Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

1 Molimo a ke ke a Utloisisoa—Na ke ’Nete?

1 Molimo a ke ke a Utloisisoa—Na ke ’Nete?

1 Molimo a ke ke a Utloisisoa—Na ke ’Nete?

Seo e ka ’nang eaba u se utloile: “Litsela tsa Molimo ha li tsejoe.”

“Ha ho motho ea ka utloisisang Ntate, ha ho motho ea ka utloisisang Mora ’me ha ho motho ea ka utloisisang Moea o Halalelang.”—The Athanasian Creed, ha e hlalosa thuto ea Boraro-bo-bong e rutoang likerekeng tse ngata tseo ho thoeng ke tsa Bokreste.

Seo Bibele e se rutang: Jesu o ile a re ba ‘tsoelang pele ba rua tsebo ka Molimo a le mong oa ’nete’ ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso. (Johanne 17:3) Empa re ka rua tsebo joang ka Molimo haeba a ke ke a utloisisoa? Molimo ha aa ipatela rōna, ho e-na le hoo, o batla hore e mong le e mong a mo tsebe.—Jeremia 31:34.

Ke ’nete hore re ke ke ra tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka Molimo. Sena sea utloahala hobane menahano ea hae le litsela tsa hae li phahametse tsa rōna.—Moeklesia 3:11; Esaia 55:8, 9.

Kamoo ho tseba ’nete ho u thusang kateng: Haeba Molimo a ke ke a utloisisoa, seo se ne se tla bolela hore re ke ke ra rua molemo oa letho ka ho leka ho mo tseba. Ha a re thuse feela hore re mo utloisise, empa o boetse o re thusa hore re be le kamano e haufi le eena. Ha Molimo a ne a bua ka monna ea neng a tšepahala, Abrahama, o ile a re “motsoalle oa ka,” ’me Morena Davida oa Iseraele o ile a ngola: “Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang.”—Esaia 41:8; Pesaleme ea 25:14.

Na khopolo ea ho ba le botsoalle bo haufi-ufi le Molimo e utloahala e le ntho e ke keng ea etsahala? Ho ka bonahala eka ho joalo, empa hlokomela seo Liketso 17:27 e se bolelang, ha e re: “[Molimo ha a] hōle le e mong le e mong oa rōna.” Joang? Ka Bibeleng, Molimo o fana ka seo re se hlokang e le hore re mo tsebe hantle. *

O re boleletse lebitso la hae, hore ke Jehova. (Esaia 42:8) O tlalehile kamoo a ’nileng a sebelisana le moloko oa batho kateng e le hore re ka tseba hore na ke Motho oa mofuta ofe. Ho feta moo, Molimo o re senoletse boikutlo ba hae. Ke Molimo “ea mohau le ea mosa, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato le ’nete.” (Exoda 34:6) Liketso tsa rōna li ka ama maikutlo a hae. Ka mohlala, sechaba sa boholo-holo sa Iseraele se ile sa mo “utloisa bohloko” ha se ne se mo fetohela, athe ba bontšang bohlale ka ho mo mamela baa mo thabisa.—Pesaleme ea 78:40; Liproverbia 27:11.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka seo Bibele e se rutang ka Molimo, sheba khaolo ea 1 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 4]

Re ka tseba Molimo joang haeba ke Boraro-bo-bong bo ke keng ba utloisisoa?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]

The Trinity c.1500, Flemish School, (16th century)/H. Shickman Gallery, New York, USA/The Bridgeman Art Library International