Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Mathōkong a Thaba-Mollo

Mathōkong a Thaba-Mollo

Lengolo le Tsoang Congo (Kinshasa)

Mathōkong a Thaba-Mollo

HA LETSATSI le phahama motseng oa Goma, leholimo le ba le ’mala o mopinki le o bosehla ba lamunu. Letsatsi le leng le le leng re bona botle bo hlollang ba Thaba ea Nyiragongo, ’me lefatšeng lohle ke e ’ngoe ea lithaba tse lulang li foqoha seretse se chesang. Nako le nako ho tsoa leru le lopaletseng la mosi o foqohang ka mohohlong oa thaba ena. Bosiu leru lena le ba lefubelu kaha le nka ’mala oa seretse se chesang se ka har’a mohohlo.

Ka Seswahili thaba ena e bitsoa Mulima ya Moto—e bolelang Thaba-Mollo. Thaba ea Nyiragongo e qetetse ho foqoha seretse se sengata ka 2002. Motseng oa Goma, baahelani ba rōna ba bangata hammoho le metsoalle ba ile ba senyeheloa ke ntho ’ngoe le e ’ngoe. Libakeng tse ling tseo ’na le monna oa ka re bolelang litaba tse molemo ho tsona, re tsamaea letlapeng le makukuno la seretse se hoammeng, ’me kea ipotsa hore na ho tsamaea khoeling teng ho joang. Empa batho bona ha ba thata joaloka ka letlapa leo. Ba matjato, ’me lipelo tsa bona li bonolo ebile li amohela litaba tse molemo tseo re li bolelang. Sena se etsa hore re thabele ho bolela litaba tse molemo mathōkong a Thaba-Mollo.

Hoseng ha Moqebelo ona ke tsoha ke e-na le tjantjello ea ho bolela litaba tse molemo. ’Na le monna oa ka, hammoho le metsoalle e re etetseng le baromuoa ba bang bao re sebetsang le bona, re tla qeta letsatsi re bolela litaba tse molemo kampong ea baphaphathehi e Mugunga, karolong e ka bophirimela ea toropo. Batho ba bangata ba lulang mona ba balehile litlhaselo tse sehlōhō metseng ea habo bona.

Re laela lingoliloeng tsa Bibele tsa Sefora, tsa Kiswahili (Seswahili) le tsa Sekinyarwanda ka terakeng. Ka mor’a moo re kena tseleng. Teraka ea re khohlopa ha e ntse e tsamaea ’mileng oa Route Sake, ’me sephethephethe sa motse sea qala. Bahlankana ba se ba ntse ba khanna li-chukudu tsa bona (e leng likariki tsa maiketsetso) tse laetseng thepa e ngata. Basali ba ithatetseng thekeng ka masela a mebala-bala ba tsamaeang ka bokhabane ka thōko ho tsela, ba roetse meroalo ea metonanahali hloohong. Ho na le sephethephethe sa litekesi tsa lithuthuthu tse isang batho mosebetsing le ’marakeng. Mona le mane ho na le matlo a lithupa a ferefiloeng ka pente e ntšo le e sootho ’me ho potoloha lifensetere le mamati ho pentiloe ka e ’mala o moputsoa.

Ha re fihla Holong ea ’Muso ea Ndosho re kopana le Lipaki Tsa Jehova tse ling tseo re il’o bolela litaba tse molemo le tsona kampong ea baphaphathehi. Kea khothala ha ke bona bacha, bahlolohali, likhutsana le batho ba nang le bokooa. Boholo ba batho bana ba bile mahlomoleng a maholo empa ba ntlafalitse bophelo ba bona ka hore ba etse qeto ea ho latela melao-motheo ea Bibele. Tšepo ea Bibele ea khanya lipelong tsa bona ’me ba chesehela ho e bolella batho ba bang. Ka mor’a seboka se sekhutšoanyane seo ho sona re filoeng litlhahiso tsa hore na ke litemana life tsa Bibele tse ka khothatsang batho bao re tla bua le bona, re ea tšimong re le bahoeletsi ba 130 ’me re tsamaea ka libese tse nyenyane tse hlano le vene e hulang ka mabili a mane.

