Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Boithabiso ba Hao bo U Tsoela Molemo?

Na Boithabiso ba Hao bo U Tsoela Molemo?

Na Boithabiso ba Hao bo U Tsoela Molemo?

“Le ’ne le nepisise hore na ke sefe se amohelehang ho Morena.”—BAEF. 5:10.

1, 2. (a) Lentsoe la Molimo le bontša joang hore Jehova o batla hore re thabele bophelo? (b) Ha re nka boithabiso e le “mpho ea Molimo” seo se tla re susumelletsa hore re etse’ng?

KA HAR’A Bibele eohle, re fumana lipolelo tse bontšang hore Jehova ha a batle feela hore re phele empa o boetse o batla hore re thabele bophelo. Ka mohlala, Pesaleme ea 104:14, 15, e bontša hore Jehova o etsa hore “lijo li hlahe lefatšeng, le veine e thabisang pelo ea motho ea shoang, ho khantša sefahleho ka oli, le bohobe bo matlafatsang pelo ea motho ea shoang.” Ka sebele Jehova o etsa hore lijalo li hlahe ’me li hlahise lijo-thollo, oli le veine tse re matlafatsang. Empa veine e boetse ‘e thabisa pelo.’ Le hoja e se hore re hloka veine e le hore re phele, e ka re thabisa. (Moek. 9:7; 10:19) Ka sebele, Jehova o batla hore re thabe, le hore lipelo tsa rōna li tlale “ho hlasimoloha ho molemo.”—Lik. 14:16, 17.

2 Kahoo, ha ho lebaka la hore re ikutloe re le molato ha ka nako e ’ngoe re ipha nako ea ho ‘talima linonyana tsa leholimo ka hloko’ le “likhahla tsa naha” kapa re thabela ho etsa lintho tse ling tse re khathollang le tse ntlafatsang bophelo ba rōna. (Mat. 6:26, 28; Pes. 8:3, 4) Bophelo bo molemo ke “mpho ea Molimo.” (Moek. 3:12, 13) Ha re nka nako ea boikhathollo e le karolo ea mpho eo, seo se tla re susumelletsa hore re e sebelise ka tsela e tla thabisa Mofani oa mpho eo.

Lintho Tseo re ka Khethang ho Tsona li Ngata, Empa ho na le Meeli

3. Ke hobane’ng ha batho ba khetha boithabiso bo sa tšoaneng?

3 Batho ba nang le maikutlo a loketseng ka boithabiso baa tseba hore ba na le bolokolohi ba ho ikhethela hore na ba ka ithabisa ka eng, leha ho le joalo baa hlokomela hore hase ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba ka ithabisang ka eona. Hobane’ng? Ho araba potso eo, a re ke re bapiseng boithabiso le lijo. Lijo tseo batho ba li ratang li fapana ho ea ka libaka. Ha e le hantle, seo batho ba sebakeng se seng ba se nkang e le lijo tse lutlisang mathe, batho ba sebakeng se seng ba ka ’na ba se ke ba se rata. Ka tsela e tšoanang, seo Bakreste ba sebakeng se seng ba se nkang e le boithabiso bo monate, se ka ’na sa se ke sa khahlisa Bakreste ba lulang sebakeng se seng. Esita le har’a Bakreste ba lulang sebakeng se le seng, seo e mong a ka se nkang e le ntho e phomotsang kelello (mohlomong ho bala buka e monate), e mong a ka ’na a nka e le ntho e sa thahaselliseng; seo e mong a ka se nkang e le ntho e khathollang (mohlomong ho boha naha motho a palame baesekele), e mong a ka ’na a nka e le ntho e khathatsang ’mele. Ho ntse ho le joalo, rea lumela hore litabeng tse joaloka lijo le boithabiso, ho na le lintho tse ngata tseo batho ba ka khethang ho tsona, ’me motho e mong le e mong a ka ikhethela seo a se ratang.—Bar. 14:2-4.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho ipehela meeli mabapi le boithabiso boo re bo khethang? Fana ka mohlala.

