Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Mang ea Entseng Melao e Laolang Bokahohle?

Ke Mang ea Entseng Melao e Laolang Bokahohle?

Ke Mang ea Entseng Melao e Laolang Bokahohle?

“NA U tseba melao e laolang bokahohle?” (Jobo 38:33, The New Jerusalem Bible) Ha Molimo a ne a botsa Jobo potso eo, o ne a thusa mohlanka oa hae ea neng a le matšoenyehong hore a utloisise phapang e teng pakeng tsa lintho tse fokolang tseo batho ba li tsebang ha li bapisoa le bohlale bo ke keng ba lekanngoa ba ’Mōpi. Uena u nahana’ng ka phapang ee?

Batho ba ithutile lintho tse ngata haholo ka melao e laolang bokahohle, empa bo-rasaense ba bangata ba lumela ntle le ho qeaqea hore ho na le lintho tse ngata tseo ba ntseng ba tla ithuta tsona. Nako le nako ho ntse ho ba le lintho tse ncha tseo bo-rasaense ba li sibollang tse etsang hore ba tlamehe ho fetola seo ba neng ba se nahana ka tsela eo bokahohle bo sebetsang ka eona. Na lintho tsee tse ncha tseo ba li sibollang li etsa hore ho se ke ha hlola ho e-ba le phapang e kaalo eo Molimo a ileng a re e teng ha a ne a bua le Jobo? Kapa tsoelo-pele ee eo ba e entseng e hlile e paka hore Jehova ke eena Moetsi oa melao e laolang bokahohle?

Bibele e na le lipolelo tse hlollang tse thusang ho araba lipotso tseo. Ke ’nete hore Bibele hase buka ea saense. Leha ho le joalo, ha ho tluoa tabeng ea bokahohle, seo e se buang sea hlolla se bile se nepahetse ’me hangata ho nka lilemo pele batho ba ka sibolla lintho tseo e li hlalositseng.

Tse Ling Tsa Litlhaloso Tsa Boholo-holo

E le hore re utloe hore na ba bang ba ne ba hlalosa lintho joang khale, ha re khutlele lekholong la bone la lilemo B.C.E., hoo e ka bang lilemo tse lekholo ka mor’a hore ho qetoe ho ngoloa Testamente ea Khale—e leng karolo ea Bibele ea Mangolo a Seheberu. Ka nako eo, rafilosofi oa Mogerike, Aristotle, o ne a ruta litsebi tse khōlō tsa mehleng ea hae ka bokahohle. Le mehleng ena o ntse a nkoa e le e mong oa bo-rasaense ba baholo ka ho fetisisa ba kileng ba e-ba teng. (Sheba  lebokose le leqepheng la 25.) Ho latela Encyclopædia Britannica, “Aristotle ke eena rasaense oa pele oa sebele lefatšeng. . . . Rasaense e mong le e mong o lokela ho mo leboha haholo.”

Aristotle o ile a fana ka tlhaloso e qaqileng ea hore na bokahohle bo hlophisitsoe joang. O ile a fana ka maikutlo a hore lefatše le ne le le khubung ea bokahohle bo entsoeng ka lilikalikoe tse bonaletsang tse fetang 50, se seng se le ka har’a se seng joalo-joalo. Linaleli li ne li le selikalikoeng se ka ntle, ha lipolanete tsona li ne li le lilikalikoeng tse ka hare ho elella haufi le lefatše. Lintho tsohle tse neng li le lilikalikoeng tse ling ntle le lefatše li ne li ke ke tsa fela, e le tse sa fetoheng. E ka ’na eaba ho rōna mehleng ena maikutlo ao a utloahala e le lintho tse iqapetsoeng, empa a ile a susumetsa bo-rasaense haholo ka lilemo tse ka bang 2 000.

Leha ho le joalo, na lithuto tsa Aristotle li lumellana le tsa Bibele? Ke lithuto life tse ipakileng e le tsona tsa ’nete? A re ke re hlahlobe lipotso tse tharo tse mabapi le melao e laolang bokahohle ba rōna. Likarabo tsa tsona li tla re thusa hore re be le tumelo ho Mongoli oa Bibele, eena Moetsi oa “melao ea maholimo le tšebetso ea eona.”—Jobo 38:33, Bibele ea Sesotho.

