Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

5 Molimo o Amohela Borapeli Leha e le Bofe bo Etsoang ka Pelo Eohle—Na ke ’Nete?

5 Molimo o Amohela Borapeli Leha e le Bofe bo Etsoang ka Pelo Eohle—Na ke ’Nete?

5 Molimo o Amohela Borapeli Leha e le Bofe bo Etsoang ka Pelo Eohle—Na ke ’Nete?

Seo e ka ’nang eaba u se utloile: “Feela joalokaha ho e-na le litsela tse ngata tse lebang nģa e le ’ngoe, ho boetse ho na le litsela tse ngata tse lebang ho Molimo. Motho e mong le e mong o lokela ho fumana tsela ea hae e lebang ho Molimo.”

Seo Bibele e se rutang: Re lokela ho tšepahala borapeling ba rōna, re se ke ra etsa moritaoke kapa hona ho ikaketsa. Jesu o ile a bolella baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae hore na ke hobane’ng ha Molimo a ba lahlile, a re: “Esaia o ile a profeta ka ho loketseng ka lōna baikaketsi, joalokaha ho ngoliloe, ‘Sechaba sena se ntlhompha ka melomo, empa lipelo tsa sona li suthetse hōle le ’na.’” (Mareka 7:6) Leha ho le joalo, botšepehi ka bobona ha bo bolele hore joang kapa joang Molimo o tla amohela borapeli ba rōna.

Jesu o ile a hlakisa sena ha a ne a pepesa phoso e ka sehloohong borapeling ba baeta-pele bao ba bolumeli hammoho le balateli ba bona. Ha a bua le bona, o ile a pheta mantsoe ana a Molimo: “Ke ha lefeela hore ebe [ba] ntse [ba] nthapela, hobane [ba] ruta litaelo tsa batho e le lithuto.” (Mareka 7:7) Borapeli ba bona e ne e le ba “lefeela” kapa bo se nang thuso, hobane ba ne ba beha litloaelo tsa bona tsa bolumeli ka pele ho seo Molimo a se hlokang.

Ho e-na le ho tšehetsa khopolo ea hore ho na le litsela tse ngata tse amohelehang tse lebang ho Molimo, Bibele e ruta hore ho na le tsela e le ’ngoe feela. Matheu 7:13, 14 e re: “Kenang ka heke e moqotetsane; hobane tsela e isang timetsong e pharaletse ebile e khōlō, ’me ba kenang ka eona ba bangata; athe heke e isang bophelong e moqotetsane le tsela e isang teng e patisane, ’me ke ba seng bakae ba e fumanang.”

Kamoo ho tseba ’nete ho u thusang kateng: Ak’u nahane feela hore na u ne u tla ikutloa joang haeba u ne u ile ua qeta likhoeli tse ngata u ikoetlisetsa lebelo la mokoka, eaba ua atleha ’me u hlaha nomorong ea pele ho lona, empa ha u qeta ebe u bolelloa hore ha u tšoanelehe hobane u tlōtse molao o itseng oo u neng u sa o tsebe. U ne u tla utloa boiteko bohle ba hao e bile ba lefeela. Na ho ka etsahala se tšoanang le ka borapeli ba rōna ho Molimo?

Ha moapostola Pauluse a ne a bapisa borapeli ba rōna le litlhōlisano tsa mabelo, o ile a re: “Haeba leha e le mang a kopanela tlhōlisanong esita le lipapaling, ha a roesoe moqhaka ntle leha a kopanetse tlhōlisanong ho ea ka melao.” (2 Timothea 2:5) Molimo o re amohela haeba re mo rapela “ho ea ka melao,” ke hore ka tsela eo a e amohelang. Re ke ke ra ikhethela tsela e batloang ke rōna e lebang ho Molimo, joalo feela kaha semathi se ke ke sa matha moo se ratang eaba se lebella hore se nkoe se hlōtse lebelong.

Re lokela ho boloka borapeli ba rōna bo se na lithuto tsa bohata ka Molimo haeba re batla ho mo thabisa. Jesu o ile a re: “Barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:23) Re ka ithuta tsela ea ’nete e lebang ho Molimo ka Lentsoeng la hae, e leng Bibele.—Johanne 17:17. *

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 8 E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng ka borapeli boo Molimo a bo amohelang, sheba khaolo ea 15 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 8]

Na malumeli ’ohle a ruta batho ho rapela Molimo ka tsela eo a e amohelang?