Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

3 Molimo oa Iphetetsa—Na ke ’Nete?

3 Molimo oa Iphetetsa—Na ke ’Nete?

3 Molimo oa Iphetetsa—Na ke ’Nete?

Seo e ka ’nang eaba u se utloile: “Molimo o lula a shebile sebe se seng le se seng seo batho ba se etsang ’me o ba ahlola ka tlhokofatso ea ka ho sa feleng liheleng.”

“Molimo o otla baetsalibe ka likoluoa tsa tlhaho.”

Seo Bibele e se rutang: Petrose oa Bobeli 3:9 e re Jehova “ha a lakatse hore leha e le mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba fihle pakong.” Ho e-na le hore a shebe liphoso tsa rōna, o sheba litšobotsi tsa rōna tse ntle. “Mahlo a [Molimo] a qamaka ho pholletsa le lefatše lohle hore a bontše matla a hae molemong oa bao lipelo tsa bona li feletseng ho eena.”—2 Likronike 16:9.

Bibele ha e rute hore batho ba hlokofatsoa mollong oa lihele—Molimo o hloile le eona khopolo ea ho hlokofatsa batho ka ho sa feleng. Kotlo e boima ka ho fetisisa eo a ka e fang motho ke lefu. (Jeremia 7:31; Baroma 6:7) Likoluoa tsa tlhaho li ripitla sohle ntle le ho khetha, ka hona hase liketso tsa Molimo, ho e-na le hoo, ke liketsahalo tse sa lebelloang tse ka hlahelang leha e le mang.—Moeklesia 9:11.

Kamoo ho tseba ’nete ho u thusang kateng: Re ka atamela haufi le Molimo haeba re hlokomela hore o “itokiselitse ho tšoarela” ebile ha a potlakele ho tšoaea motho phoso. (Pesaleme ea 86:5) Ha rea lokela ho sebeletsa Molimo hobane re ikutloa re le molato kapa hobane re e-na le tšabo e khōlō ea hore re tla fumana kotlo. Ho e-na le hoo, re ka haha tumelo ea rōna ka sepheo se setle, e leng sa ho rata Jehova. Lerato le joalo ke lona le re fang matla a hore re batle ho etsa sohle seo re ka se khonang ho mo thabisa.—Matheu 22:36-38; 1 Johanne 5:3.

Le hoja Molimo a batla hore bohle ba fetohe ’me ba etse se lokileng, oa tseba hore ba bangata ba ke ke ba etsa joalo. Haeba ho ne ho se mohla a ka nkang khato khahlanong le ba ikemiselitseng ho etsa se fosahetseng, joale o ne a tla be a tšoana le ’musi ea etsang melao ebe ha a na taba le hore na ea phethoa, ea lumellang hore ho lule ho rena ho hloka toka le mahlomola. (Moeklesia 8:11) Ho tseba hore Molimo a ke ke a mamella bokhopo ka ho sa feleng ho re fa lebaka le utloahalang la ho ba le tšepo ka bokamoso. Molimo o tšepisitse hore o tla tlosa ba etsang liketso tse khopo e le hore “ba bonolo” ba khone ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng, moo qalong a neng a rerile hore ba phele teng.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 E le hore u ithute ho eketsehileng mabapi le hore na Molimo o tla etsa lefatše paradeise joang, sheba khaolo ea 3 le ea 8 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

Na Molimo o ne a ka thaba haeba re mo rapela hobane feela re tšaba kotlo?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 6]

Engravings by Doré