ke fumana Molimo oa ’nete nģa e ’ngoe. Ka hona, nakong ea selemo ka 1989, ke ile ka etsa qeto ea ho latela letsoalo la ka. Ke ile ka tloha tempeleng eo eaba ke ipeha matsohong a Jehova.

Ho tloha tempeleng ho ne ho se bonolo. Baruti ba neng ba ntataisa ba ile ba nkhalefela haholo ba ba ba leka ho ntšusumelletsa hore ke se ke ka tlohela. Leha ho le joalo, ntho e ileng ea e-ba boima le ho feta e ne e le ho bolella batsoali ba ka litaba tsena. Ha ke le tseleng e eang ho bona, ke ne ke tšohile hoo ke neng ke utloa lehlaba ka sefubeng le mangole a ka a tšerema! Ke ne ke ema hangata tseleng ke rapela Jehova hore a mphe matla.

Ha ke fihla lapeng, qalong ke ne ke tšaba le ho qala taba eo feela. Ho ile ha feta lihora tse ngata. Qetellong, ka mor’a ho rapela haholo, ke ile ka hlalosetsa ntate oa ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke ile ka mo bolella hore ke fumane Molimo oa ’nete le hore ke tlohela Boshinto e le hore ke e’o Mo sebeletsa. Ntate o ile a tšoha haholo a ba a utloa bohloko. Litho tse ling tsa lelapa li ile tsa tla lapeng tsa leka ho nthiba. Ke ne ke sa batle ho utloisa lelapa leso bohloko, empa ka lehlakoreng le leng ke ne ke tseba hore ho sebeletsa Jehova ke ntho e nepahetseng. Ha nako e ntse e ea, lelapa leso le ile la ntlhompha ka lebaka la qeto eo ea ka.

Ho tloha tempeleng ka bohona ha ea ka ea e-ba ntho e thata; empa maikutlong teng ho ne ho le boima. Bophelo ba boruti bo ne bo metse ka metso ho ’na. Ke ile ka leka ka matla hore ke bo lebale, empa hohle moo ke eang, ho ne ho ba le ntho e nkhopotsang ka bophelo ba ka ba nakong e fetileng.

Ho na le lintho tse peli tse ileng tsa nthusa hore ke lebale bophelo ba ka ba nakong e fetileng. Ea pele, ke ile ka phahla ntlo ea ka ho batla ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e amana le bolumeli ba ka ba nakong e fetileng. Eaba ke li chesa kaofela—libuka, litšoantšo, esita le lintho tsohle tse turang tse amanang le bolumeli boo. Ea bobeli, ke ile ka batla litsela tse ngata ka hohle kamoo nka khonang e le hore ke qete nako e ngata ke e-na le Lipaki. Botsoalle ba tsona le tšehetso ea tsona li ile tsa nthusa haholo. Hanyane ka hanyane, ke ile ka qetella ke lebetse ka bophelo ba ka ba nakong e fetileng.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Ke ne ke tloaetse ho se iphe nako ea mosali oa ka le bana, e leng se neng se etsa hore ba ikutloe eka ba lahliloe. Empa e ile ea re ha ke qala ho qeta nako e ngata le bona, joalokaha Bibele e laela banna, re ile ra atamelana haholo. Ha nako e ntse e e-ea, mosali oa ka le eena o ile a sebeletsa Jehova. Re se re momahane ’moho le mora oa rōna, morali oa rōna le monna oa hae, borapeling ba ’nete.

Ha ke nahana ka toro ea ka ea ha ke sa le ngoana, ea ho sebeletsa Molimo le ho thusa batho, kea hlokomela hore ke fumane ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e hloka—le tse ling tse ngata. Ke ikutloa ke feletsoe ke mantsoe ao nka lebohang Jehova ka ’ona.

“Ke ne ke Utloa Hore ho na le se Haellang.”—LYNETTE HOUGHTING

SELEMO SA TSOALO: 1958

NAHA EA HESO: AFRIKA BOROA

PELE: KE NE KE UTLOA EKA KE LAHLILOE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse Germiston, motse o neng o le maemong a mahareng oa limmaene, o neng o se na tlōlo ea molao e kaalo. Kaha batsoali ba ka ba ne ba nka hore ba ke ke ba khona ho ntlhokomela, ba ile ba etsa qeto ea ho fana ka ’na ka molao. Ha ke le lesea la matsatsi a 14, ke ile ka nkoa ke banyalani ba bang ba lerato haholo bao ke ileng ka ba nka e le batsoali ba ka. Leha ho le joalo, ka mor’a hore ke tsebe pale ea ka, ke ile ka ikutloa eka ke lahliloe. Ke ne ke se ke se na boikutlo bane ba pele ba hore ke batsoali ba ka ke bile ke nka hore ha ba sa nkutloisisa hantle.