4 Leha ho le joalo, re boetse rea hlokomela hore taba ea hore ho na le lintho tse ngata tseo batho ba ka ithabisang ka tsona, ha e bolele hore joale batho ba lokela ho phelela boithabiso. Ho etsa mohlala, nahana hape ka taba ea lijo. Le hoja re ka rata ho ja lijo tse fapa-fapaneng, re ne re ke ke ra ja lijo tse bolileng ka boomo. Ho ja lijo tse joalo e ne e tla be e le ho hloka kelello ’me ho ne ho ka re kulisa. Ka ho tšoanang, le hoja re e-na le boikhethelo mabapi le boithabiso bo molemo, re ne re ke ke ra hahamalla boikhathollo bo ka re ntšang kotsi, bo mabifi kapa ba boitšoaro bo hlephileng. Ho kopanela linthong tse joalo ho ne ho tla ba khahlanong le melao-motheo ea Bibele ’me ho ne ho ka re ntša kotsi ’meleng ha ba ha beha kamano ea rōna le Molimo kotsing. Ho etsa bonnete ba hore re ipehela meeli e loketseng, e ka ba hantle hore re nahanisise esale pele hore na boithabiso boo re bo ratang bo tla re tsoela molemo kapa che. (Baef. 5:10) Re ka etsa seo joang?

5. Ke eng e ka re thusang ho bona hore na boithabiso boo re bo khethang bo lumellana le melao ea Molimo kapa che?

5 E le hore boithabiso bo re tsoele molemo ’me e be bo khahlisang Jehova, bo lokela ho finyella melao e khethehileng e ka Lentsoeng la Molimo. (Pes. 86:11) E le hore u bone hore na boithabiso boo u bo ratang bo finyella melao eo, u ka ’na ua hlahloba lethathamo la lipotso tse latelang. Lethathamo leo le entsoe ka lipotso tsena tse tharo: boithabiso ba ka bo akarelletsa eng? ke ithabisa neng? hona ke ithabisa le bo-mang? A re ke re tšohleng lipotso tseo ka bonngoe.

Bo Akarelletsa Eng?

6. Re lokela ho hana boithabiso ba mofuta ofe, hona hobane’ng?

6 Pele u kopanela boithabisong, u lokela ho ipotsa hore na bo akarelletsa Eng—ka mantsoe a mang ipotse potso ena, ‘Ke khahloa ke boikhathollo ba mofuta ofe?’ Ha u ntse u batla karabo, ke habohlokoa hore u hopole hore ha e le hantle ho na le mekhahlelo e ’meli ea boithabiso. Mokhahlelo oa pele rea o hana; athe oa bobeli re ka ’na ra o amohela. Mokhahlelo oa pele ke ofe? Lefatšeng lena le khopo, boithabiso bo bongata bo akarelletsa liketso tse khahlanong le melao-motheo ea Bibele ka tsela e pepenene kapa tseo ho tsona batho ba tlōlang melao ea Molimo. (1 Joh. 5:19) Ho hang Bakreste ba ’nete ha ba amohele boithabiso ba mofuta oo. Boithabiso bo joalo bo akarelletsa liketso tse bontšang sehlōhō, bodemona, ho ratana ha batho ba bong bo tšoanang, litšoantšo tse litšila tse tsosang takatso, mabifi, liketso tse thoholetsang lintho tse ling tse nyonyehang le boitšoaro bo litšila. (1 Bakor. 6:9, 10; bala Tšenolo 21:8.) Haeba re nena boithabiso ba mofuta oo ho sa tsotellehe hore na re hokae, re tiisetsa Jehova hore re ‘nyonya se khopo.’—Bar. 12:9; 1 Joh. 1:5, 6.

7, 8. Re ka tseba joang hore na boithabiso bo itseng bo re loketse kapa che? Fana ka mohlala.

