Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Tsejoa ke Jehova?

Na U Tsejoa ke Jehova?

Na U Tsejoa ke Jehova?

“Jehova o tseba ba hae.”—2 TIM. 2:19.

1, 2. (a) Jesu o ne a amehile ka eng? (b) Ke lipotso life tseo re lokelang ho nahana ka tsona?

KA LETSATSI le leng Mofarisi e mong o ile a tla ho Jesu ’me a ’motsa a re: “Taelo e khōlō ke efe Molaong?” Jesu o ile a re: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.” (Mat. 22:35-37) Jesu o ne a rata Ntate oa hae ea leholimong haholo ’me ka sebele o ile a bontša seo. Jesu o ne a boetse a amehile ka kamano ea hae le Jehova, ’me o ile a bontša sena ka hore ebe o ile a tšepahala bophelong ba hae. Kahoo, nakoana pele Jesu a shoa, o ne a ka bolela hore Molimo o ne a mo tseba e le ea ileng a mamela litaelo tsa Hae ka botšepehi. Kahoo, Jesu o ile a lula leratong la Jehova.—Joh. 15:10.

2 Batho ba bangata kajeno ba bolela hore ba rata Molimo. Ha ho pelaelo hore le rōna re ipalella har’a batho bao. Leha ho le joalo, lintlha tsa bohlokoa tseo re lokelang ho nahana ka tsona ke tsena: ‘Na ke tsejoa ke Molimo? Jehova o ntalima joang? Na ke tsejoa ke le oa hae?’ (2 Tim. 2:19) Ruri ke tlotla e khōlō ho nahana ka hore re ka ba le kamano e haufi joalo le ’Musi oa bokahohle!

3. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba belaella hore ke ba Jehova, ’me ba ka thusoa ke’ng hore ba hlōle monahano o joalo?

3 Leha ho le joalo, batho ba bang ba ratang Jehova haholo ba thatafalloa ho lumela hore Molimo e ka ba motsoalle oa bona. Ba bang ba ikutloa eka ha ba na thuso, kahoo ba belaella taba ea hore ke ba Jehova. Leha ho le joalo, ruri rea thaba hore ebe Molimo o re talima ka tsela e fapaneng! (1 Sam. 16:7) Moapostola Pauluse o ile a re ho Bakreste-’moho le eena: “Haeba leha e le mang a rata Molimo, enoa o tsejoa ke eena.” (1 Bakor. 8:3) Ke habohlokoa haholo hore u rate Molimo e le hore u tsejoe ke eena. Nahana ka sena: Ke hobane’ng ha u bala makasine ee? Ke hobane’ng ha u ikitlaelletsa ho sebeletsa Jehova ka pelo ea hao eohle, moea oa hao oohle, kelello ea hao eohle le matla a hao oohle? Haeba u inehetse ho Molimo ’me u kolobelitsoe, ke eng e ileng ea etsa hore u nke mehato eo? Bibele e bolela hore Jehova ea hlahlobang lipelo o hula ba lakatsehang. (Bala Hagai 2:7; Johanne 6:44.) Kahoo, u ka fihlela qeto ea hore u sebeletsa Jehova hobane a u hutse. Le ka mohla a ke ke a tlohela bao a ba hutseng haeba ba lula ba tšepahala. Molimo o ba nka e le ba bohlokoa haholo ’me o ba rata haholo.—Pes. 94:14.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re nahanisisa ka taba ea ho tsejoa ke Molimo?

4 Ha Jehova a se a re hutse, re lokela ho ameha ka hore re lule leratong la hae. (Bala Juda 20, 21.) Hopola hore Bibele e bontša hore ho ka etsahala hore motho a hoholehe kapa a suthele hōle le Molimo. (Baheb. 2:1; 3:12, 13) Ka mohlala, pele moapostola Pauluse a bua mantsoe a ho 2 Timothea 2:19, o ile a bua ka Hymenea le Filetase. Ho bonahala eka batho bao ba babeli e ne e kile ea e-ba ba Jehova, empa hamorao ba kheloha ’neteng. (2 Tim. 2:16-18) Hape hopola hore le liphuthehong tsa Galatia, ba bang ba neng ba tsejoa ke Molimo ha baa ka ba lula leseling la moea leo ba kileng ba e-ba ho lona. (Bagal. 4:9) E se eka le ka mohla re ke ke ra khella fatše kamano ea bohlokoa eo re nang le eona le Molimo.