Ha ke le lilemo li 16, ke ile ka qala ho ea libakeng tse rekisang joala le lijo tse bobebe, moo ke neng ke tantša le metsoalle ea ka ho bile ho e-na le bente e bapalang ’mino. Ha ke le lilemo li 17 ke ile ka qala ho tsuba lisakerete. Ke ne ke batla ho ba mosesaane joaloka limotlelara tse bapatsang koae. Ha ke le lilemo li 19, ke ile ka qala ho sebetsa Johannesburg, moo ke ileng ka qala ho tloaelana le metsoalle e mebe. Ho e-s’o ee kae ke ne ke se ke sebelisa puo e litšila, ke tsuba haholo ke bile ke noa haholo mafelo-beke.

Leha ho le joalo, ke ne ke ntse ke le motho ea mafolofolo. Ke ne ke tloaetse ho etsa li-aerobic, ke bapala squash le bolo ea maoto ea basali. Ke ne ke boetse ke sebetsa ka thata haholo mosebetsing ’me seo se ile sa etsa hore ke tume haholo ka lik’homphieutha. Ka lebaka leo, ke ne ke e-na le chelete e ngata ’me batho ba bangata ba ne ba nka hore ke atlehile. Leha ho le joalo, ha e le hantle ke ne ke sa thaba—ke ikutloa ke lahliloe ke bile ke sa rate bophelo ba ka. Tlaase botebong ba pelo ke ne ke utloa hore ho na le se haellang.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ha ke qala ho ithuta Bibele, ke ile ka ithuta hore Jehova ke Molimo ea lerato. Ke ile ka boela ka ithuta hore o re bontšitse lerato leo ka ho re fa Lentsoe la hae, Bibele. Ho tšoana le ha eka o re ngoletse lengolo le re tataisang. (Esaia 48:17, 18) Ke ile ka hlokomela hore haeba ke batla ho rua molemo oa ho tataisoa ka lerato ke Jehova, ke tla lokela ho etsa liphetoho tse khōlō.

Phetoho e ’ngoe eo ke neng ke lokela ho e etsa ke ea metsoalle. Ke ile ka nka mantsoe ana a hlahang ho Liproverbia 13:20 ka botebo: “Ea tsamaeang le batho ba bohlale o tla hlalefa, empa ea bang le litšebelisano le ba hlokang kelello lintho li tla mo tsamaela hampe.” Molao-motheo oo o ile oa etsa hore ke lahle metsoalle ea ka ea khale ’me ke etse metsoalle e mecha ea Lipaki Tsa Jehova.

Bothata ba ka bo boholo e bile ho tlohela ho tsuba; ho ne ho se ho le maling. Qetellong ha ke khonne ho tlohela butle-butle, ke ile ka tobana le bothata bo bong hape. Ho tlohela ho tsuba ho ile ha etsa hore ’mele oa ka o eketsehe ka lik’hilograma tse 13! Sena se ile sa etsa hore ke ikhelle fatše, ’me ho ile ha nkuka lilemo tse ka bang leshome kaofela hore ke theole ’mele hape. Leha ho le joalo, ke ne ke tseba hore ho tlohela ho tsuba ke ntho e nepahetseng. Ke ile ka lula ke ntse ke rapela Jehova ’me o ile a mpha matla e le hore ke atlehe.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Hona joale ke phela hantle ’meleng ebile ke khotsofetse. Ha ke sa lelekisa thabo eo ba bangata ba nahanang hore ba ka e fumantšoa ke mosebetsi, maemo kapa maruo. Ho e-na le hoo, ke thabisoa ke ho bolella ba bang ’nete ea Bibele. Ka lebaka leo, metsoalle ea ka e meraro eo ke neng ke sebetsa le eona e se e sebeletsa Jehova hammoho le ’na le monna oa ka. Pele batsoali ba ka ba nkhōlisitseng ba hlokahala ka bobeli, ke ile ka khona ho ba bolella ka tšepiso ea Bibele ea tsoho ea bafu paradeiseng lefatšeng.

Ho atamela haufi le Jehova ho nthusitse hore ke hlōle boikutlo ba hore ke lahliloe. O entse hore ke ikutloe ke se ke sa lahleha kaha o mphile lelapa la balumeli-’moho le ’na lefatšeng ka bophara. Lelapeng lena, ke na le bo-’mè, bo-ntate, bo-abuti le bo-ausi ba bangata.—Mareka 10:29, 30.

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Ke fumane lerato la Bokreste ho Lipaki Tsa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Tempele ea Boshinto eo ke neng ke rapela ho eona