Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Lokela ho Lefa Makhetho?

Na U Lokela ho Lefa Makhetho?

Na U Lokela ho Lefa Makhetho?

KE BATHO ba seng bakae feela ba thabelang ho lefa makhetho. Ba bangata ba na le maikutlo a hore ho bapaloa ka chelete ea bona ea lekhetho, e sebelisetsoa merero esele kapa e sebelisoa ka bolotsana bo totobetseng. Leha ho le joalo, ba bang ba hana ho lefa lekhetho ka lebaka la matsoalo a bona. Ha baahi ba toropo e ’ngoe ea Bochabela bo Hare ba hlalosa mabaka a bona a ho hana ho lefa lekhetho ba ile ba re: “Re ke ke ra lefella likulo tse bolaeang bana ba rōna.”

Maikutlo a joalo a tloaelehile ebile ha a macha. Ha moeta-pele oa Mohindu ea seng a hlokahetse, e leng Mohandas K. Gandhi, a bolela hore na ke hobane’ng ha letsoalo la hae le sa mo lumelle ho lefa lekhetho, o ile a re: “Mang kapa mang ea tšehetsang Naha e busoang ke sesole, ebang ke ka tsela e tobileng kapa e sa tobang, o etsa sebe. Monna ofe kapa ofe, ebang o hōlile kapa o mocha o etsa sebe ha a tšehetsa Naha ka ho lefa makhetho.”

Ka tsela e tšoanang, rafilosofi oa lekholong la bo19 la lilemo e leng Henry David Thoreau o ile a bolela hore o hana ho lefa lekhetho le tšehetsang ntoa hobane letsoalo la hae le sa mo lumelle. O ile a re: “Na le ka mohla moahi o lokela ho lumella moetsi oa molao hore a mo etsetse liqeto tseo a lokelang ho iketsetsa tsona ho latela letsoalo la hae? Haeba ho joalo, ke hobane’ng ha motho e mong le e mong a e-na le letsoalo?”

Taba ena e ama Bakreste, hobane Bibele e ruta ka ho hlakileng hore ba lokela ho lula ba e-na le matsoalo a hloekileng litabeng tsohle. (2 Timothea 1:3) Ka lehlakoreng le leng, Bibele e boetse ea lumela hore mebuso e na le matla a ho bokella makhetho. E re: “Moea o mong le o mong o ke o ipehe tlas’a balaoli ba phahameng [mebuso ea batho], kaha ha ho na bolaoli haese ka Molimo; balaoli ba leng teng ba behiloe ke Molimo maemong a bona a lekanyelitsoeng. . . . Ka hona ho na le lebaka le qobellang la hore le ipehe tlaase, eseng feela ka lebaka la khalefo eo empa hape ka lebaka la matsoalo a lōna. Etsoe ke ka lebaka leo hape le lefang makhetho; kaha ke bahlanka ba Molimo sechabeng bao kamehla ba sebeletsang morero oona ona. Fang bohle tse ba lokelang, ea batlang lekhetho, le mo fe lekhetho.”—Baroma 13:1, 5-7.

Ka lebaka leo, Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba tsebahala ka ho se tsilatsile ho lefa makhetho, le hoja karolo e khōlō ea ’ona e ne e tšehetsa sesole. Lipaki Tsa Jehova tsa mehleng ea kajeno le tsona li etsa se tšoanang. * Ho utloahala eka taba ena ea ikhanyetsa, ebe e ka hlalosoa joang? Na Mokreste o lokela ho iphapanyetsa letsoalo la hae ha a tšoanela ho lefa lekhetho?

Makhetho le Letsoalo

Ntlha ea bohlokoa ke hore karolo e itseng ea makhetho ao Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba laeloa hore ba a lefe e ne e sebelisetsoa ho tšehetsa sesole. Ena ke eona taba e neng e tšoenya letsoalo la Gandhi le la Thoreau e ileng ea etsa hore hamorao ba hane ho lefa makhetho.