7 Mokhahlelo oa bobeli oa boikhathollo o akarelletsa mefuta ea boithabiso eo Lentsoe la Molimo le sa e nyatseng ka ho toba. Maemong a joalo, pele re khetha boithabiso re lokela ho bapisa ka hloko karolo eo ea boithabiso le seo Jehova a se nkang se le molemo ho latela melao-motheo ea Bibele. (Liprov. 4:10, 11) Ka mor’a moo, re lokela ho etsa qeto e tla re siea re e-na le letsoalo le letle. (Bagal. 6:5; 1 Tim. 1:19) Re ka etsa seo joang? Nahana ka sena: Pele re ja lijo tseo re qalang ho li bona, ntho ea pele eo re ka batlang ho e tseba ke hore na li entsoe ka eng. Ka ho tšoanang, pele re kopanela boithabisong, re lokela ho batlisisa hore na bo akarelletsa eng.—Baef. 5:17.

8 Ka mohlala, e ka ’na eaba u rata lipapali ’me eo ke ntho e utloahalang. Lipapali li ka re natefela tsa ba tsa re thabisa. Ho thoe’ng haeba u khahloa ke lipapali tse itseng tseo ho tsona batho ba hlōlisanang ka mabifi, ba behang bophelo ba bona kotsing ka tsela e feteletseng, ba ntšanang likotsi, ba ketekang ka tsela e tsoileng taolong, ba bontšang moea oa bochaba kapa lintho tse ling tse joalo? Ka mor’a ho hlahloba hore na lipapali tseo li joang, u ka ’na ua etsa qeto ea hore boithabiso boo bo ke ke ba lumellana le tsela eo Jehova a nahanang ka eona kapa le molaetsa oa khotso le lerato oo re bolellang ba bang ka oona. (Esa. 61:1; Bagal. 5:19-21) Ka lehlakoreng le leng haeba boikhathollo bo itseng bo akarelletsa lintho tseo Jehova a li nkang li le molemo, boithabiso bo joalo bo ka u tsoela molemo ’me ba u khatholla.—Bagal. 5:22, 23; bala Bafilipi 4:8.

Ke Ithabisa Neng?

9. Karabo ea rōna potsong e reng, ‘Ke tla ithabisa neng?’ e bontša’ng?

9 Potso ea bobeli eo u lokelang ho ipotsa eona ke ena, ‘Ke tla ithabisa Neng, ’me ke tla qeta nako e kae ke ithabisa?’ Karabo ea rōna potsong ea hore na boithabiso boo bo akarelletsa eng e bontša hore na re rata eng—ka mantsoe a mang, hore na ke sefe seo re se nkang se amoheleha kapa se sa amohelehe. Leha ho le joalo, karabo ea rōna potsong e reng na re ithabisa neng e bontša hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong ba rōna—e leng lintho tseo re li nkang e le tsa bohlokoa kapa e se tsa bohlokoa. Kahoo, re ka tseba joang hore na tsela eo re nkang boithabiso e le ba bohlokoa ka eona e loketse kapa che?

10, 11. Mantsoe a Jesu a ho Matheu 6:33 a re thusa joang ho etsa qeto ea hore na re tla qeta nako e kae re ithabisa?

10 Jesu Kreste o ile a bolella balateli ba hae sena: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mar. 12:30) Kahoo, lerato la rōna ho Jehova le tla pele bophelong ba rōna. Re bontša hore seo ke ’nete ka hore re latele keletso ea Jesu e reng: “Joale, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha hae, ’me lintho tsena tse ling tsohle le tla li ekeletsoa.” (Mat. 6:33) Mantsoe ao a ka re thusa joang hore re bone hore na re lokela ho qeta nako e kae re ithabisa le hore na re lokela ho nka boithabiso e le ba bohlokoa hakae?

