Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke Joang U ka Bang le Lelapa le Thabileng?

Ke Joang U ka Bang le Lelapa le Thabileng?

Ithute Lentsoe la Molimo

Ke Joang U ka Bang le Lelapa le Thabileng?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Ke hobane’ng ha lenyalo e le la bohlokoa e le hore lelapa le thabe?

Jehova, e leng Molimo ea thabileng, ke eena moqapi oa lenyalo. Ke la bohlokoa e le hore lelapa le thabe kaha le etsa hore ho be le bonngoe le hore bana ba hōlele sebakeng se sireletsehileng. Molimo o nka lenyalo joang? O batla hore e be tlamahano ea monna le mosali e ngolisitsoeng ka molao, e ke keng ea aroloa. (Luka 2:1-5) Molimo o batla hore banna ba tšepahale ho basali ba bona le basali ba etse se tšoanang. (Baheberu 13:4) Jehova o lumella Bakreste hore ba hlalane ’me ba nyale hape hafeela molekane e mong a febile.—Bala Matheu 19:3-6, 9.

2. Monna le mosali ba lokela ho tšoarana joang?

Jehova o entse monna le mosali ka morero oa hore ba sebelisane-’moho. (Genese 2:18) Kaha ke hlooho ea lelapa, monna o lokela ho etella pele ka ho fa ba lelapa la hae seo ba se hlokang nameng le ka ho ba ruta ka Molimo. O lokela ho bontša mosali oa hae hore oa mo rata ka ho itella eena. Monna le mosali ba lokela ho ratana ’me ba hlomphane. Kaha ha ho na monna kapa mosali ea phethahetseng, ho ithuta ho tšoarela ke ntho ea bohlokoa e le hore ba be le lenyalo le thabileng.—Bala Baefese 4:31, 32; 5:22-25, 33; 1 Petrose 3:7.

3. Na u lokela ho monyola haeba u sa thaba lenyalong?

Haeba uena le molekane oa hao le e-na le mathata, lekang ho tšoarana ka lerato. (1 Bakorinthe 13:4, 5) Lentsoe la Molimo ha le khothalletse ho arohana e le oona mokhoa oa ho rarolla mathata lenyalong. Leha ho le joalo, haeba maemo a se a le mabe haholo, Mokreste ke eena ea ka iketsetsang qeto ea hore na ho molemo hore ba arohane kapa che.—Bala 1 Bakorinthe 7:10-13.

4. Bana, Molimo o batla hore le etse’ng?

Jehova o batla hore le thabe. O le fa keletso e molemo ka ho fetisisa ea hore na le thabele bocha ba lōna joang. O batla hore le rue molemo bohlaleng le phihlelong ea batsoali ba lōna. (Bakolose 3:20) Jehova o ananela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo le e etsang e le hore le mo thabise.—Bala Moeklesia 11:9–12:1; Matheu 19:13-15; 21:15, 16.

5. Batsoali, ke joang bana ba lōna ba ka thabang?

Le lokela ho sebetsa ka thata ho fepa bana ba lōna, ho ba batlela bolulo bo sireletsehileng le liaparo. (1 Timothea 5:8) Empa e le hore bana ba lōna ba thabe, le lokela ho ba ruta ho rata Molimo le hore ba ithute ho eena. (Baefese 6:4) Haeba le ba behela mohlala ka ho bontša hore le rata Molimo, le ka ba le tšusumetso e khōlō lipelong tsa bona. Haeba litaelo tsa lōna li itšetlehile ka Lentsoe la Molimo, li ka etsa hore bana ba lōna ba nahane ka tsela e hlaphohetsoeng.—Bala Deuteronoma 6:4-7; Liproverbia 22:6.

Bana ba rua molemo haholo haeba le ba khothatsa le bile le ba babatsa. Ba boetse ba hloka ho khalemeloa le ho lauoa. Ho ba koetlisa joalo ho ba sireletsa hore ba se ke ba e-ba le boitšoaro bo tla etsa hore ba qetelle ba sa thaba. (Liproverbia 22:15) Leha ho le joalo, ha lea lokela ho ba khalemela ka tsela e khopo kapa e sehlōhō.—Bala Bakolose 3:21.

Lipaki Tsa Jehova li hatisa libuka tse ngata tseo ka ho khetheha li ngoletsoeng ho thusa batsoali le bana. Libuka tseo li thehiloe Bibeleng.—Bala Pesaleme ea 19:7, 11.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba khaolo ea 14 ea buka ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? e hatisoang ke Lipaki Tsa Jehova.