1. Na Bokahohle ha bo Fetohe?

Aristotle o ne a re lilikalikoe tsa bokahohle ha li fetohe. Se tšoereng linaleli, joaloka tse ling, se ne se ke ke sa saroloha kapa sa honyela.

Na Bibele e fana ka maikutlo a tšoanang le ao? Che, ha e fane ka tlhaloso e tobileng hantle tabeng ena. Leha ho le joalo, hlokomela ntlha e thahasellisang eo e fanang ka eona: “Ho na le Ea lulang ka holim’a selika-likoe sa lefatše, seo ba lulang ho sona ba leng joaloka marutle, Ea otlollang maholimo feela joaloka lesela le lesesaane la boleng bo botle, ea a alang joaloka tente eo ho luloang ho eona.”—Esaia 40:22. *

Mehleng ee ke hofe ho bonahalang ho nepahetse—na ke tlhaloso ea Aristotle kapa ke ea Bibele? Litsebi tsa mehleng ee tsa bokahohle li re bo joang? Lekholong la bo20 la lilemo, litsebi tsa linaleli li ile tsa hlolloa ha li hlokomela hore ha e le hantle bokahohle ke ntho e fetohang. Ho bile ho bonahala lihlopha tsa linaleli li lula li ntse li qaqolohana. Ke bo-rasaense ba fokolang feela, haeba ba teng, ba neng ba ka nahana hore bokahohle bo ka atoloha ka tsela e joalo. Mehleng ena, litsebi tsa bokahohle li lumela hore bokahohle bo qalile bo kopane eaba bo ntse bo atoloha. Ha e le hantle, bo-rasaense ba se ba nka tlhaloso ea Aristotle e sa utloahale.

Tlhaloso ea Bibele eona? Ha ho thata ho nahana ka motho ea kang moprofeta Esaia a leletse a shebile leholimo le tletseng linaleli ’me a bona le mo hopotsa tente e otlolotsoeng ka makhethe. * E ka ’na eaba o ile a ba a hlokomela ho tšoana ho teng pakeng tsa sehlopha sa linaleli sa Milky Way le “lesela le lesesaane la boleng bo botle.”

Ho feta moo, mantsoe a Esaia a etsa hore re be le setšoantšo se itseng ka kelellong. Re ka ’na ra nahana ka tente ea mehleng ea Bibele; mohlomong re bona seshobana sa seile e phutholloang ebe e otlolloa hantle pele e faselletsoa lipalong ’me e e-ba tente eo ho ka luloang ho eona. Kapa mohlomong re nahana ka mohoebi ea nkang lesela le lesesaane la boleng bo botle le mennoeng ebe o le phutholla hantle e le hore moreki a le hlahlobe. Linthong tseo ka bobeli, ho nkoa ntho e kopaneng, ea phutholloa ebe re e bona e se e le ntho e khōlō.

Ke ’nete hore ha re bolele hore papiso ea thothokiso ea Bibele ea tente le lesela le lesesaane le boleng bo botle e ne e hlile e ngoletsoe ho bontša hore bokahohle boa atoloha. Empa na hase ntho e hlollang hore ebe Bibele e fana ka tlhaloso e lumellanang hantle le ea saense ea morao-rao tjee? Esaia o phetse lilemong tse fetang tse makholo a mararo pele ho Aristotle le lilemong tse likete pele saense e fana ka bopaki bo utloahalang tabeng ena. Leha ho le joalo, tlhaloso ena e ileng ea ngoloa ke moprofeta enoa oa Moheberu ea sa rutehang, ha e hloke ho ntlafatsoa joaloka ea Aristotle.

