Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

O Ile a Buella Batho ba Molimo

O Ile a Buella Batho ba Molimo

Bontša Tumelo e Tšoanang le ea Bona

O Ile a Buella Batho ba Molimo

ESTHERE o ile a leka ho khoba matšoafo ha a ea a lebile lebaleng la ntlo ea borena Shushane. Ho ne ho se bonolo. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe qhobosheaneng eo—litšoantšo tsa teng tse betliloeng ka mebala-bala tsa lipoho tse mapheo, tsa ba tšoereng liqha le tsa litau, tse neng li le maboteng a litene a pentiloeng ka pente e benyang, litšiea tsa teng tsa majoe tse entsoeng mekhabiso e fatiloeng le liemahale tsa teng tse ntle, esita le sebaka se phahameng seo qhobosheane ena e neng e le ho sona pel’a Lithaba Tsa Zagrose tse letseng lehloa le nōka ea metsi a hloekileng ea Choaspes e neng e matha tlaasana mane—kaofela li ne li hopotsa moeti e mong le e mong ka matla a maholohali a monna eo Esthere a neng a ea ho eena, ea neng a ipitsa “morena e moholo.” Monna eo e ne ebile e le monna oa hae.

Monna oa hae! Assueruse o ne a fapane hōle le mofuta oa monna eo ngoanana leha e le ofe ea tšepahalang oa Mojuda a neng a ka lebella ho nyaloa ke eena! * O ne a sa shebe mehlala e metle e kang oa Abrahama, monna eo ka boikokobetso a ileng a mamela taelo ea Molimo ea hore a mamele Sara, mosali oa hae. (Genese 21:12) Morena eo o ne a tseba ho fokolang kapa ho hang a sa tsebe letho ka Molimo oa Esthere, Jehova, hammoho le Melao ea Hae. Leha ho le joalo, Assueruse o ne a tseba melao ea Persia, e neng e akarelletsa molao o thibelang eona ntho eo Esthere a neng a le mothating oa ho e etsa. Ntho eo e ne e le eng? Molao o ne o re motho leha e le ofe ea ka hlahang ka pel’a morena oa Persia a sa mo bitsa o ne a lokeloa ke lefu. Esthere o ne a sa bitsoa, empa leha ho le joalo o ne a e-ea ho morena. Ha a atamela lebaleng le ka hare moo morena a neng a ka ’mona a ntse a le teroneng ea hae, e ka ’na eaba o ile a ikutloa eka o ikisa lehanong la tau.—Esthere 4:11; 5:1.

Ke hobane’ng ha a ile a ipeha kotsing joalo? Hona re ka ithuta eng ka tumelo ea mosali eo ea babatsehang? Pele ho tsohle, a re boneng hore na ho tlile joang hore Esthere a be boemong bona bo sa tloaelehang ba ho ba mofumahali oa Persia.

O ne a le “Ponahalo e Ntle”

Esthere e ne e le khutsana. Ha re tsebe ho hokaalo ka batsoali ba hae ba ileng ba mo reha Hadasa, e leng lentsoe la Seheberu le bolelang “myrtle,” sehlahla se bang le lithunthung tse ntle tse tšoeu. Ha batsoali ba Esthere ba hlokahala, e mong oa beng ka eena, e leng monna ea mosa ea bitsoang Mordekai, o ile a hauhela ngoana enoa. E ne e le motsoal’ae, empa Mordekai o ne a le moholo haholo ho eena. O ile a tlisa Esthere ha hae eaba o mo tšoara joaloka morali oa hae.—Esthere 2:5-7, 15.

Mordekai le Esthere e ne e le baholehuoa ba Bajuda ba lulang motse-moholo oa Persia, moo e ka ’nang eaba ba ne ba khesoa ka lebaka la bolumeli ba bona le Melao eo ba neng ba leka ho e latela. Empa ho hlakile hore Esthere o ile a ba haufi-ufi le motsoal’ae ha a ntse a mo ruta ka Jehova, Molimo ea mohau ea neng a ile a pholosa batho ba Hae mathateng ka makhetlo a mangata nakong e fetileng—ea neng a tla boela a etse joalo. (Levitike 26:44, 45) Ka ho hlakileng, Esthere le Mordekai ba ne ba momahane ba bile ba ratana haholo.

