Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U Kile Ua Thetsoa?

Na U Kile Ua Thetsoa?

Na U Kile Ua Thetsoa?

KE LINTHO tse fokolang tse utloisang bohloko ho feta ho tseba hore motho eo u mo tšepang o u thetsitse. U ka ’na ua ikutloa u tlotlolohile, u halefile kapa u soetsehile. Mashano a qhala setsoalle le manyalo; a etsa hore batho ba jeoe liranta tse limilione ka bomenemene.

Ka hona, ak’u nahane hore na u ne u tla ikutloa joang haeba u ne u ka tseba hore lintho tseo u li rutiloeng ka Molimo ke mashano. Haeba u hlile u inehetse bolumeling, u ne u ka ’na ua ameha ka ho teba joaloka batho bana ba kenang kereke, ba ileng ba ikutloa tjena:

● “Ke ile ka utloa kereke e ntšoetsitse habohloko.”—DEANNE.

● “Ke ne ke halefile. Ke ile ka utloa ke qhekeletsoe—ka fumana hore lintho tseo ke neng ke li tšepile le tseo ke neng ke li hahamalletse e ne e le tsa lefeela.”—LUIS.

U ka ’na ua nahana hore hase ntho e ka etsahalang hore ebe u rutiloe leshano ka Molimo. Seo u se tsebang e ka ’na eaba u se rutiloe ke motho eo u mo tšepang, ea neng a ke ke a u utloisa bohloko ka boomo—motsoali oa hao, moruti, kapa motsoalle oa hao ea haufi. E ka ’na eaba u ’nile ua lumela thuto e itseng bophelo bohle ba hao. Empa na hase ’nete hore ka linako tse ling le taba e tsebahalang haholo e ka ba leshano? Mopresidente oa mehleng oa United States, Franklin D. Roosevelt, o ile a lemoha taba ena, ke ka hona a ileng a re: “Ho pheta-pheta leshano ha ho etse hore le qetelle e le ’nete.”

U ka tseba joang hore na u thetsitsoe kapa che? Ka lekhetlo le leng Jesu o ile a rapela Molimo, a re: “Lentsoe la hao ke ’nete.” (Johanne 17:17) Lentsoe la Molimo, Bibele, le na le sohle seo re se hlokang e le hore re tsebe ho khetholla ’nete ho leshano.

Re u khothalletsa hore u hlahlobe seo Bibele e se senolang ka lithuto tse hlano tsa bohata tse tloaelehileng ka Molimo. U tla lemoha hore na ’nete e ka fetola bophelo ba hao joang hore e be bo molemo.