2. Ke Eng e Tšoereng Lihloliloeng Tsa Leholimo?

Ho latela Aristotle, bokahohle bo ne bo tletse tsoete! O ne a nka lefatše le sepakapaka sa lona li entsoe ka lintho tsena tse ’nè—mobu, metsi, moea le mollo. Joale bokahohle bo bong bona bo ne bo entsoe ka lilikalikoe tse bonaletsang, kaofela li e-na le k’hemik’hale e sa feleng eo a neng a re ke ether. Lihloliloeng tsa leholimo li ne li itšoarelelitse lilikalikoeng tseo tse sa bonahaleng. Ka nako e telele, bo-rasaense ba ne ba lumellana le maikutlo ana a Aristotle, kaha ho ne ho bonahala a lumellana le khopolo ena e tloaelehileng: Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho lokela ho be le moo e lulang teng kapa e tšoaroe ke ho hong, ho seng joalo e tla oa.

Bibele eona e re’ng? E na le tlaleho ea mantsoe a monna ea tšepahalang ea bitsoang Jobo, ea ileng a re ka Jehova: “O leketlisa lefatše holim’a lefeela.” (Jobo 26:7) Ho hlakile hore Aristotle o ne a tla nka maikutlo ao a se na kelello.

Lekholong la bo17 la lilemo C.E., e leng lilemo tse ka bang 3 000 ka mor’a mehla ea Jobo, thuto e neng e se e atile ea saense e ne e le ea hore bokahohle bo entsoe ka ntho e ’ngoe e metsi, eseng ka lilikalikoe tse bonaletsang. Ho elella bofelong ba lekholo lona leo la lilemo, setsebi sa fisiks, Sir Isaac Newton, o ile a ruta ho fapaneng ka ho feletseng. O ile a re matla a khoheli ke ’ona a tšoereng lihloliloeng tsa leholimo. Joale Newton o ne a batla a utloisisa taba ea hore ha e le hantle lefatše le lihloliloeng tse ling tsa leholimo ha lia lula holim’a letho, e leng ntho eo batho ba tla nka hore li leketlile moeeng (“holim’a lefeela”).

Thuto ea Newton ea matla a khoheli e ile ea hanyetsoa ka matla. Ho ne ho ntse ho le thata hore bo-rasaense ba bangata ba lumele hore linaleli le lihloliloeng tse ling tsa leholimo ha lia tšoaroa ke letho. Ho bona e ne e le ntho e sa utloahaleng hore lefatše le leholo hakana le lihloliloeng tse ling tsa leholimo li leketlile sepakapakeng! Ba bang ba ne ba nka seo e le ntho e phahametseng matla a tlhaho. Ho tloha mehleng ea Aristotle, bo-rasaense ba bangata ba ne ba lumela hore lihloliloeng tsa leholimo li tlameha li tšoeroe ke ntho e itseng sepakapakeng.

Ke ’nete hore Jobo o ne a sa tsebe letho ka matla a sa bonahaleng a tšoereng lefatše ha le ntse le potoloha letsatsi. Joale ke eng e ileng ea etsa hore a re lefatše le leketlile “holim’a lefeela”?

Ho feta moo, taba ea hore ha ho letho le tšoereng lefatše e etsa hore ho be le potso e ’ngoe: Ke eng e etsang hore lefatše le lihloliloeng tse ling tsa leholimo li lule li tsamaea litselaneng tsa tsona ho se mohla li fapohang? Hlokomela mantsoe a hlollang ao Molimo a ileng a a bolella Jobo: “Na u ka tiisa litlamo tsa sehlopha sa linaleli sa Kima, kapa na u ka lokolla lithapo tsa sehlopha sa linaleli sa Kesile?” (Jobo 38:31) Bosiu bo bong le bo bong bophelong ba hae, Jobo o ne a bona linaleli tseo tse neng li tloaelehile ha li ntse li hlaha le ha li nyamela. * Empa ke hobane’ng ha li ne li lula li tšoana selemo le selemo, esita le ka mor’a lilemo-lemo? Ke litlamo life tse neng li tšoere linaleli tseo le lihloliloeng tse ling tsa leholimo hore li lule li le libakeng tsa tsona? Joang kapa joang, Jobo ha a nahana ka taba eo o ne a hlolloa haholo.

