Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Mefuta e Supileng ea Lihlahisoa” Tsa Naha e Ntle

“Mefuta e Supileng ea Lihlahisoa” Tsa Naha e Ntle

“Mefuta e Supileng ea Lihlahisoa” Tsa Naha e Ntle

KA BIBELENG, naha ea Iseraele e hlalosoa e le naha e nang le maralla le likhohlo, lithota tse haufi le leoatle le lihlaba, linōka haesita le liliba. Ka lebaka la ho ba le mefuta ea mobu e sa tšoaneng le maemo a leholimo a fapa-fapaneng, ho akarelletsa le lehoatata le ka boroa ho naha le lehloa le lithabeng tse ka leboea, naha ena e ne e hlahisa lijalo tse ikhethang tsa mefuta-futa. Ha Moshe a ne a leotsa tjantjello ea Baiseraele mabapi le ‘naha e ntle’ e neng e ba emetse, o ile a re ke “naha ea koro le harese le lifate tsa morara le lifeiga le likharenate, naha ea oli ea mehloaare le mahe a linotši,” ka ho khetheha a qolla lihlahisoa tse supileng tsa temo.—Deuteronoma 8:7, 8.

Ho tla fihlela kajeno, poleloana e reng “mefuta e supileng ea lihlahisoa” e ntse e sebelisetsoa ho hlalosa lihlahisoa tsa naha eo. Ka linako tse sa tšoaneng, lijalo tsena li ’nile tsa hlaha cheleteng ea tšepe ea naha le litempeng tsa poso e le letšoao la hore naha eo e beha haholo. Li ne li lengoa joang mehleng ea Bibele? Li ne li ama tsela eo batho ba phelang ka eona joang? A re boneng.

“Koro le Harese” Le hoja ka bobeli koro le harese li ne li jaloa nakong ea hoetla, harese e ne e butsoa khoeli pele ho koro. Ngata ea lithollo tsa pele tsa kotulo ea harese e ne e tlisoa tempeleng e le nyehelo ho Jehova nakong ea Mokete oa Bohobe bo sa Lomosoang, ka khoeli ea March kapa April. Ka lehlakoreng le leng, ho ne ho etsoa nyehelo ea mahobe a koro ka Mokete oa Libeke kapa oa Pentekonta ka khoeli ea May.—Levitike 23:10, 11, 15-17.

Makholo a lilemo a fetileng ho tla fihlela lilemong tsa morao tjena, balemi ba Iseraele ba ne ba jala peō ea lijo-thollo ka letsoho, ba e tšela lemenong la seaparo ebe joale baa e hasanya. Lijo-thollo tsa harese li ne li hasoa feela mobung. Leha ho le joalo, peō ea koro eona e ne e lokela ho koaheloa ka mobu. E ne e kenngoa mobung ka hore peō e hatikeloe ke liphoofolo tse sebetsang kapa hore tšimo e lengoe hape.

Hangata Bibele e bua ka ho jala, ho kotula, ho pola, ho olōsa le ho sila lijo-thollo. Mohato o mong le o mong o ne o hloka boikitlaetso bo matla. Letsatsi ka leng, lijo-thollo tse kotutsoeng li ne li siloa lapeng hore e be phofo ebe joale ho etsoa bohobe bakeng sa lelapa. Sena se etsa hore re utloisise taelo ea Jesu e reng re rapelle “bohobe ba rōna ba letsatsi.” (Matheu 6:11) Bohobe ba koro kapa ba harese e ne e le lijo tsa letsatsi le letsatsi tsa batho mehleng ea Bibele.—Esaia 55:10.

“Lifate Tsa Morara le Lifeiga le Likharenate” Ka mor’a hore Moshe a etelle sechaba sa habo pele ka lilemo tse 40 lefelleng, o ile a etsa hore se lebelle ntho e khahlisang—e leng ho ja litholoana tsa Naha e Tšepisitsoeng. Lilemo tse mashome a mane pele ho moo, ke eng seo lihloela tse leshome li ileng tsa khutlela le sona litenteng tsa Baiseraele tse lefelleng e le bopaki ba hore Naha e Tšepisitsoeng e beha haholo? Li ile tsa khutla le “letlōbō le nang le lesihla le le leng la morara” le boima hoo le ileng la jaroa ke “banna ba babeli holim’a palo.” Hape li ile tsa tla le lifeiga le likharenate. Oo e ne e le morara o lutlisang mathe hakaakang ho batho bao ba neng ba lelera lefelleng! Eo e ne e le tatso feela ea lintho tse monate tse ba emetseng!—Numere 13:20, 23.

E le hore lifate tsa morara li lule li beha haholo, li ne li lokela ho hlokomeloa kamehla—li faoloe, li nosetsoe le ho kotuloa. Serapa sa morara se leralleng se hlokometsoeng hantle se ne se e-ba le motero o sireletsang, makorota a makhethe le lephephe la molebeli. Baiseraele ba ile ba ithuta mosebetsi o neng o lokela ho etsoa serapeng sa morara ’me ba ne ba utloisisa hantle se tla etsahala haeba ba o hlokomoloha.—Esaia 5:1-7.