5. (a) Ke litšobotsi life tseo Molimo a li nkang e le tsa bohlokoa? (b) Re tla hlahloba mehlala efe?

5 Ho na le litšobotsi tseo ka ho khetheha Jehova a li nkang e le tsa bohlokoa. (Pes. 15:1-5; 1 Pet. 3:4) Tumelo le boikokobetso li ne li khetholla batho ba bang ba neng ba tsejoa ke Molimo. A re ke re hlahlobeng mehlala ea banna ba bang ba babeli re bone hore na litšobotsi tsena li ile tsa ba thusa joang hore ba ratoe ke Jehova. Re tla boela re hlahlobe mohlala oa monna e mong ea neng a nahana hore o tsejoa ke Molimo empa a ile a ikhohomosa ’me a hlokomela hore Jehova o mo lahlile. Re ka ithuta thuto ea bohlokoa mehlaleng ena.

Ntate oa ba Nang le Tumelo

6. (a) Abrahama o ile a bontša tumelo joang litšepisong tsa Jehova? (b) Abrahama o ne a tsejoa ke Jehova ka tsela efe?

6 Abrahama ke monna ea ileng a “beha tumelo ho Jehova.” Ha e le hantle o bitsoa “ntat’a bohle ba nang le tumelo.” (Gen. 15:6; Bar. 4:11) Ka tumelo Abrahama o ile a siea lehae la hae, metsoalle ea hae le matlotlo a hae ’me a ea naheng e hōle. (Gen. 12:1-4; Baheb. 11:8-10) Lilemo tse ngata hamorao tumelo ea Abrahama e ne e ntse e le matla. Sena se ile sa bonahala ha a ne a mamela taelo ea Jehova ’me ho “tšoana leha a nyehetse [mora oa hae] Isaka.” (Baheb. 11:17-19) Abrahama o ile a bontša tumelo litšepisong tsa Jehova kahoo, Molimo o ile a mo nka e le ea khethehileng; ka sebele Molimo o ne a tseba Abrahama. (Bala Genese 18:19.) Jehova o ne sa tsebe feela hore Abrahama oa phela; o ne a nka Abrahama e le motsoalle oa hae.—Jak. 2:22, 23.

7. Ke sefe seo re se hlokomelang ka ho phethahala ha litšepiso tsa Jehova, ’me seo se ile sa ama Abrahama joang?

7 Rea hlokomela hore bophelong ba hae Abrahama ha aa ka a amohela lefa la naha eo a neng a e tšepisitsoe. Hape ha aa ka a bona ha peō ea hae e e-ba “joaloka lehlabathe le lebōpong la leoatle.” (Gen. 22:17, 18) Le hoja litšepiso tsena li sa ka tsa phethahala bophelong ba Abrahama o ile a lula a e-na le tumelo e matla ho Jehova. O ne a tseba hore ha Molimo a buile ho tšoana le ha ho se ntse ho phethahetse. Ka sebele, tsela eo Abrahama a ileng a phela ka eona e ile ea bontša hore o lumela seo. (Bala Baheberu 11:13.) Na Jehova o re tseba re le batho ba nang le tumelo e tšoanang le ea Abrahama?

Ho Letela Jehova ho Bontša Hore re na le Tumelo

8. Ke lintho life tse loketseng tseo batho ba labalabelang ho bona li phethahala?

8 Ho ka ’na ha e-ba le lintho tseo re labalabelang ho bona ha li phethahala. Ka tlhaho motho o labalabela ho kena lenyalong, ho ba le bana le ho phela hantle ’meleng, ’me ho labalabela lintho tsena hase phoso. Leha ho le joalo, ho ba bangata tse ling tsa litakatso tseo li ka ’na tse se ke tsa phethahala. Haeba seo se etsahala ho rōna, tsela eo re sebetsanang le boemo boo ka eona e ka ’na ea bontša hore na tumelo ea rōna e matla hakae.