11 Hlokomela sena: Jesu o ile a re eletsa hore ‘re ’ne re batle ’muso pele.’ Ha aa ka a re bolella hore ‘re ’ne re batle ’muso feela.’ Ho hlakile hore Jesu o ne a tseba hore ho phaella tabeng ea ho batla ’Muso, re ne re tla batla lintho tse ling tse ngata bophelong. Re hloka matlo, lijo, liaparo, thuto ea motheo, mosebetsi, boithabiso le lintho tse ling tse ngata. Leha ho le joalo, har’a lintho tsohle tseo re li batlang, ke ntho e le ’ngoe feela e tlang pele—e leng lintho tse amanang le ’Muso. (1 Bakor. 7:29-31) Ha re utloisisa hore na ke sefe se tlang pele bophelong ba rōna, seo se tla re thusa hore re etse lintho tse tlang sebakeng sa bobeli tse akarelletsang boithabiso, ka tsela e tla re lumella ho etsa ntho e ka sehloohong bophelong ba rōna—e leng ho hlokomela lintho tse amanang le ’Muso. Haeba re etsa seo, boithabiso bo lekanyelitsoeng bo ka re tsoela molemo.

12. Re ka sebelisa molao-motheo o ho Luka 14:28 joang mabapi le boithabiso?

12 Kahoo, e ka ba hantle hore re bale litšenyehelo mabapi le hore na re tla qeta nako e kae re ithabisa. (Luka 14:28) Re lokela ho nahana hore na boikhathollo bo itseng bo tla re jella nako e kae. Ka mor’a moo, re lokela ho etsa qeto ea hore na re tla qeta nako e kae ho bona. Ha rea lokela ho qeta nako e ngata haholo re ithabisa hoo re ka haelloang ke nako ea ho etsa lintho tsa bohlokoa tse kang ho ithuta Bibele, borapeli ba lelapa, ho ea libokeng tsa Bokreste kapa ho kopanela mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso. (Mar. 8:36) Empa haeba boikhathollo boo re kopanelang ho bona ka linako tse itseng bo re thusa hore re etse mesebetsi e amanang le ’Muso ka mafolofolo, re ka ’na ra etsa qeto ea hore boithabiso bo joalo hase tšenyo ea nako.

Ke Ithabisa le Bo-mang?

13. Ke hobane’ng ha re lokela ho ba hlokolosi hore na re ithabisa le bo-mang?

13 Potso ea boraro eo u lokelang ho ipotsa eona ke ena, ‘Ke batla ho ithabisa le Bo-mang?’ Ke habohlokoa ho nahana ka taba ena mabapi le boithabiso. Hobane’ng? Hobane taba ea hore na re thabela boithabiso hakae, e itšetlehile ka hore na re ithabisa le batho ba mofuta ofe. Joalokaha ho ja lijo le metsoalle e molemo ho le monate, boithabiso le bona bo ba monate ha u e-na le metsoalle e molemo. Kahoo, hoa utloahala hore batho ba bangata, haholo-holo bacha, ba thabela ho ithabisa le batho ba bang. Leha ho le joalo, e le ho tiisa hore boithabiso bo tla re tsoela molemo, e ka ba bohlale hore re nahanisise esale pele hore na ke batho ba mofuta ofe bao re tla ithabisa le bona le hore na ke ba mofuta ofe bao re tla ba qoba.—2 Likron. 19:2; bala Liproverbia 13:20; Jak. 4:4.

14, 15. (a) Ke mohlala ofe oo Jesu a re behetseng oona mabapi le ho khetha metsoalle e nepahetseng? (b) Ke lipotso life tseo re lokelang ho ipotsa tsona mabapi le metsoalle eo re nang le eona?

14 Ha re latela mohlala oa Jesu mabapi le ho khetha metsoalle seo se tla re tsoela molemo haholo. Jesu o ratile batho ho tloha nakong ea pōpo ho ea pele. (Liprov. 8:31) Ha a ntse a le lefatšeng o ile a bontša hore o nahanela batho ba mefuta eohle ka lerato. (Mat. 15:29-37) Leha ho le joalo, Jesu o ile a bontša hore ho na le phapang pakeng tsa ho ba le botsoalle le ho ba motsoalle ea haufi-ufi. Le hoja a ne a e-na le botsoalle ho batho ka kakaretso, e ne e se motsoalle oa motho e mong le e mong. Ha a ne a bua le baapostola ba hae ba 11 ba tšepahalang, Jesu o ile a re: “Le metsoalle ea ka haeba le etsa seo ke le laelang sona.” (Joh. 15:14; sheba le Johanne 13:27, 30.) Batho feela bao Jesu a neng a ba nka e le metsoalle ea hae ke ba neng ba mo latela ’me ba sebeletsa Jehova.

