Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le ba ananyang chelete tempeleng ea Jerusalema?

Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a sebetsana le boemo bo bong bo sa lokang bo neng bo etsoa tempeleng. Bibele e re: “Jesu . . . a phahla bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng, ’me a phethola litafole tsa ba ananyang chelete le libenche tsa ba rekisang maeba. A re ho bona: ‘Ho ngoliloe, “Ntlo ea ka e tla bitsoa ntlo ea thapelo,” empa le e etsa lehaha la masholu.’”—Matheu 21:12, 13.

Bajuda ba lekholong la pele la lilemo le batho ba sokolohetseng Bojudeng ba ne ba tla tempeleng e Jerusalema ba tsoa libakeng le metseng e fapa-fapaneng, ba tšoere chelete e sebelisoang libakeng tsa habo bona. Leha ho le joalo, ho ne ho lebeletsoe hore ba sebelise chelete e amohelehang moo ho lefella lekhetho la tempele, ho reka liphoofolo tsa mahlabelo le ho etsa linyehelo tsa boithaopo. Ka hona, ba ananyang chelete ba ne ba lefisa batho ha ba ba chenchela chelete ea sebakeng se itseng ebe ba ba fa e sebelisoang moo. Ha mekete ea Bajuda e atamela, batho bana ba ananyang chelete ba ne ba hloma litafole tsa bona tempeleng Lebaleng la Balichaba.

Kamoo ho bonahalang kateng, taba ea hore Jesu o ile a nyatsa ba ananyang chelete ka hore ba ne ba fetotse tempele “lehaha la masholu,” e bontša hore ba ne ba lefisa batho chelete e holimo ho tlōla ka tšebeletso eo ea bona.

Ke hobane’ng ha lifate tsa mohloaare li ne li ratoa hakaale mehleng ea Bibele?

Lifate tsa mohloaare le lirapa tsa morara ke tse ling tsa lintho tseo Molimo a ileng a li tšepisa batho ba hae haeba ba lula ba tšepahala ho eena. (Deuteronoma 6:10, 11) Le mehleng ena, sefate sa mohloaare se ntse se ratoa haholo libakeng tseo se melang ho tsona. Se ka beha litholoana tse ngata haholo ka lilemo tse makholo leha se sa hlokomeloe hakaalo. Le haeba sefate sena se ka lengoa majoeng, se ntse se ka atleha ’me ha se shoe leha ho ka ba le komello hangata. Haeba sefate se ka rengoa, metso ea sona e hlahisa mahlomela a mangata ao hamorao a ka fetohang lifate.

Mehleng ea Bibele, makhapetla le makhasi a sefate sena a ne a tsebahala ka ho kokobetsa feberu. Ho ne ho etsoa litlolo tse monko o monate ka mamina a sefate sena a tsoang makaleng a khale a nang le monko oa vanilla. Leha ho le joalo, sefate sena se ne se ratoa haholo ka lebaka la lijo—e leng litholoana tsa sona, empa haholo-holo oli. Ha tholoana ea mohloaare e butsoitse, halofo ea eona ke oli.

Sefate se phetseng hantle se ne se ka hlahisa oli e ka etsang lilithara tse 57 ka selemo. Oli ea mohloaare e ne e boetse e khantša mabone, e sebelisoa meketeng le litšebeletsong tsa bolumeli, e le setlolo sa ’mele le moriri, e boetse e sebelisoa e le moriana oa ho thoba maqeba le matetetso.—Exoda 27:20; Levitike 2:1-7; 8:1-12; Ruthe 3:3; Luka 10:33, 34.