Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

2 Ha e le Hantle Molimo ha a Tsotelle—Na ke ’Nete?

2 Ha e le Hantle Molimo ha a Tsotelle—Na ke ’Nete?

2 Ha e le Hantle Molimo ha a Tsotelle—Na ke ’Nete?

Seo e ka ’nang eaba u se utloile: “Haeba Molimo a ne a hlile a tsotella batho, a ka be a felisitse bokhopo le mahlomola a teng lefatšeng. Le haeba o amehile ka batho ka kakaretso, ha a tsotelle se etsahallang batho ka bomong.”

Seo Bibele e se rutang: Jehova Molimo ha a bake bohloko. (Jakobo 1:13) Le hoja a ka khona ho felisa bohloko leha e le neng feela, o lumeletse tsamaiso e khopo hore e tsoele pele hona joale e le hore a lokise khang e ileng ea tsoha qalong ea histori ea motho e mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng. Qetellong o tla nka khato molemong oa batho ’me a felise mathata ’ohle a bakiloeng ke ba hanneng bobusi ba hae.—Genese 3:1-6; Esaia 65:17. *

Ntle le hore Molimo o amehile ka batho ka kakaretso, o boetse o bontša hore o amehile haholo ka rōna ka bomong. Matheu 10:29-31 e bontša hore o ela hloko lintho tse itseng ka rōna tseo le rōna re sa li tsebeng: “Na lirobele tse peli ha li rekisoe ka chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lōna a tsebe. Empa moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela. Ka hona le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.”

Kamoo ho tseba ’nete ho u thusang kateng: Hangata re qoba batho ba hlabang ka mantsoe ha ba bua kapa ba sa tsotelleng. Ha ho makatse hore ebe leshano la hore Molimo ha a tsotelle le entse hore batho ba bangata ba se ke ba batla ho mo tseba kapa hore ba mo atamele feela nakong eo ba bonang hore ha ho na seo ba ka se etsang. Ho tseba hore Jehova Molimo ka sebele oa tsotella ho ka etsa hore u batle ho tseba ho eketsehileng ka eena u be u be motsoalle oa hae.

Ka mohlala, e ka ’na eaba u ’nile ua rapela Molimo, feela ua ipotsa hore na ebe o ne a mametse thapelo eo le hore na o tla u araba. Bibele e re tiisetsa hore ka linako tsohle “Ea Utloang thapelo” o lula a ikemiselitse ho mamela bohle ba mo rapelang ka tieo.—Pesaleme ea 65:2.

Molimo o u khothalletsa hore u ‘lahlele matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Ho tseba hore o ameha ka rōna ho ka re matlafatsa esita le linakong tseo re imetsoeng haholo, hobane Lentsoe la hae le re: “Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng; o pholosa ba sithabetseng moeeng.”—Pesaleme ea 34:18.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng mabapi le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse mahlomola, sheba khaolo ea 11 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Haeba Molimo ha a tsotelle, ke hobane’ng ha a re khothalletsa hore re mo rapele?