Ho hlakile hore Mordekai o ne a sebetsa joaloka ofisiri ea mofuta o itseng qhobosheaneng e Shushane, kamehla a lula likeiting tsa teng hammoho le bahlanka ba bang ba morena. (Esthere 2:19, 21; 3:3) Ha re tsebe hore na Esthere o ne a etsa’ng ha a ntse a hōla, le hoja ho bonahala eka re tla be re sa fose ha re re o ne a hlokomela motsoal’ae ea neng a se a hōlile a bile a hlokomela le lehae la hae, leo e ka ’nang eaba le ne le le sebakeng seo ho ahileng mafutsana ka mose ho nōka ha u le qhobosheaneng. Mohlomong o ne a thabela ho ea ’marakeng Shushane, moo litei tsa khauta le tsa silevera, hammoho le bahoebi ba bang, ba neng ba rekisa thepa ea bona. Ho ne ho se mohla Esthere a kileng a nahana hore mabothobotho a joalo e tla ba bophelo ba letsatsi le letsatsi ho eena; o ne a sa tsebe hore na bokamoso bo mo tšoaretse eng.

Mofumahali oa Lelekoa

Ka letsatsi le leng, Shushane ho ile ha tlala menyenyetsi ea hore litaba li senyehile ntlong ea morena. Moketeng o mong o moholo oo ho oona Assueruse a neng a thentha bahlomphehi ba hae ka limenyemenye le veine ea boemo bo phahameng, o ile a bitsa mofumahali oa hae e motle, Vashti, ea neng a ntse a e-ja le basali ba bang sebakeng sesele. Empa Vashti o ile a hana ho tla. Morena o ile a ikutloa a theotsoe seriti ’me a tlala bohale, eaba o botsa baeletsi ba hae hore na Vashti a fuoe kotlo efe. Phello e bile efe? O ile a tlosoa bofumahaling. Bahlanka ba morena ba ile ba qala ho batla baroetsana ba batle naheng eohle; har’a bona morena o ne a tla khetha mofumahali e mocha.—Esthere 1:1–2:4.

Re ka inahanela feela ha nako le nako Mordekai a sheba Esthere ka lerato ’me a lemoha hore motsoala enoa oa hae e monyenyane o se a hōlile ’me o botle bo tsotoang, e leng se neng se etsa hore a be motlotlo le hoja ka lehlakoreng le leng a ne a tšoenyeha haholo ka eena. Rea bala: “Mosali enoa e mocha o ne a le sebōpeho se setle ’me a le ponahalo e ntle.” (Esthere 2:7) Ponahalo e ntle ea khahlisa, empa e lokela ho tsamaisana le bohlale le boikokobetso. Ho seng joalo, e ka etsa hore motho a ikakase, a inkele holimo a be a be le litšobotsi tse ling tse sa thabiseng. (Liproverbia 11:22) Na u hlokometse hore seo ke ’nete? Tabeng ea Esthere, ebe botle ba hae bo ne bo tla mo tsoela molemo kapa bo ne bo tla mo senya? Ho se ho tla bonahala ha ’mela o ntse o puta.

Bahlanka ba morena ba ile ba bona Esthere. Ba ile ba mo nka ha ba ntse ba bokella banana ba batle, eaba ba mo tlosa ho Mordekai ’me ba mo isa ntlong e ntlehali ea borena, ka mose ho nōka. (Esthere 2:8) E tlameha ebe ba ile ba utloa bohloko haholo ha ba arohana, etsoe e ne e se eka ke ntate le morali. Mordekai o ne a ke ke a rata ha morali enoa oa hae eo a mo hōlisitseng a ka nyaloa ke motho ea sa lumelang, esita le haeba e le morena, empa ho ne ho se seo a ka se etsang. E tlameha ebe Esthere o ile a mamela Mordekai ka hloko ha a mo laea pele a tsamaea! Kelellong ea hae ho ne ho luma lipotso tse ngata ha a ea a lebile qhobosheaneng ea Shushane. Ebe o ne a tla phela bophelo ba mofuta ofe moo?