9, 10. (a) Batho ba bang ba entse’ng e le hore ba phethahatse litakatso tsa bona? (b) U ikutloa joang ka ho phethahala ha litšepiso tsa Molimo?

9 Ruri e ne e tla ba booatla hore re batle ho phethahatsa litakatso tsena ka tsela e khahlanong le bohlale ba Molimo. Seo se ne se tla re ntša kotsi moeeng. Ka mohlala, ba bang ba khethile mekhoa ea phekolo e khahlanong le keletso ea Jehova. Ba bang ba amohetse mesebetsi e ba isang hōle le malapa a bona le e etsang hore ba se ke ba ba teng libokeng tsa phutheho. Ba bang ba ratana le batho bao e seng Bakreste. Haeba Mokreste a khetha ho etsa lintho tse joalo, na ka sebele o batla ho tsejoa ke Jehova? Jehova a ka be a ile a ikutloa joang haeba Abrahama a ne a ile a fela pelo ha litšepiso tseo Molimo a neng a mo tšepisitse tsona li sa phethahale? Ho ka be ho etsahetse’ng haeba Abrahama a ne a ile a etsa lintho ka tsela ea hae eaba o itsoella pele ka bophelo ’me o iketsetsa lebitso le tummeng ho e-na le hore a letele Jehova? (Bapisa le Genese 11:4.) Na a ka be a ile a tsoela pele e le motsoalle oa Jehova?

10 Ke lintho life tseo u labalabelang ho bona ha li phethahala? Na tumelo ea hao e matla hoo u ka khonang ho letela Jehova, e leng eena ea tšepisang hore o tla khotsofatsa litabatabelo tsa hao tse loketseng? (Pes. 145:16) Joalokaha ho ile ha etsahala ho Abrahama, litšepiso tse ling tseo Molimo a re tšepisang tsona li ka ’na tsa se ke tsa phethahala kapele kamoo re batlang kateng. Ho ntse ho le joalo, Jehova o nka e le habohlokoa hore re be le tumelo e kang ea Abrahama ’me re bontše sena ka liketso. Ho hlakile hore ho etsa joalo ho tla re tsoela molemo haholo.—Baheb. 11:6.

Phapang Pakeng Tsa Boikokobetso le Boikhohomoso

11. Ho ka etsahala hore ebe Kora o ne a thabela litokelo life tsa tšebeletso, ’me seo se ne se bontša hore o ne a e-na le boikutlo bofe ka Molimo?

11 Moshe le Kora ba ne ba fapane haholo mabapi le ho hlompha tokisetso ea Jehova le liqeto tsa hae. Liketso tsa bona li ile tsa ama tsela eo Jehova a neng a ba talima ka eona. Kora e ne e le Molevi oa Mokohathe, ’me o ne a thabela litokelo tse ngata tsa tšebeletso, tseo e ka ’nang eaba li ne li akarelletsa ho bona ha sechaba se ne se lopolloa Leoatleng le Lefubelu, ho tšehetsa kahlolo ea Jehova Thabeng ea Sinai khahlanong le Baiseraele ba neng ba sa mamele le ho ba le kabelo ea ho tsamaisa areka ea selekane. (Ex. 32:26-29; Num. 3:30, 31) Ho hlakile hore o ne a ile a tšepahala ho Jehova ka lilemo tse ngata ’me ka lebaka leo ba bangata liahelong tsa Iseraele ba ne ba mo hlompha.

12. Joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 28, boikhohomoso bo ile ba ama setsoalle sa Kora le Molimo joang?

