Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ne ba nka batho ba maemong a tlaase joang?

Lekholong la pele la lilemo C.E., batho ba maemong a phahameng sechabeng esita le baeta-pele ba bolumeli Iseraele, ba ne ba khesa batho ba neng ba sa ruteha hakaalo kapa ho hang ba sa ruteha. Bafarisi ba qotsoa moo ba reng: “Bongata bona bo sa tsebeng Molao ke batho ba rohakiloeng.”—Johanne 7:49.

Lingoliloeng tse ling ntle le Bibele li bontša hore batho ba neng ba le maemong a phahameng ba ne ba nyefola batho ba sa rutehang ka ho ba bitsa ʽam ha·ʼaʹrets, kapa “batho ba naha.” Qalong, polelo ena e ne e le e hlomphang batho ba sebaka se itseng. E ne e sa akarelletse batho ba futsanehileng le ba tlaasana feela, empa le ba maemong a phahameng.—Genese 23:7, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe; 2 Marena 23:35; Ezekiele 22:29.

Leha ho le joalo, mehleng ea Jesu polelo ena e ne e sebelisoa ho nyefola bao ho neng hothoe ha ba tsebe Molao oa Moshe kapa ba neng ba sa latele litloaelo tsa bo-rabi ka botlalo. Mishnah (e leng pokello ea lintho tseo e ileng ea e-ba motheo oa Talmud) e lemosa hore ho se ke ha luloa malapeng a ʽam ha·ʼaʹrets. Ho latela The Encyclopedia of Talmudic Sages, setsebi sa lekholong la bobeli la lilemo Rabi Meir o ne a re: “Ha motho a lumela hore morali oa hae a nyaloe ke am ha’aretz ho tšoana le ha a mo fasa ebe o mo beha ka pel’a tau e mo hatikelang pele e mo harola.” Talmud e qotsa rabi e mong a re, “batho ba sa rutehang ba ke ke ba tsosoa bafung.”

Ka Bibeleng lebitso Cesare le emela’ng?

Cesare e ne e le fane ea Gaius Julius Caesar (Cesare) oa Moroma, eo e neng e le ’musi oa Roma oa mohatelli ea khethiloeng ka 46 B.C.E. Babusi ba ’maloa ba Baroma ba ileng ba hlahlama ba ile ba khetha ho sebelisa fane eo ea Cesare, ho akarelletsa le ba bararo ba boletsoeng ka Bibeleng—Augustase, Tiberiuse le Claudiase.—Luka 2:1; 3:1; Liketso 11:28.

Ka 14 C.E., Tiberiuse e ile ea e-ba moemphera ’me a busa nakong eohle ea tšebeletso ea Jesu. Ka hona, e ne e le eena Cesare ea neng a busa ha Jesu a ne a araba potso e neng e botsoa mabapi le lekhetho, a re: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.” (Mareka 12:17) Ka ho hlakileng, Jesu ha a araba o ne a sa bue ka Tiberiuse feela. Ho e-na le hoo, lebitso “Cesare” le ne le emela ’Muso ka booona kapa taolo eohle ea oona.

Hoo e ka bang ka 58 C.E. ha moapostola Pauluse a ne a tšoaroa ka leeme, o ile a sebelisa tokelo ea hae joaloka Moroma eaba o ipiletsa ho Cesare. (Liketso 25:8-11) Ka ho etsa joalo, ka ho khetheha Pauluse o ne a sa batle ho ahloloa ke Nero, e leng moemphera oa nakong eo, empa o ne a batla ho ahloloa ke lekhotla la ’muso le phahameng ka ho fetisisa.

Fane ea Cesare e ile ea amahanngoa le ’muso hoo leha ho se ho sa buse leloko la Cesare, fane eo e ileng ea sala e se e le tlotla e sebelisoang ho babusi.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Denari ea silevera e nang le setšoantšo sa Tiberiuse