Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Karabo ke ea Bohlokoa?

Na Karabo ke ea Bohlokoa?

Na Karabo ke ea Bohlokoa?

“Ke ne ke le lilemo li leshome ha ke qala ho ratana le bashanyana. Qalong, re ne re tšoarana le ho sunana feela. Leha ho le joalo, ka mor’a nakoana re ne re se re tšoarana litho tsa botho le ho etsa lintho tse ling tse re tsosetsang takatso. Ha ke le lilemo li 15, ke ile ka qala ho sebetsa ’me mosebetsing moo, ke ile ka ferehoa ke banna ba neng ba batla hore re hle re kopanele liphate. Ke ne ke sa batle ho bonahala eka ke lekoala ke bile ke batla ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo basebetsi-’moho le ’na ba e etsang. Ke ne ke batla hore metsoalle ea ka e nkamohele, eaba seo se etsa hore ke kenelle le ho feta liketsong tse amanang le ho kopanela liphate.”—SARAH, * AUSTRALIA.

NA U tla makala ha u utloa hore Sarah o hōletse lelapeng le chesehang bolumeling? Ha a ntse a hōla, batsoali ba hae ba ile ba leka ho mo ruta hore a phele ka melao ea Bibele ea boitšoaro. Empa Sarah o ile a ikhethela tsela ea hae.

Ba bangata ba tla lumellana le seo Sarah a se khethileng. Ba lumela hore seo Bibele e se rutang ka ho kopanela liphate se siiloe ke nako habohloko. Ba bang bona ha ba bone ho e-na le bothata ha motho a re ke molumeli ea inehetseng empa ka lehlakoreng le leng a iphelela kamoo a ratang kateng litabeng tsa ho kopanela liphate.

Na ke ntho ea bohlokoa hore u tsebe se rutoang ke Bibele tabeng ea ho kopanela liphate, u be u se latele? Bibele e re e ‘bululetsoe ke Molimo ’me e molemo bakeng sa ho ruta.’ (2 Timothea 3:16) Haeba u lumela hore Molimo ke eena ea bōpileng batho le hore Bibele ke Lentsoe la hae le bululetsoeng, joale ke ntho ea bohlokoa hore u tsebe seo e se buang tabeng ena.

Ka bomalimabe, ba bangata ba ferekane ka seo Bibele e se rutang ka ho kopanela liphate. Baeta-pele ba bolumeli ba reng ba hlompha Bibele ba ruta lintho tse hanyetsanang. Ha e le hantle, taba ena e arotse likereke tse ngata tse khōlō.

Ho e-na le hore u itšetlehe ka seo ba bang ba se bolelang, ke hobane’ng ha u sa iphe nako ea ho hlahloba taba ee ka bouena? Sehlooho se latelang se tšohla lipotso tse leshome tse atisang ho botsoa mabapi le seo Bibele e se rutang ka ho kopanela liphate. Ha u se bala u tla fumana likarabo tse hlakileng tse thehiloeng ho seo Bibele e hlileng e se rutang. Sehlooho sa ho qetela ho tse tšohlang taba ena se tla bontša hore na ke hobane’ng ha khetho eo re e etsang e le ea bohlokoa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 2 Lebitso le fetotsoe.