Hlokomela hore Bakreste ba ne ba mamela taelo e ho Baroma khaolo ea 13 “ka lebaka la matsoalo a [bona],” eseng feela ka lebaka la ho qoba kotlo. (Baroma 13:5) Ke ’nete hore letsoalo la Mokreste le hlile le mo tlama hore a lefe makhetho, le hoja a sebelisetsoa ho tšehetsa mesebetsi eo a sa lumellaneng le eona. E le hore re utloisise taba ena e kang ea ikhanyetsa, re lokela ho hlokomela taba e ka sehloohong mabapi le letsoalo la motho, leo e kang lentsoe le ka hare ho rōna le re bolellang hore na seo re se etsang se nepahetse kapa se fosahetse.

Joalokaha Thoreau a ile a bolela, motho e mong le e mong o na le lentsoe le joalo ka hare ho eena, empa hase hakaalo hore lea tšepahala. E le hore re khahlise Molimo, matsoalo a rōna a lokela ho lumellana le melao ea hae ea boitšoaro. Hangata re lokela ho lumellanya tsela eo re nahanang ka eona kapa eo re talimang lintho ka eona le ea Molimo, hobane menahano ea hae e phahametse ea rōna. (Pesaleme ea 19:7) Ka lebaka leo, re lokela ho ikemisetsa ho utloisisa tsela eo Molimo a talimang mebuso ea batho ka eona. O e talima joang?

Rea hlokomela hore moapostola Pauluse o ile a re mebuso ea batho ke “bahlanka ba Molimo sechabeng.” (Baroma 13:6) Seo se bolela’ng? Ha e le hantle se bolela hore ba tiisa hore ho na le taolo ebile ba etsetsa sechaba mesebetsi ea bohlokoa. Esita le mebuso e khohlahetseng ka ho fetisisa e atisa ho fana ka litšebeletso tse kang tsa poso, thuto, litima-mollo le toantšo ea tlōlo ea molao. Le hoja Molimo a bona liphoso tsa mebuso ea batho ka botlalo, o e mameletse ka nakoana ebile o re laela hore re lefe makhetho hobane re hlompha tokisetso ea hae ea ho lumella mebuso ea mofuta oo hore e buse batho.

Leha ho le joalo, Molimo o lumeletse mebuso ea batho hore e buse ka nako e seng kae feela. Ke thato ea hae hore a tlose mebuso ena kaofela, sebakeng sa eona a hlome ’Muso oa hae oa leholimo ’me qetellong a felise mahlomola ’ohle ao mebuso ea batho e a baketseng batho ka lilemo tse makholo. (Daniele 2:44; Matheu 6:10) Leha ho le joalo, pele Molimo a etsa seo, ha a laele Bakreste hore ba etsise sechaba ha se hlompholla mebuso ka ho hana ho lefa makhetho kapa ka tsela leha e le efe e ’ngoe.

Ho thoe’ng haeba u sa ntse u e-na le maikutlo a tšoanang le a Gandhi a hore ho lefa makhetho a tšehetsang ntoa ke sebe? Feela joalokaha re bona sebaka hantle ha re hloella qhooeng, ho ka ba bonolo hore re fetole tsela eo re nahanang ka eona hore e tšoane le ea Molimo haeba re thuisa ka hore na tsela eo a talimang lintho ka eona e phahame hakae ha e bapisoa le ea rōna. Molimo o ile a laela moprofeta Esaia hore a re: “Joalokaha maholimo a phahametse lefatše, le litsela tsa ka li phahametse litsela tsa lōna, le menahano ea ka e phahametse menahano ea lōna.”—Esaia 55:8, 9.

Na e na le Matla a Feletseng?

Ha Bibele e ruta batho hore ba lefe makhetho, ha e bolele hore mebuso ea batho e fuoe matla a feletseng holim’a bahlanka ba eona. Jesu o rutile hore Molimo o fa mebuso ena matla a seng makae feela. Ha Jesu a ne a botsoa hore na ho loketse mahlong a Molimo ho lefa makhetho ’musong oa Roma o neng o busa ka nako eo, o ile a araba ka polelo ena e matla: “Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo.”—Mareka 12:13-17.

Mebuso—e emeloang ke “Cesare”—e etsa chelete ebile e etsa qeto ea hore na e na le matla a makae a ho reka. Kahoo, Molimo o nka hore e na le tokelo ea ho laela hore chelete eo e khutlisetsoe ho eona ka hore ho lefuoe makhetho. Empa, Jesu o ile a re ha ho na ’muso leha e le ofe oa batho o nang le tokelo ea ho batla “lintho tsa Molimo”—e leng bophelo ba rōna le borapeli ba rōna. Ha melao ea batho kapa litaelo tsa bona li hanyetsana le melao ea Molimo, Bakreste ba “tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.