O Ile a Fumana Kamohelo “Mahlong a e Mong le e Mong ea mo Bonang”

Esthere o ile a iphumana a le lefatšeng le leng leo a neng a sa le tsebe a bile a sa le tloaela. O ne a le har’a “basali ba bangata ba bacha” ba neng ba bokeletsoe likarolong tsohle tsa ’Muso oa Persia. E tlameha ebe ba ne ba fapane haholo ka mekhoa, puo hammoho le boikutlo. Ba behiloe tlas’a tlhokomelo ea Hegai, baroetsana bao ba ne ba lokela ho fuoa tlhokomelo e ikhethang ea ho etsoa botle, e leng tokisetso ea selemo kaofela e neng e akarelletsa ho sililoa ka lioli tse nkhang hamonate. (Esthere 2:8, 12) Boemo bo joalo le tsela e joalo ea bophelo e ne e ka etsa hore habonolo feela baroetsana bao ba qale ho ameha ka ho feteletseng ka ponahalo ea bona, ba be ba tlale boikakaso le moea oa tlhōlisano. Esthere o ile a ameha joang?

Ha ho na motho ea neng a amehile ka Esthere joaloka Mordekai lefatšeng. Re bala hore letsatsi le leng le le leng, o ne a tsamaella haufi le ntlo ea basali ka hohle kamoo a ka khonang ’me a leka ho fumana hore na Esthere o ntse a e-ea joang. (Esthere 2:11) Ha a ntse a utloa mona le mane ka eena, mohlomong ka thuso ea bahlanka ba sebetsang ka tlung eo, e tlameha ebe o ne a e-ba motlotlo haholo joaloka ntate. Hobane’ng?

Esthere o ile a khahla Hegai hoo a ileng a mo tšoara ka mosa o lerato haholo, a mo fa bahlanka ba hae ba supileng ba banana ’me a mo beha sebakeng se setle ka ho fetisisa ntlong ea basali. Tlaleho eo e boetse e re: “Ka nako ena eohle Esthere o ne a fumana kamohelo ka ho tsoelang pele mahlong a e mong le e mong ea mo bonang.” (Esthere 2:9, 15) Na e ne e le botle ba hae feela bo neng bo khahlile motho e mong le e mong hakaalo? Che, Esthere o ne a e-na le litšobotsi tse ntle ho feta feela ponahalo ea hae.

Ka mohlala, rea bala: “Esthere o ne a e-s’o bolele ka batho ba habo kapa ka beng ka eena, etsoe Mordekai o ne a mo laetse hore a se ke a bolela.” (Esthere 2:10) Mordekai o ne a laetse ngoanana eo hore a be hlokolosi ka taba ea hore ke Mojuda; ha ho pelaelo hore o ne a lemohile hore sechaba sa habo se ne se khetholloa haholo ke ba boreneng Persia. O ile a thaba hakaakang ha a utloa hore le hoja Esthere a ne a le hōle le eena, o ne a ntse a bontša bohlale le ho mamela!

Ka ho tšoanang, le kajeno bacha ba ka hlatsoa batsoali ba bona lipelo le batho bao ba ba hōlisang. Ha bacha ba le moo batsoali ba sa ba boneng—esita leha ba pota-potiloe ke batho ba sa nkeng lintho ka ho teba, ba itšoereng hampe kapa ba khopo—ba ka hana ho susumetsoa hampe ’me ba tšoarella melaong eo ba tsebang hore e nepahetse. Ha ba etsa joalo, feela joaloka Esthere, ba thabisa Ntate oa bona ea leholimong.—Liproverbia 27:11.

Ha nako ea hore Esthere a tlisoe ka pel’a morena e fihla, o ile a fuoa monyetla oa ho khetha lintho leha e le life tseo a nahanang hore o tla li hloka, mohlomong e le hore a iketse botle le ho feta. Leha ho le joalo, o ile a latela keletso ea Hegai, eaba ka boikokobetso ha a kōpe letho ntle le lintho tseo a li fuoang. (Esthere 2:15) Mohlomong o ile a lemoha hore botle ka bobona bo ne bo ke ke ba hapa pelo ea morena; empa o ne a ka khahloa ke boikokobetso le ho ipeha tlaase, e leng litšobotsi tse neng li sa tloaeleha ntlong eo ea borena. Na ebe o ne a nepile?