Haeba linaleli li ne li itšoarelelitse lilikalikoeng tse entseng bokahohle, ho ne ho ke ke ha hlokahala hore ho be le litlamo tse joalo. Bo-rasaense ba ile ba ithuta lilemo tse likete hamorao ka “litlamo” kapa “lithapo” tseo tse sa bonahaleng tse tšoereng lihloliloeng tsa lefatše ha li ntse li tsamaea butle bokahohleng. Isaac Newton, eo hamorao a ileng a tlatsoa ke Albert Einstein, ba ile ba tsebahala haholo ka seo ba se sibolotseng tabeng ena. Ke ’nete hore Jobo o ne a sa tsebe letho ka matla ao Molimo a a sebelisang hore lihloliloeng tsa leholimo li lule li le ’moho. Leha ho le joalo, mantsoe a bululetsoeng a bukeng ea Jobo a ipakile e le ’nete ka lilemo tse makholo ho feta hōle lithuto tsa Aristotle ea neng a nkoa a rutehile. Ha ho e mong ha e se Moetsi oa melao ena feela ea neng a ka ba le tsebo e kaalo!

3. Na Lihloliloeng Tsa Leholimo ke Tsa ka ho sa Feleng Kapa li ka Senyeha?

Aristotle o ne a lumela hore ho na le phapang e khōlō haholo pakeng tsa lefatše le lihloliloeng tsa leholimo. O ile a re lefatše le ka khona ho fetoha, ho bola le ho senyeha butle-butle, athe ether e entseng lihloliloeng tsa leholimo eona e tla lula e le joalo ho ea ho ile. Aristotle o ne a re lilikalikoe tse sa bonahaleng esita le lihloliloeng tsa leholimo tse itšoarelelitseng ho tsona li ne li ke ke tsa fetoha, tsa senyeha kapa tsa fela.

Na seo ke sona seo Bibele e se rutang? Pesaleme ea 102:25-27 e re: “U ile ua rala metheo ea lefatše khale, maholimo ke mosebetsi oa matsoho a hao. Li tla timela, empa u tla ’ne u eme; li tla tsofala kaofela ha tsona feela joaloka seaparo. Feela joaloka liaparo u tla beha ho hong sebakeng sa tsona, ’me li tla qeta nako ea tsona. Empa uena ha u fetohe, ’me lilemo tsa hao li ke ke tsa phethoa.”

Hlokomela hore mopesaleme enoa eo e ka ’nang eaba o ngotse sena lilemo tse makholo a mabeli pele ho mehla ea Aristotle, ha a bapise lefatše le leholimo le nang le linaleli, joalokaha eka lefatše le ka khona ho senyeha empa linaleli tsona li ke ke tsa senyeha. Ho e-na le hoo, o nka lefatše le leholimo ebe o li bapisa le Molimo, e leng Moea o matla o ileng oa laola pōpo. * Pesaleme ena e fana ka maikutlo a hore linaleli li ka senyeha joaloka ntho e ’ngoe le e ’ngoe e lefatšeng. Saense ea morao tjee eona e sibolotse eng?

Thuto ea saense ea jeoloji e tšehetsa Bibele le Aristotle tabeng ea hore lefatše lea senyeha. Ha e le hantle, mafika a lefatšeng a ntse a fela butle-butle ka lebaka la khoholeho ebe ho ba le a mang ha ho e-ba le ho foqoha ha seretse se chesang le lintho tse ling tse etsahalang lefatšeng.

Linaleli tsona? Na li ka senyeha joalokaha Bibele e bolela, kapa ha li senyehe joalokaha Aristotle a ne a ruta? Lekholong la bo16 la lilemo C.E., litsebi tsa linaleli tsa Europe li ile tsa qala ho belaella khopolo ea Aristotle ea hore linaleli li ke ke tsa senyeha ha li ne li qala ho bona ho phatloha ho hoholo ha naleli. Ho tloha ka nako eo, bo-rasaense ba ile ba hlokomela hore linaleli li ka shoa ka tsela eo ea ho phatloha, kapa tsa cha butle-butle kapa tsa thulana. Leha ho le joalo, litsebi tsa linaleli li ’nile tsa bona ha linaleli tse ncha li thehoa ha ho hlaha khase e ngata ka mor’a hore linaleli li phatlohe. Ka hona, Bibele e nepile ha e bapisa lihloliloeng tsa leholimo le liaparo tse tsofalang, ebe ho ba le tse ling sebakeng sa tsona. * Ke ntho e hlollang hakaakang ho hlokomela hore mopesaleme eo oa boholo-holo o ile a khona ho ngola mantsoe a lumellanang le se sibolotsoeng mehleng ee ea morao-rao!