Kajeno Bakreste ba ka ’na ba tšoenngoa ke tsela eo makhetho a mang ao ba a lefang a sebelisoang ka eona, empa ha ba leke ho susumetsa kapa ho kena-kenana le seo ’muso o se etsang ka hore ba o hanyetse kapa ba hane ho lefa makhetho. Seo se ne se ka bontša hore ha ba tšepe tsela ea Molimo ea ho rarolla mathata a batho. Ho e-na le hoo, ka mamello ba letela nako eo Molimo a e behileng ea ho kenella litabeng tsa batho ka puso ea Mora oa hae, e leng Jesu, ea ileng a re: “’Muso oa ka hase karolo ea lefatše lena.”—Johanne 18:36.

Melemo ea ho Latela Lithuto Tsa Bibele

U ka fumana melemo e mengata ka ho latela seo Bibele e se rutang mabapi le ho lefa makhetho. U tla qoba kotlo e behetsoeng batho ba tlōlang molao ebile u ke ke ua tšaba hore u tla tšoaroa. (Baroma 13:3-5) Ntho ea bohlokoa le ho feta ke hore u tla ba le letsoalo le hloekileng ka pel’a Molimo ’me u tla bontša hore ua mo hlompha ha u boloka molao. Le hoja u ka senyeheloa ke chelete ha u bapisoa le batho ba sa lefeng makhetho kapa esita le ba qhekellang tseleng eo ba a lefang ka eona, u ka kholiseha hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla hlokomela bahlanka ba hae ba tšepahalang. Ha mongoli oa Bibele Davida a bua ka taba ena o ile a re: “Nkile ka ba mohlankana, ke se ke tsofetse, leha ho le joalo ha ke e-s’o bone mang kapa mang ea lokileng a tloheloa ka ho feletseng, kapa bana ba hae ba batla bohobe.”—Pesaleme ea 37:25.

Ntlha ea ho qetela ke hore ho utloisisa le ho latela taelo ea Bibele ea hore u lefe makhetho, ho tla etsa hore u imolohe kelellong. Feela joalokaha molao o sa nke hore ua ikarabella ka seo mong’a ntlo a se etsang ka rente eo u mo lefang eona, Molimo ha a nke hore ua ikarabella ka sohle seo mebuso e se etsang ka makhetho ao u a lefang. Pele monna ea bitsoang Stelvio a ithuta ’nete ea Bibele, o ile a qeta lilemo a loanela hore ho be le liphetoho litabeng tsa lipolotiki karolong e ka boroa ea Europe. Ha a hlalosa hore na ke hobane’ng ha a ile a beha meja fatše, o re: “Ke ile ka tlameha ho lumela hore motho a ke ke a etsa hore ho be le toka, khotso le kutloano lefatšeng. Ke ’Muso oa Molimo feela o ka hlang oa etsa hore ho be le liphetoho le lintlafatso lefatšeng.”

Haeba u ka etsisa Stelvio, ’me ka botšepehi ua ‘lefa Molimo lintho tsa Molimo,’ le uena u ka ba le tšepo eo. U tla ba teng ha Molimo a tlisa puso ea ho loka lefatšeng lohle, a felisa tšenyo le ho hloka toka tse bakiloeng ke puso ea motho.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Hore u fumane boitsebiso bo mabapi le kamoo Lipaki Tsa Jehova li lefang makhetho kateng, sheba Molula-Qhooa oa November 1, 2002, leqepheng la 12, serapeng sa 15 le oa May 1, 1996, leqepheng la 16, serapeng sa 7.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 22]

Re lokela ho lumellanya tsela eo re nahanang ka eona kapa eo re talimang lintho ka eona le ea Molimo, kaha menahano ea hae e phahametse ea rōna

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 23]

Kaha ka boikokobetso Bakreste ba lefa makhetho, ba na le matsoalo a matle ka pel’a Molimo ’me ba bontša hore ba na le tšepo ea hore o tla ba hlokomela

[Litšoantšo tse leqepheng la 22]

“Lefang Cesare lintho tsa Cesare, empa le lefe Molimo lintho tsa Molimo”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Copyright British Museum