Tlaleho e re: “Morena a rata Esthere ho feta basali ba bang bohle, hoo a ileng a fumana kamohelo e eketsehileng le mosa o lerato ka pel’a hae ho feta baroetsana ba bang bohle. A mo roesa moqhaka ’me a mo etsa mofumahali ho e-na le Vashti.” (Esthere 2:17) E tlameha ebe ho ne ho se bonolo hore ngoanana enoa oa Mojuda ea ikokobelitseng a tloaele phetoho ena e etsahalang bophelong ba hae—e ne e se e le eena mofumahali e mocha, mosali oa morena ea matla ka ho fetisisa lefatšeng mehleng eo! Na boemo ba hae bo bocha bo ile ba mo mathela hloohong, a qala ho ikhohomosa?

Le hanyenyane! Esthere o ile a lula a mamela ntate ea mo hōlisitseng, Mordekai. O ile a pata kamano eo a nang le eona le Bajuda. Ho feta moo, ha Mordekai a sibolla ’momori oa ho bolaea Assueruse, Esthere o ile a mamela eaba o lemosa morena, eaba ’momori oo oa nyopa. (Esthere 2:20-23) O ne a ntse a bontša tumelo ho Molimo oa hae ka ho bontša moea oa boikokobetso le ho mamela. Kajeno ho mamela ha ho sa nkoa e le ntho ea bohlokoa; ho se mamele le borabele ke tsona tse seng li tloaelehile. Empa batho ba nang le tumelo ea sebele ba nka ho mamela e le habohlokoa, feela joaloka Esthere.

Tumelo ea Esthere ea Lekoa

Monna ea bitsoang Hamane o ile a behoa boemong bo phahameng ntlong ea borena ea Assueruse. Morena o ile a etsa Hamane tona-khōlō, ea e-ba eena moeletsi ea ka sehloohong le letsoho la morena. Morena o ile a ba a ntša taelo ea hore bohle ba bonang letona lena la hae ba lokela ho le inamela. (Esthere 3:1-4) Molao oo e ne e le bothata ho Mordekai. O ne a lumela hore o lokela ho mamela morena empa eseng ha Molimo a hlompholloa. Ha e le hantle, Hamane e ne e le “Moagage.” Seo se bolela hore e ne e le setloholo sa Agage, morena oa Baamaleke ea ileng a bolaoa ke moprofeta oa Molimo, Samuele. (1 Samuele 15:33) Baamaleke ba ne ba le khopo hoo ba ileng ba iphetola lira tsa Jehova le tsa Baiseraele. Molimo o ne a sa amohele sechaba sa Baamaleke. * (Deuteronoma 25:19) Joale Mojuda ea tšepahalang o ne a ka inamela Moamaleke ea ntlong ea borena joang? Mordekai o ne a ke ke a etsa joalo. O ile a ema a tiile ho seo a se lumelang. Ho fihlela le holimo lena, banna le basali ba tšepahalang ba ’nile ba beha bophelo ba bona kotsing e le hore ba mamele molao-motheo ona: “Re tla mamela Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29.

Hamane o ile a tuka ke bohale. Empa o ile a bona ho sa lekana hore a fumane tsela ea ho bolaea Mordekai feela. O ne a batla ho timetsa sechaba sa habo Mordekai kaofela! Hamane o ile a bua le morena, a senya Bajuda lebitso. Le hoja a ne a sa ba bolele ka mabitso, o ile a fana ka maikutlo a hore ke batho ba se nang thuso ea letho, “ba hasaneng le ba arohileng ho lichaba” tse ling. Ho hobe le ho feta ke hore o ile a re ba ne ba sa mamele melao ea morena; ka hona, e ne e le marabele a kotsi. O ile a re o tla fana ka chelete e ngata letlōleng la morena e le hore e koahele litšenyehelo tsohle tsa ho bolaea Bajuda kaofela ’musong oo. * Assueruse o ile a fa Hamane lesale la hae la tiiso e le hore a tiise taelo leha e le efe eo a neng a e nahanne.—Esthere 3:5-10.