12 Leha ho le joalo, ha sechaba sa Iseraele se ne se le tseleng e eang Naheng e Tšepisitsoeng, Kora o ile a bona lintho tseo a neng a nahana hore li baka mathata tokisetsong ea Molimo. Kahoo, banna ba bang ba 250 ba etellang sechaba pele ba ile ba tšehetsa Kora ha a ne a leka ho etsa liphetoho. E tlameha ebe Kora le ba bang ba ne ba kholisehile hore ba ne ba e-na le kamano e haufi le Jehova. Ba ile ba re ho Moshe: “Ho lekane ka lōna, hobane phutheho eohle ea halalela ’me Jehova o har’a eona.” (Num. 16:1-3) Boo e ne e le boikhohomoso bo bokaakang! Moshe o ile a re ho bona: “Jehova o tla tsebahatsa eo e leng oa hae.” (Bala Numere 16:5.) Qetellong ea letsatsi le hlahlamang, Kora le bohle ba ileng ba mo tšehetsa borabeleng ba hae ba ile ba shoa.—Num. 16:31-35.

13, 14. Moshe o ile a bontša boikokobetso ka litsela life?

13 Ho fapana le Kora, Moshe o ne a le “bonolo haholo ho feta batho bohle ba neng ba le holim’a lefatše.” (Num. 12:3) O ile a bontša bonolo le boikokobetso ka hore a ikemisetse ho latela litaelo tsa Jehova. (Ex. 7:6; 40:16) Ha ho na letho le bontšang hore Moshe o ne a lula a belaella tsela eo Jehova a neng a etsa lintho ka eona kapa hore o ile a teneha ha a lokela ho latela litaelo tseo Jehova a neng a fane ka tsona. Ka mohlala, Jehova o ile a fana ka litaelo tsa hore na tabernakele e ne e lokela ho hahoa joang, esita le linthong tse nyenyane tse kang hore na mebala ea litšoele e ne e lokela ho ba joang le hore na likhoketsane tse sebelisoang ho etsa masela a tente li ne li lokela ho ba kae ka palo. (Ex. 26:1-6) Haeba molebeli mokhatlong oa Molimo a u fa litaelo tse bonahalang li na le boitsebiso bo bongata, u ka ’na ua ikutloa u nyahame. Leha ho le joalo, Jehova ke molebeli ea phethahetseng ’me o fa bahlanka ba hae mosebetsi kaha oa ba tšepa. Ha Jehova a fana ka boitsebiso bo bongata, o etsa seo ka lebaka le utloahalang. Leha ho le joalo, hlokomela hore Moshe ha aa ka a tenehela Jehova ka hore ebe o ile a mo fa boitsebiso boo bo bongata, joalokaha eka Jehova o ne a mo khella fatše kapa a khina bokhoni kapa bolokolohi ba hae. Ho e-na le hoo, Moshe o ile a tiisa hore basebetsi “ba fela ba etsa joalo” ka hore ba mamele litaelo tsa Molimo. (Ex. 39:32) Ruri ena e ne e le tsela e bontšang boikokobetso! Moshe o ile a hlokomela hore mosebetsi oo e ne e le oa Jehova ’me eena o ne a sebelisoa feela e le hore mosebetsi o ka phethoa.

14 Boikokobetso ba Moshe bo ile ba boela ba bonahala ha a ne a tobane le maemo a boima. Ka lekhetlo le leng, Moshe ha aa ka a itšoara ’me o ile a hlōleha ho halaletsa Molimo ha a ne a sebetsana le batho ba neng ba tletleba. Ka lebaka leo, Jehova o ile a bolella Moshe hore a ke ke a kenya sechaba sa Iseraele Naheng e Tšepisitsoeng. (Num. 20:2-12) Moshe le moholoane oa hae Arone, ba ne ba ’nile ba mamella ho korotla ha Baiseraele ka lilemo-lemo. Kahoo, ka lebaka la hore Moshe o ile a fosa lekhetlong leo le le leng, o ne a ke ke a fumana seo a ileng a se letela ka nako e telele! Moshe o ile a etsa’ng? Le hoja e le ntho e utloahalang hore ebe Moshe o ile a soetseha, ka boikokobetso o ile a amohela qeto ea Jehova. O ne a tseba hore Jehova ke Molimo ea lokileng eo ho eena ho se nang ho hloka toka. (Deut. 3:25-27; 32:4) Ha u nahana ka Moshe, na ha u mo nke e le motho ea neng a tsejoa ke Jehova?—Bala Exoda 33:12, 13.