Ha ba ne ba kotula morara, joale ba ne ba qala ho etsa veine. Masihla a morara a ne a hatikeloa ka har’a faki kapa sehatelong sa veine. Lero le ne le belisoa e le hore le ntšoe tsoekere ea tlhaho kapa le lomosoa hore e be veine. Naha ea Iseraele e ne e hlohonolofalitsoe ka boemo bo botle ba leholimo bo lumellang morara hore o mele le hore ho etsoe le veine. *

Mohlomong batho ba lulang hōle le moo feiga e melang teng ba e bona e se e le mangangajane feela kapa e khotliloe. Feiga e sa tsoa khuoa sefateng e bonahala e le tholoana e fapaneng haholo—e tsoekere ebile e na le lero. Lifeiga li lokela ho omisoa letsatsing ’me li tšeloe lipaketeng e le hore li lule li le teng nako e telele ka mor’a nako ea tsona e khutšoanyane ea kotulo. Bibele e bua khafetsa ka “mahobe a lifeiga tse khotliloeng.”—1 Samuele 25:18.

Ha ho petsoloa letlalo la kharenate e butsoitseng ho hlaha “litholoananyana” tse makholo-kholo tse petetsaneng, tse loketseng ho jeoa kapa ho etsoa lero—lia hlabosa, li tletse phepo ebile lia khatholla. Tsela eo kharenate e neng e nkoa e le ea bohlokoa ka eona e bonahala ka hore ebe setšoantšo sa eona se ne se khabisa lemeno la se seng sa liaparo tsa moprista ea phahameng le litšiea tsa tempele ea Solomone.—Exoda 39:24; 1 Marena 7:20.

“Mehloaare le Mahe a Linotši” Bibele e bua ka mohloaare ka makhetlo a ka bang 60, e leng mohloli oa bohlokoa oa lijo le oli. Meru ea lifate tsa mohloaare e ntse e fumaneha likarolong tse ngata Iseraele. (Deuteronoma 28:40) Ho tla fihlela kajeno, kotulo ea October ke mosebetsi o etsoang ke lelapa metseng e mengata. Bakotuli ba otla makala a sefate hore mehloaare e oe e be joale ba bokella litholoana tse oetseng fatše. Mehloaare ea bolokoa ’me e sebelisoa e le lijo tsa lelapa selemo kaofela kapa e isoa sehatelong sa oli sa sechaba. Ha e le hantle, ho ’nile ha fumanoa lihatelo tsa khale tse makholo tsa mefuta e fapa-fapaneng libakeng tseo baepolli ba lintho tsa khale ba sebelitseng ho tsona. Kajeno, hoa thahasellisa ho bona oli e botala bo khanyang e tšeloa ka likupung e le hore e sebelisoe ke lelapa selemo kaofela kapa e rekisoe. Ho phaella tabeng ea hore e ne e sebelisoa lijong, oli ea mohloaare e ne e boetse e sebelisoa e le setlolo le oli ea mabone.

Mahe a linotši ao Moshe a ileng a bua ka ’ona mohlomong e ne e le a hlahisitsoeng ke linotši kapa e le lero le ntšitsoeng deiting kapa morareng. Lero le ntšitsoeng litholoaneng tsena ka tloaelo le ntse le sebelisetsoa ho natefisa tatso. Empa ho hlakile hore mahe a linotši ao ho buuoang ka ’ona ka Bibeleng tlalehong ea Samsone le Jonathane e ne e le a tsoang khekheng ea linotši tsa naha. (Baahloli 14:8, 9; 1 Samuele 14:27) Sebaka sa polokelo ea linotši se fumanoeng haufinyane tjena, se nang le matlo a linotši a fetang 30 Tel Rehov, e ka leboea ho Iseraele, se bontša hore esale ho ruuoa linotši naheng eo ho tloha mehleng ea Solomone.

Kajeno, mang kapa mang ea itsamaelang ’marakeng o mebala-bala oa Iseraele—o nang le mabaka le litafole tse khōlō tse tletseng litholoana le meroho—o tla fumana “mefuta e supileng ea lihlahisoa” ka bongata, ka mekhoa e fapa-fapaneng. Ho hlakile hore mefuta ena e supileng, ke e seng mekae feela har’a matletsetletse a lihlahisoa tsa lijo tse fumanehang moo. Mekhoa ea temo ea morao-rao e entse hore batho ba khone ho lema lijalo tse tsoang linaheng tse ling. Nala ena eohle e bontša hore naha ena e nyenyane e fela e le kamoo e tummeng kateng hore ke “naha e ntle.”—Numere 14:7.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 9 Morara o ne o boetse o omisoa.—2 Samuele 6:19.

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Koro

[Setšoantšo se leqepheng la 11]

Harese

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Lifate tsa morara

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Lifeiga

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Likharenate

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Mehloaare

[Setšoantšo se leqepheng la 13]

Mahe a linotši