15 Kahoo, ha u nahana ka hore na u khethe motho ea itseng hore e be motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo kapa che, e ka ba hantle hore u hopole mantsoe a Jesu. Ipotse lipotso tse kang tsena: ‘Na motho eo o bontša ka lipolelo le ka liketso hore o mamela litaelo tsa Jehova le Jesu? Na joaloka ’na, mekhoa ea hae le boitšoaro ba hae li lumellana le melao ea Bibele? Na ho tloaelana le eena ho tla nkhothalletsa hore ke etse hore ’Muso o tle pele bophelong ba ka le hore ke be mohlanka oa Jehova ea tšepahalang?’ Haeba u kholisehile hore karabo ea hao lipotsong tseo ke e, u fumane motsoalle eo u ka thabelang ho ikhatholla le eena.—Bala Pesaleme ea 119:63; 2 Bakor. 6:14; 2 Tim. 2:22.

Boithabiso Boo re bo Khethang—Na bo Loketse?

16. Ke eng eo re lokelang ho ipotsa eona mabapi le boithabiso?

16 Re tšohlile ka bokhutšoanyane likarolo tse tharo tsa boithabiso—e leng hore na bo akarelletsa’ng, re ithabisa neng le hore na re ithabisa le bo-mang. E le hore boithabiso ba rōna bo re tsoele molemo, bo lokela ho lumellana le melao e thehiloeng Bibeleng mabapi le lintlha tseo. Ka hona, pele re kopanela boithabisong bo itseng re lokela ho bo hlahloba. Re lokela ho tseba hore na bo akarelletsa eng; hore na bo molemo kapa bo hlephisa boitšoaro. (Liprov. 4:20-27) Mabapi le hore na boithabiso bo akarelletsa eng, re lokela ho ipotsa: ‘Ke tla qeta nako e kae ke ithabisa? Na hoa hlokahala hore ke qete nako e kaalo boithabisong?’ (1 Tim. 4:8) Mabapi le hore na re tla ithabisa le bo-mang, re lokela ho ipotsa: ‘Na batho bao ke batlang ho ithabisa le bona ke batho ba molemo kapa ba babe?’—Moek. 9:18; 1 Bakor. 15:33.

17, 18. (a) Re ka itlhahloba joang e le hore re bone hore na boithabiso boo re kopanelang ho bona bo lumellana le melao ea Bibele kapa che? (b) U ikemiselitse ho etsa’ng mabapi le ho khetha boithabiso?

17 Haeba boithabiso boo re batlang ho kopanela ho bona bo le khahlanong le melao ea Bibele ho e ’ngoe ea likarolo tseo tse tharo, ha boa lokela. Ka lehlakoreng le leng, haeba re tiisa hore boikhathollo ba rōna bo lumellana le melao ea Bibele likarolong tseo tse tharo, boithabiso ba rōna bo tla tlotlisa Jehova ’me bo re tsoele molemo.—Pes. 119:33-35.

18 Kahoo, ha re kopanela boithabisong, a re loaneleng ho etsa se nepahetseng ka nako e nepahetseng le batho ba nepahetseng. E se eka e mong le e mong oa rōna a ka ikemisetsa ka pelo eohle ho latela keletso ena ea Bibele: “Ebang lea ja kapa lea noa kapa le etsa ntho leha e le efe e ’ngoe, le etse lintho tsohle bakeng sa thoriso ea Molimo.”—1 Bakor. 10:31.

Na U ka Hlalosa?

Mabapi le boithabiso, u ka sebelisa joang melao-motheo e ho . . .

Bafilipi 4:8?

Matheu 6:33?

Liproverbia 13:20?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 9]

Bo akarelletsa eng

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 10]

Ke ithabisa neng

[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 12]

Ke ithabisa le bo-mang

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Re ka latela mohlala oa Jesu joang ha re khetha metsoalle le boikhathollo?