Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Litšebeletso tsa tempele ea Jehova e Jerusalema li ne li hlokomeloa joang ka lichelete?

Litšebeletso tse ngata tsa tempele li ne li tšehetsoa ka chelete ea lekhetho, haholo-holo ka ho ntša karolo ea leshome e tlamang. Empa ho ne ho boetse ho e-na le mefuta e meng ea lekhetho e neng e sebelisoa. Ka mohlala, nakong eo ho neng ho hahoa tabernakele, Jehova o ile a laela Moshe hore Moiseraele e mong le e mong ea ngolisitsoeng a ntše halofo ea shekele ea silevera, e be “monehelo oa Jehova.”—Exoda 30:12-16.

Kamoo ho bonahalang kateng, e ile ea e-ba tloaelo hore Mojuda e mong le e mong a nehelane ka chelete ena selemo se seng le se seng e le lekhetho la tempele. Ke lona lekhetho lena leo Jesu a ileng a laela Petrose hore a le lefe ka chelete ea tšepe eo a neng a e nkile lehanong la tlhapi.—Matheu 17:24-27.

Lilemong tse ’maloa tse fetileng, lichelete tse peli tsa silevera tsa mofuta o neng o sebelisoa ha ho lefshoa lekhetho la tempele li ile tsa sibolloa Jerusalema. Chelete e ’ngoe, e neng e entsoe Tyre ka 22 C.E., e ile ea fumanoa ka har’a kotopo ea lekholong la pele la lilemo. Shekele ena ka lehlakoreng le leng e na le hlooho ea Melkart, kapa Baale, e leng molingoana o neng o le ka sehloohong Tyre, ka ho le leng e na le ntsu e kotsometseng nkong ea sekepe. Chelete ea bobeli, e ileng ea fumanoa maloanlahleng a ntšitsoeng motheong oa tempele, e ne e le ea selemo sa pele sa ha Bajuda ba fetohela Roma ka 66-67 C.E. E bontšitse senoelo le lithunthung tse tharo tsa kharenate, hammoho le mantsoe a reng “Halofo ea Shekele” le “Jerusalema e Halalelang.” Ha moprofesa Gabriel Barkay a bua ka chelete ena e sibolotsoeng, o re e na le “matšoao a hore e ile ea senngoa ke mollo, mohlomong mollo o ileng oa senya Tempele ea Bobeli ka 70 CE.”

Mesebetsi ea kaho ea Nebukadnezare morena oa Babylona, e ne e khahleha hakae?

Buka ea Bibele ea Daniele e tlaleha Nebukadnezare moo a reng: “Na ena hase Babylona e Khōlō, eo ke e hahileng bakeng sa ntlo ea borena ka matla a bonatla ba ka le bakeng sa seriti sa boholo ba ka bo hlomphehang?” (Daniele 4:30) Na motse oo oa boholo-holo o ne o hlile o le moholo?

Bo-rahistori ba bontša hore Nebukadnezare o ne a hahile litempele, matlo a borena, marako a motse hammoho le serapa se botle bo tsotoang mothipoloheng. Tempele e khōlō e karolong e bohareng ea Babylona, e ne e e-na le tora e ka bang limithara tse 70 ka bophahamo. Leha ho le joalo, buka ea Babylon—City of Wonders e re “mesebetsi ea kaho [ea Nebukadnezare] e tummeng ka ho fetisisa ke Tsela ea Mokoloko le Keiti ea Ishtar.” Tsela ea Mokoloko, e neng e feta le Keiting ea Ishtar, e ne e khabisitsoe ka litšoantšo tsa litau tse kang lia tsamaea. Athe ha e bua ka Keite ka boeona, e leng khoro e ntle ka ho fetisisa eo batho ba neng ba kena Babylona ka eona, buka eo e re: “E tlameha ebe moeti oa boholo-holo o ne a sitoa ho lebala botle bo mo amohelang ha a kena motseng, e leng botle ba litene tse benyang tse boputsoa bo loileng le mekhabiso ea litšoantšo tse makholo tsa lipoho tseo ekang lia tsamaea hammoho le lidrakone.”

Qalong ea lekholo la bo20 la lilemo, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba epolla likaroloana tse likete tsa Tsela ea Mokoloko hammoho le Keiti ea Ishtar, eaba ba leka ho li kopanya hape ’me ba li boloka Musiamong oa Pergamon, o Berlin, Jeremane.

[Litšoantšo tse leqepheng la 12]

Ka boholo li kana

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]

Top: Clara Emit, Courtesy of Israel Antiquities Authority; bottom: Zev Radovan

[Setšoantšo se leqepheng la 12]

Keite ea Ishtar e hahuoeng bocha