Re fihla kampong ea baphaphathehi hoo e ka bang ka mor’a metsotso e 30. Ho na le litente tse nyenyane tse tšoeu tse baloang ka makholo tse hlomiloeng letlapeng la seretse se hoammeng. Bohareng ba kampo ena ho na le mekoloko e otlolohileng ea matloana le libaka tseo bohle ba ka hlatsoetsang ho tsona. Hohle ho tletse batho ba hlatsoang, ba phehang, ba polang linaoa le ba fielang mabala.

Re kopana le monna eo ho thoeng ke Ntate Jacques, ea ikarabellang karolong e ’ngoe ea kampo ena. O tšoenyehile ka ho hōlisa bana ba hae mehleng ena e thata. Oa thaba ha re mo fa buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang ’me o bolela hore o batla ho e bala ebe o mema batho ba ’maloa hore a ba phetele seo a ithutang sona.

Ha re ntse re e-ea pele, re kopana le mosali eo ho thoeng ke ’Mè Beatrice. O re botsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumella mahlomola. O nahana hore Molimo oa mo ahlola. Monna oa hae o ile a bolaoa ntoeng, morali oa hae ke ’mè ea se nang molekane ea tobaneng le mathata a ho hōlisa lesea la hae kampong moo, mora oa hae o ile koeteloa likhoeling tse ngata tse fetileng ’me ha a tsebe hore na o hokae.

Litaba tsena tse bohloko tsa ’Mè Beatrice li nkhopotsa kamoo e tlamehang ebe Jobo o ile a ikutloa kateng ha a ntse a bolelloa litaba tsohle tse bohloko tsa lintho tse ileng tsa mo hlahela. Re mo bontša hore na ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola ’me re mo tiisetsa hore mahlomola a hae hase kahlolo e tsoang ho Molimo. (Jobo 34:10-12; Jakobo 1:14, 15) Re boetse re totobatsa liphetoho tseo Molimo a tla tloha a li tlisa lefatšeng ka ’Muso oa hae. O qala ho bososela, ’me o bolela hore o ikemiselitse ho tsoela pele a ithuta Bibele le ho rapela Molimo hore a mo thuse.

Kaofela ha rōna re thabetse letsatsi lena ’me re lumela hore ruri Jehova o re thusitse hore re tlisetse batho bao re buisaneng le bona tšepo le khothatso. Ha re tloha kampong ena, baahi ba bangata ba tsoka lipampitšana, limakasine le libuka e le pontšo ea hore ba re re tsamaee hantle.

Ha re le tseleng re khutlela hae, re fumana nako ea ho busa mehopolo. Ke leboha haholo hore ebe ho ile ha etsoa tokisetso ea letsatsi lena le khethehileng. Ke hopola teboho e ileng ea bontšoa ke Ntate Jacques, ho imoloha ho ileng ha bonahala sefahlehong sa ’Mè Beatrice, mosali-moholo ea ileng a ntšoara ka letsoho le mofuthu a ntse a bososela a sa re letho. Ke hopola bacha ba ileng ba botsa lipotso tse utloahalang ’me ba bontša hore ba butsoitse le hoja ba sa le tlaase lilemong. Ke tsota matla a batho bao ke ba boneng ba bososela ba bile ba tšeha le hoja ba le har’a mahlomola a fetisisang.

Naheng ena, re bona batho ba bang ba bangata ba lekang ka tieo hore ba imolle batho ba mahlomoleng. E bile tlotla ea sebele ho sebelisa Bibele letsatsing lena ho bontša batho hore na ke eng e tla rarolla mathata a bona ka ho sa feleng. Ke thabela haholo hore ebe ke e mong oa batho ba etsang mosebetsi o moholo ka ho fetisisa o kileng oa etsoa lefatšeng lohle oa ho thusa batho ho ba le kamano e ntle le Jehova.