Kapele-pele feela, manģosa a ile a jahella libakeng tsohle tsa ’muso ka lipere, a isa molaetsa oa polao ho Bajuda. Nahana feela hore na ho ile ha etsahala’ng ha litaba tseo li fihla hōle Jerusalema, moo masala a Bajuda a neng a sa tsoa khutla botlamuoeng Babylona a neng a hoehla ka thata ho tsosolosa motse o neng o ntse o se na marako a o sirelelitseng. Mohlomong Mordekai o ile a nahana ka bona le ka metsoalle ea hae le beng ka eena ba lulang Shushane, ha a utloa litaba tsena tse bohloko. A tsielehile, o ile a hahola liaparo tsa hae, a apara lesela la mokotla, a itšela ka molora hloohong eaba o hlaba seboko habohloko a le bohareng ba motse. Leha ho le joalo, Hamane eena o ne a lutse le morena a ntse a inoella, ho eena ho sa re le hore teke! ka lebaka la mesarelo eo a e baketseng Bajuda ba bangata le metsoalle ea bona e Shushane.—Esthere 3:12–4:1.

Mordekai o ne a tseba hore o lokela ho nka khato. Empa o ne a ka etsa’ng? Esthere o ile a utloela ka mahlomola a hae eaba o mo romella liaparo, empa Mordekai ha aa ka a tšeliseha. Mohlomong e ne e se e le nako joale a ntse a ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo oa hae, Jehova, a lumeletse hore Esthere eo a mo ratang a nkoe ho eena ebe o etsoa mofumahali oa morena oa mohetene. Joale ho ne ho bonahala lebaka le se le tla hlahella. Mordekai o ile a romella mofumahali molaetsa, a kōpa Esthere hore a buisane le morena, a buelle “batho ba habo.”—Esthere 4:4-8.

E tlameha ebe Esthere o ile a ikutloa a sehoa ke mala ha a utloa molaetsa oo. Ena e ne e le teko e khōlō ka ho fetisisa ea tumelo ea hae. O ne a tšaba, joalokaha ho bonahala karabong eo a ileng a e fa Mordekai. O ile a mo hopotsa ka molao oa morena. Motho ea hlahang ka pel’a morena a sa mo bitsa o ne a lokeloa ke lefu. O ne a ka pholoha feela haeba morena a ka mo nanabeletsa lere la borena la khauta. Na Esthere o ne a ka lebella hore a hauheloe joalo, haholo-holo ka mor’a se neng se sa tsoa etsahalla Vashti ha a ne a hana ho tla ho morena ha a mo bitsa? O ile a bolella Mordekai hore ho se ho fetile matsatsi a 30 morena a sa mo bitse! Ho mo hlokomoloha joalo ho ne ho etsa hore e be ho loketseng hore a ipotse hore na ebe morena o se a fetotse maikutlo ao a neng a e-na le ’ona ka eena. *Esthere 4:9-11.

Mordekai o ile a araba ka sebete ho matlafatsa tumelo ea Esthere. O ile a mo tiisetsa hore haeba a hlōleha ho ba buella, ho ne ho tla ba le mokhoa o mong oo Bajuda ba tla pholosoa ka oona. Empa na Esthere o ne a ka lebella hore eena a tloheloe ha mahloriso a ntse a e-hloa mekoalaba? Tabeng ena Mordekai o ile a bontša hore o tšepa Jehova ka hohle, ea neng a ke ke a lumella batho ba Hae hore ba felisoe ka ho feletseng le ea neng a tla lula a phethahatsa litšepiso tsa Hae. (Joshua 23:14) Joale Mordekai o ile a botsa Esthere: “Ke mang ea tsebang ebang ke bakeng sa nako e kang ena u fihletseng boholo bo hlomphehang ba bofumahali?” (Esthere 4:12-14) Mordekai o ne a tšepa Molimo oa hae, Jehova, ka ho feletseng. Na le rōna re mo tšepa joalo?—Liproverbia 3:5, 6.

Tumelo ea Hae e ne e le Matla ho Feta ho Tšaba Lefu

Motsotso oa hore Esthere a etse qeto, o ne o fihlile. O ile a re Mordekai a tsebise banna ba habo hore ba mo tšehetse tabeng ea ho itima lijo ka matsatsi a mararo, a ba a phethela molaetsa oa hae ka mantsoe ana a ileng a lula a hopoloa ho theosa le lilemo, a bontšang tumelo le sebete: “Haeba ke timela, ke tla timela.” (Esthere 4:15-17) E tlameha ebe ka matsatsi ao a mararo o ile a rapela ka tieo ho feta leha e le neng pele bophelong ba hae. Leha ho le joalo, motsotso oo o ile oa qetella o fihlile. O ile a apara ka tsela e ntle ka ho fetisisa ea bofumahali, a etsa sohle seo a ka se khonang ho hapa maikutlo a morena. Eaba o leba teng.

