Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

4 Molimo o Leeme—Na ke ’Nete?

4 Molimo o Leeme—Na ke ’Nete?

4 Molimo o Leeme—Na ke ’Nete?

Seo e ka ’nang eaba u se utloile: “Molimo ke eena ea laolang lefatše ’me ntho e ’ngoe le e ’ngoe e etsahalang ke thato ea hae. Kaha lefatšeng ho tletse khethollo, ho hloka toka le khatello, e tlameha ebe Molimo ke eena ea ikarabellang.”

Seo Bibele e se rutang: Molimo hase eena ea bakang ho hloka toka ho teng lefatšeng. Ha Bibele e hlalosa Jehova, e re: “Mosebetsi oa hae o phethahetse, etsoe litsela tsohle tsa hae ke toka.”—Deuteronoma 32:4.

Molimo o seatla se bulehileng ho bohle, esita le ho ba bonahalang eka ha ba tšoaneloe ke seo. Ka mohlala, “o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.” (Matheu 5:45) O tšoara batho ba merabe eohle le litso tsohle ka toka, joalokaha Liketso 10:34, 35 e bontša: “Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”

Joale ke mang ea bakang ho hloka toka? Batho ba bangata ba khetha ho etsa lintho ka leeme, ha ba latele mohlala oa Molimo oa toka. (Deuteronoma 32:5) Hape Bibele e bontša hore Molimo o tlohelletse sera sa hae, Diabolose, hore se buse lefatše. * (1 Johanne 5:19) Leha ho le joalo, haufinyane Molimo a ke ke a hlola a tlohella puso ena e hlokang toka hore e tsoele pele. O se a ntse a lokisitse lintho e le hore a ‘qhaqhe mesebetsi ea Diabolose.’—1 Johanne 3:8.

Kamoo ho tseba ’nete ho u thusang kateng: E ka ’na eaba litlaleho tse bonahalang li sa fele tsa bobolu, khatello le ho hloka toka, li u emisitse hlooho. Ho tseba sesosa sa mathata ana ho ka u thusa hore u utloisise hore na ke hobane’ng ha maemo a le mabe hakana le hore na ke hobane’ng ha boiteko bohle ba motho ba ho etsa lefatše hore e be sebaka se hantle bo lula bo hlōleha. (Pesaleme ea 146:3) Ho e-na le hore u sebelise nako ea hao le matla a hao ho etsa liphetoho tse ka ’nang tsa atleha ka nakoana, u ka ba le tšepo e tiileng e thehiloeng ho seo Molimo a se tšepisitseng ka bokamoso.—Tšenolo 21:3, 4.

Ho utloisisa hore na ha e le hantle ke mang ea bakang ho hloka toka ho ka re thusa ka ho khetheha nakong eo bothata bo re hlahelang ka ho toba. Ha re tšoaroa ka leeme, re ka ’na ra lla ka tsela e tšoanang le ea mohlanka oa Molimo Habakuke, ea ileng a re: “Molao o felloa ke matla, ’me toka ha ho mohla e tsoang.” (Habakuke 1:4) Molimo ha aa ka a khalemela Habakuke ka ho bua mantsoe ao. Ho e-na le hoo, Molimo o ile a tiisetsa mohlanka eo oa Hae hore O behile nako ea ho lokisa litaba, a ba a thusa Habakuke hore a thabe le har’a litsietsi. (Habakuke 2:2-4; 3:17, 18) Ka tsela e tšoanang, ho ba le tumelo tšepisong ea Molimo ea hore o tla lokisa ho hloka toka ho ka u thusa hore u be le khotso le ho imoloha maikutlong lefatšeng lena le leeme.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 E le hore u tsebe hore na Diabolose o bile teng joang, sheba khaolo ea 3 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Na ruri Molimo ke eena ea ikarabellang ka mahlomola le ho hloka toka ho teng?

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 7]

© Sven Torfinn/Panos Pictures