Leha ho le joalo, e ka ’na eaba ua ipotsa: ‘Na Bibele e ruta hore lefatše le linaleli tse leholimong ka letsatsi le leng li tla fela kaofela ’me ho hlokahale tse li nkelang sebaka?’ Che, Bibele e tšepisa hore li tla ba teng ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 104:5; 119:90) Empa hase hobane lintho tseo li etselitsoe hore li se ke tsa senyeha; ho e-na le hoo, Molimo ea li entseng o tšepisa hore o tla etsa hore li be teng ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 148:4-6) Ha a bolele hore na o tla etsa seo joang, empa ka sebele ke ntho e utloahalang hore Ea bōpileng bokahohle o na le matla a ho etsa hore li be teng ka ho sa feleng, feela joalokaha sehahi se hloahloa se ka ’na sa lula se ntse se nchafatsa ntlo ea sona eo se ikahetseng eona le lelapa la sona.

Thoriso le Tlhompho li Lokela ho Lebisoa ho Mang?

Ho nahana ka melao e seng mekae e laolang bokahohle ho etsa hore taba ena e re hlakele hantle. Na ha re hlolloe ha re nahana ka hore na ke mang ea entseng hore sepakapaka se seholohali se tlale ka linaleli tse se nang palo, ea etsang hore li lule li le libakeng tsa tsona ka matla a khoheli, le ea etsang hore li lule li ntse li le teng?

Ho Esaia 40:26 re fumana mabaka a mang a etsang hore re hlolloe joalo: “Phahamisetsang mahlo holimo ’me le bone. Ke mang ea bōpileng lintho tsee? Ke Ea hlahisang lekhotla la tsona ka palo, e ’ngoe le e ’ngoe o e bitsa le ka lebitso.” Ka tsela e loketseng, linaleli li bapisoa le lekhotla, le entsoeng ka lebotho le leholo la sesole. Haeba lekhotla leo le se na molaoli oa lona, le ka tšoana le mokhopi oa batho feela o se nang taolo. Haeba ho ne ho se na melao e tsoang ho Jehova, lipolanete, linaleli le lihlopha tsa linaleli li ne li ke ke tsa tsamaea ka tsela e laolehileng litselaneng tsa tsona; e ne e tla ba moluba-lube feela. Ak’u nahane feela ka lekhotla la masole a libilione leo Molaoli oa lona a le laolang hantle, a bile a tseba lesole le leng le le leng ka lebitso, a tseba moo kaofela a leng hona teng le maemo a ’ona ka ho fapana!

Melao e laolang maholimo e re fa tlhasenyana feela ea tsela e phahameng ka ho fetisisa eo Molaoli enoa a nahanang ka eona. Ke mang ea neng a ka etsa melao eo le ea neng a ka etsa hore batho ba ngole lintho tse nepahetseng ka eona lilemo tse makholo, esita le tse likete pele bo-rasaense ba e utloisisa? Ka hona, ntle le qea-qeo, bokahohle bo re fa mabaka ’ohle a hore re fe Jehova “khanya le tlhompho.”—Tšenolo 4:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 11 Ke ntho e hlollang hore ebe Bibele e re lefatše ke selikalikoe, kapa qitikoe, joalokaha lentsoe le sebelisitsoeng la Seheberu le ka fetoleloa. Aristotle le Bagerike ba bang ba mehleng ea boholo-holo, ba ne ba lumela hore lefatše ke selikalikoe, empa ho ne ho ntse ho phehisanoa khang ka taba ena le lilemong tse likete ka mor’a bona.