Joalokaha ho hlalositsoe qalong ea sehlooho sena, Esthere o ile a ea a lebile lebaleng la ntlo ea borena. U se u ka inahanela kamoo a neng a tšohile kateng, a bile a rapela a sa qete. O ile a kena lebaleng la ntlo ea borena moo a neng a ka bona Assueruse a le teroneng ea hae. Mohlomong o ne a leka le ho bala litaba sefahlehong sa morena—se neng se koahetsoe ke litelu tse kutiloeng ka ho lekana ka mahlakoreng ’ohle le moriri oa hae o molelele o ikharileng ka makhethe o kanngoeng hantle. Haeba o ile a tlameha ho leta, e ka ’na eaba o ne a utloa eka o se a letile lihora-hora. Empa nako eo e ile ea feta, eaba monna oa hae oa mo bona. Ha ho pelaelo hore o ne a maketse, empa ha aa ka a bonahala a halefile. O ile a mo nanabeletsa lere la hae la khauta!—Esthere 5:1, 2.

Joale morena o ne a amohetse Esthere ’me a ikemiselitse ho mo mamela. Esthere o ne a emetse Molimo oa hae le batho ba habo, a behela bahlanka bohle ba Molimo mohlala o motle ho tla fihlela le mehleng ena. Empa thota e ne e sa namme ka pel’a hae. Ke joang a neng a ka kholisa morena hore moeletsi oa hae eo a mo ratang, Hamane, e ne e le nta ea selomela kobong? O ne a tla etsa joang ho pholosa batho ba habo? Re tla tšohla lipotso tsena sehloohong se tla tla hamorao.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Batho ba bangata ba lumela hore Assueruse ke Xerxese I, ea ileng a busa ’Musong oa Persia maqalong a lekholo la bohlano la lilemo B.C.E.

^ ser. 24 Ho ka etsahala hore ebe Hamane e ne e le e mong oa Baamaleke ba ho qetela kaha “masala” a bona a ile a timetsoa khale mehleng ea Morena Ezekiase.—1 Likronike 4:43.

^ ser. 25 Hamane o ile a fana ka litalenta tse 10 000 tsa silevera, e leng chelete e lekanang le liranta tse limilione tse makholo kajeno. Haeba Assueruse e ne e le eena Xerxese I, chelete eo ea Hamane e tlameha e ile ea mo hohela. Xerxese o ne a lahlehetsoe ke leruo la hae ntoeng e tšabehang eo a neng a bile le eona le Bagerike, mohlomong pele a nyala Esthere.

^ ser. 28 Xerxese I o ne a tsebahala ka hore ke sefela-peloana se mabifi. Rahistori oa Mogerike, Herodotus o ile a ngola ka mehlala e itseng ea lintoa tsa Xerxese le Greece. Morena o ile a fana ka taelo ea hore ho hahuoe borokho bo tšehelitsoeng ke likepe mochophorong oa Hellespont. Ha sefefo se senya borokho boo, Xerxese o ile a laela hore lienjiniere li khaoloe lihlooho a ba a etsa hore banna ba hae ba fe Hellespont “kotlo” ka ho shapa metsi ha a ntse a rohakoa ka lentsoe le phahameng. Nakong ea lintoa tsona tseo, ha monna e mong ea ruileng a kōpa hore mora oa hae a se ke a kenngoa lebothong, Xerxese o ile a re mora eo a khaoloe likoto tse peli ’me ’mele oa hae o behoe pooaneng e le temoso.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Mordekai o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho ba motlotlo ka morali oa hae eo a mo hōlisitseng

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Esthere o ne a tseba hore boikokobetso le bohlale ke tsa bohlokoa ho feta ponahalo

[Setšoantšo se maqepheng a 22, 23]

Esthere o ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a sireletse batho ba Molimo