O Qosoa ka Bohata!
Tsa Bacha
O Qosoa ka Bohata!
JOSEFA—KAROLO EA 2
Litaelo: Balla mangolo ana moo ho khutsitseng. Ha u ntse u a bala, nka hore u boemong boo. Ipone u le moo. Utloa ha batho bao ba bua. Ikutloe joaloka batho bao ho buuoang ka bona. Phelisa seo u se balang.
Batho ba ka sehloohong tlalehong ena: Josefa, Potifaro le mosali oa hae
Kakaretso: Josefa o kenngoa chankaneng le hoja a se na molato, empa Jehova o na le eena.
1 NAHANISISA KA KETSAHALO ENA.—BALA GENESE 39:7, 10-23.
U nahana hore mosali oa Potifaro o ne a bua joang ha a qosa Josefa ka bohata?
․․․․․
Ha u nahana ntlo ea chankana e ne e le joang?
․․․․․
Qalong Josefa o ile a tlameha ho mamella tšoaro ea mofuta ofe ha a le chankaneng? (Ntlha e thusang: Bala Pesaleme ea 105:17, 18.)
․․․․․
2 AK’U JE MASAPO A HLOOHO.
Haeba tumelo ea Josefa e ne e fokola, o ne a ka ’na a etsa qeto efe e fosahetseng ha a ntse a le chankaneng? (Ntlha e thusang: Bala Jobo 30:20, 21.)
․․․․․
Re tseba joang hore Josefa ha aa ka a beha Jehova molato ka mahlomola a hae? (Ntlha e thusang: Bala Genese 40:8; 41:15, 16.)
․․․․․
U nahana hore ke litšobotsi life tse ileng tsa thusa Josefa hore a mamelle ho kenngoa chankaneng le hoja a se na molato? (Ntlha e thusang: Bala mangolo a latelang u be u nahanisise ka ’ona: Mikea 7:7; Luka 14:11; Jakobo 1:4.)
․․․․․
Josefa o ile a koetlisoa joang chankaneng, ’me e ka ’na eaba see se ile sa mo thusa joang hamorao? (Ntlha e thusang: Bala․․․․․
3 SEBELISA SEO U ITHUTILENG SONA. NGOLA SEO U ITHUTILENG SONA MABAPI LE . . .
Melemo e fumanoang ke batho ba tšepahalang ha ba lekoa.
․․․․․
Kamoo mathata a ka u koetlisang kateng.
․․․․․
Kamoo Jehova a re thusang kateng ha re lekoa.
․․․․․
LINTHO TSE LING TSEO U KA ITHUTANG TSONA.
Na u kile ua hlaheloa ke boemo boo ha u le bona u ileng ua ikutloa u khathatsehile u bile u jeoa ke bolutu? Ebe Jehova o ne a ntse a u thusa joang le nakong eo u neng u le litekong? (Ntlha e thusang: Bala lengolo lena u be u nahanisise ka lona: 1 Bakorinthe 10:13.)
․․․․․
4 U ITHUTILE ENG EA BOHLOKOA TLALEHONG EE, HONA HOBANE’NG?
․․․․․
Haeba u se na Bibele, e kōpe ho Lipaki Tsa Jehova kapa u bale lingoliloeng tse ling tsa Bibele inthaneteng ho www.watchtower.org