Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ruta Bana ba Hao

Nako eo ka Eona re Lokelang ho Lula re Falimehile

Nako eo ka Eona re Lokelang ho Lula re Falimehile

MOHLOMONG ua lumela hore ho lula u falimehile ha u le sekolong ke habohlokoa. Bana ba bangata baa robala ha ba le ka tlelaseng, empa hore u ithute, u lokela ho lula u falimehile. Mohlomong u boetse u ea libokeng moo u ithutang Bibele.

U nahana hore u ka etsa’ng e le hore u lule u falimehile? * Tlhahiso e ’ngoe ke hore u robale e sa le ka nako bosiu. Mohlomong ho robala hakhutšoaane motšehare oa mantsiboea le hona ho ka u thusa. A re bone hore na re ka ithuta’ng ho se ileng sa etsahalla mocha e mong ea ileng a robala bosiu ha moapostola Pauluse a ntse a fana ka puo. Sheba ka Bibeleng ho Liketso khaolo ea 20, temaneng ea 7 ho ea ho ea 12, ’me u bone se ileng sa etsahala.

Pauluse o ne a etetse phutheho e motseng oa Troase o koung ea leoatle. Bibele e re Pauluse “o ne a tla tloha letsatsing le hlahlamang” ka sekepe. Kahoo o ile “a lelefatsa puo ea hae ho fihlela har’a mp’a bosiu.” Rea bala: “A lutse fensetereng, mohlankana ea itseng ea bitsoang Eutikase a tšoaroa ke boroko bo tebileng ha Pauluse a ntse a bua.” Ho ile ha etsahala’ng ka mor’a moo?

Eutikase o ile a oa a le fensetereng ’me “a oa mokatong oa boraro.” Pauluse le ba bang ba ile ba mathela mokatong o ka tlaase kapele kamoo ba neng ba ka khona. Eutikase o ne a rapaletse fatše, a shoele! Na u ka nahana kamoo ba neng ba utloile bohloko kateng?— Bibele e re Pauluse o ile a nka Eutikase ’me a mo kopa ka matsoho. Ka mor’a nakoana Pauluse o ile a hoeletsa ka thabo, a re: ‘Se tšoenyeheng, oa phela!’ Molimo o ne a tsositse Eutikase!

Re ka ithuta eng ka Molimo ho se ileng sa etsahalla Eutikase?— Seo re ithutang sona ke hore Jehova, Ntate oa rōna oa leholimo a ka tsosa bafu, ho akarelletsa le bana. Ka sebele, Jehova oa u utloisisa ’me o u rata esita le ho feta batsoali ba hao. Ha Jesu a ne a le lefatšeng o ile a bontša hore na Ntate oa hae o joang ha a kopa bana ba banyenyane ka matsoho ’me a ba hlohonolofatsa. O ile a boela a tsosa bana, ho akarelletsa le ngoanana ea lilemo li 12.

Ho tseba hore Ntate oa hao oa leholimo oa u rata, ho etsa hore u ikutloe joang?— Ka sebele ho etsa hore le rōna re rate Jehova re be re mamele seo A se buang. Na ua tseba hore na re ka bontša joang hore rea Mo rata?— Tsela e ’ngoe ke ka ho mo bolella hore rea mo rata. Jesu o ile a re: “Ke rata Ntate.” Leha ho le joalo, Jesu o ile a etsa ho fetang feela hore a re o rata Molimo. O ile a bontša seo ka liketso.

Jesu o ne a mamela Molimo. Jesu o ile a re: “Kamehla ke etsa lintho tse mo khahlisang.” Haeba re etsa se tšoanang, re tla leka ka hohle ho lula re falimehile nakong eo re lokelang ho falimeha, e le hore re thabise Jehova le Mora hae Jesu.

^ ser. 4 Ha u bala sehlooho sena le ngoana, motoa o u hopotsa hore u etse khefu ’me u khothalletse ngoana hore a ntše maikutlo a hae.