Ho Mamela Jehova ho Hloka Boikokobetso

15. Boikhohomoso ba Kora bo re ruta’ng?

15 Tsela eo re itšoarang ka eona ha ho etsoa liphetoho phuthehong ea Bokreste ea lefatše lohle le ha ba e etellang pele ba etsa liqeto tse itseng, e ama setsoalle sa rōna le Jehova. Kora le metsoalle ea hae ba ile ba ikarohanya le Molimo kaha ba ne ba itšepa ho tlōla, ba ikhohomosa ba bile ba haelloa ke tumelo. Le hoja Kora a ne a nka hore Moshe ea tsofetseng e ne e le eena ea neng a etsa liqeto letsatsi le letsatsi, ha e le hantle e ne e le Jehova ea neng a tataisa sechaba. Kora ha aa ka a hlokomela seo ’me ka lebaka leo o ile a hlōleha ho tšepahala ho bao Molimo a neng a ba sebelisa. Ruri e ka be e bile ho bontša bohlale haeba Kora a ne a ile a letela Jehova hore a hlakise lintho kapa hore a etse liphetoho haeba li ne li hlile li hlokahala. Kahoo, qetellong Kora o ile a senya tlaleho ea hae ea ho sebeletsa Molimo ka botšepehi ka liketso tsa hae tse bontšang boikhohomoso!

16. Ho latela mohlala oa Moshe oa boikokobetso ho ka ama setsoalle sa rōna le Jehova joang?

16 Tlaleho eo e fana ka temoso e matla ho baholo le ba bang ka phuthehong kajeno. Ho hlokahala hore re be le boikokobetso e le hore re letele Jehova le hore re latele litaelo tse tsoang ho ba khethiloeng hore ba etelle pele. Na re bontša hore re ikokobelitse ebile re bonolo joaloka Moshe? Na re ananela boemo ba ba etellang pele har’a rōna ’me re ikokobelletsa litaelo tseo re li fuoang? Na re khona ho laola maikutlo a rōna haeba ho e-na le ntho e re soetsitseng? Haeba re etsa joalo, le rōna re ka ba metsoalle ea Jehova. Boikokobetso ba rōna le ho mamela ha rōna ho tla etsa hore a re rate.

Jehova o Tseba Bao e Leng ba Hae

17, 18. Ke’ng e tla re thusa hore re tsoele pele re tsejoa re le bao e leng ba Jehova?

17 Ho nahana ka batho bao Jehova a ba ratang le bao e leng metsoalle ea hae ho ka re tsoela molemo. Abrahama le Moshe ba ne ba sa phethahala ba bile ba e-na le liphoso joaloka rōna. Leha ho le joalo, ba ne ba tsejoa ke Jehova e le bao e leng ba hae. Leha ho le joalo, mohlala oa Kora o bontša hore ho ka etsahala hore re suthele hōle le Jehova ’me kahoo re se ke ra hlola re e-ba metsoalle ea hae. Ekaba hantle hore e mong le e mong oa rōna a ipotse: ‘Jehova o ntalima joang? Nka ithuta’ng mehlaleng ee ea Bibele?’

18 U ka khothatsoa haholo ke ho tseba hore bahlanka ba tšepahalang bao Jehova a ba hutseng o ba nka e le bao e leng ba hae. Tsoela pele u loanela ho ba le tumelo, boikokobetso le litšobotsi tse ling tse tla etsa hore u ratoe ke Molimo le ho feta. Ha ho pelaelo hore ho tsejoa ke Jehova ke tlotla ea bohlokoa e tlisang khotsofalo bophelong hona joale, ’me e tla re tlisetsa litlhohonolofatso tse babatsehang nakong e tlang.—Pes. 37:18.

Na U sa Hopola?

• Ke kamano efe ea bohlokoa eo u ka bang le eona le Jehova?

• U ka etsisa tumelo ea Abrahama joang?

• Ke lintho life tseo re ka ithutang tsona ho Kora le ho Moshe?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Na joaloka Abrahama re na le tumelo ea hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae ka botlalo?

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Kora o ne a sa batle ho ikokobelletsa litaelo

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Na u tsejoa ke Jehova u le motho ea ikokobelletsang litaelo?