^ ser. 13 Papiso ena e sebelisitsoe hangata ka Bibeleng.—Jobo 9:8; Pesaleme ea 104:2; Esaia 42:5; 44:24; 51:13; Zakaria 12:1.

^ ser. 22 E ka ’na eaba ha ho buuoa ka “sehlopha sa linaleli sa Kima,” ho ne ho boleloa sehlopha sa linaleli sa Pleiades. “Sehlopha sa linaleli sa Kesile” e ka ’na eaba e ne e le sehlopha sa linaleli sa Orion. Ho nka lilemo tse likete-kete hore lihlopha tse joalo tsa linaleli li fetohe ka tsela e bonahalang.

^ ser. 27 Kaha Jehova o sebelisitse Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši e le “mosebetsi ea hloahloa” ha a etsa lintho tsohle, mantsoe a temana ena a ka sebetsa le ho Mora.—Liproverbia 8:30, 31; Bakolose 1:15-17; Baheberu 1:10.

^ ser. 29 Lekholong la bo19 la lilemo, rasaense William Thomson, ea tsebahalang hape ka hore ke Lord Kelvin, o ile a sibolla molao oa bobeli o amanang le tsela eo mocheso le matla a tlhaho li sebelisanang ka eona, e leng sona se etsang hore ka mor’a nako lintho tsa tlhaho li senyehe kapa li fele. Ho hlahlobisisa Pesaleme ea 102:25-27 ke e ’ngoe ea lintho tse ileng tsa mo susumelletsa hore a etse qeto eo.

[Lebokose/Litšoantšo tse maqepheng a 24, 25]

 Motho ea Bileng le Tšusumetso e Khōlō

“Aristotle e ne e le rafilosofi le rasaense e moholo ka ho fetisisa mehleng ea boholo-holo.” Sena se boletsoe ke buka e nang le sehlooho se reng The 100—A Ranking of the Most Influential Persons in History. Ho bonolo ho bona hore na ke hobane’ng ha monna eo ea ikhethang a hlalosoa ka litsela tse kang ena. Aristotle (384-322 B.C.E.) e ne e le morutoana oa rafilosofi ea tummeng, Plato, ’me hamorao o ile a koetlisa khosana eo hamorao e ileng ea e-ba Alexandere e Moholo. Ho latela lethathamo la libuka tsa boholo-holo, Aristotle o ngotse libuka tse ka bang 170, ’me tse 47 ho tsona li ntse li le teng le kajeno. O ile a ngola haholo ka bolepi ba linaleli, baeloji, k’hemistri, thuto ka liphoofolo, fisiks, jeoloji le thuto ka kelello ea motho. Ho ile ha feta lilemo tse makholo pele ho ka ithutoa tse ling tsa lintho tse hlollang ka lintho tse phelang, tseo eena e neng e le khale a ile a li hlokomela le ho ruta ka tsona. Buka eo ea The 100 e re: “Aristotle o bile le tšusumetso e khōlō likhopolong tsohle tseo hamorao batho ba Linaha Tsa Bophirimela ba bileng le tsona.” Leha ho le joalo, ea phaella: “Aristotle o ile a ratoa haholo hoo ho elella bofelong ba lilemo tse bohareng, e neng e se e ka ke molingoana ea rapeloang.”

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Royal Astronomical Society / Photo Researchers, Inc.

From the book A General History for Colleges and High Schools, 1900

[Setšoantšo se maqepheng a 26, 27]

Matla a khoheli a etsa hore lihloliloeng tsa leholimo li lule li le libakeng tsa tsona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

NASA and The Hubble Heritage Team (AURA/STScl)

[Setšoantšo se maqepheng a 26, 27]

Sehlopha sa linaleli sa Pleiades

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Linaleli tse ling li shoa ka ho phatloha ho hoholo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

ESA/Hubble

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ho thehoa linaleli tse ncha khaseng e tsoang linaleling tse phatlohileng

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

J. Hester and P. Scowen (AZ State Univ.), NASA

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 24]

© Peter Arnold, Inc./Alamy