Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Batsoali ba Lokela ho Ruta Bana ba Bona ka ho Kopanela Liphate?

Na Batsoali ba Lokela ho Ruta Bana ba Bona ka ho Kopanela Liphate?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Batsoali ba Lokela ho Ruta Bana ba Bona ka ho Kopanela Liphate?

▪ Batsoali ba bangata ba leka ka hohle ho sireletsa bana ba bona hore ba se tšoaetsoe ke maloetse a kotsi. Batsoali ba lokela ho etsa boiteko bo tšoanang le tabeng ea ho sireletsa bana ba bona hore ba se ke ba hahlameloa ke moea o fosahetseng tabeng ea boitšoaro. Tsela e ’ngoe eo ba ka etsang sena ka eona ke ka ho ba ruta se nepahetseng ka ho kopanela liphate. (Liproverbia 5:3-23) Koetliso e joalo ea batsoali hammoho le ho ba tataisa litabeng tsa boitšoaro ke ea bohlokoa haholo hobane mehleng ena TV, Inthanete, libuka hammoho le libuka tsa metlae li beha liketso tsa ho kopanela liphate pepenene.

Moprofesa oa thuto, Diane Levin, ebile e le sengoli, o hlalosa tjena: “Bothata kajeno hase hore bana ba rōna ba ithuta ka ho kopanela liphate. Bothata ke hore na ba ithuta eng ka hona, ba ithuta ba le lilemong life, hona ke mang ea ba rutang. Bana ba fumana thuto e nang le tšusumetso e matla le e kotsi ea ho kopanela liphate ho bo-rakhoebo hammoho le mokhoeng oa bophelo o ratoang.”

Batsoali ba lokela ho sireletsa bana ba bona likhopolong tse tsoileng tseleng tsa boitšoaro bo litšila tse ntseng li senya lefatše. (Liproverbia 5:1; Baefese 6:4) Bana ba banyenyane ba lokela ho tseba hore na ’mele ea bona e sebetsa joang, ba lokela ho e hlokomela joang le hore na ba lokela ho itšireletsa joang bathong ba itšoereng hampe. Pele ngoana a kena bohlankaneng kapa boroetsaneng—e leng nako eo matšoao a hore ngoana e se e e-ba mohlankana kapa moroetsana a bonahalang ka eona—ngoanana o lokela ho tseba ka liphetoho tse tla ba teng ’meleng oa hae a be a utloisise hore na ke hobane’ng ha banana ba ilela khoeli le hore na seo se etsahala joang. Ka tsela e tšoanang, moshanyana le eena o lokela ho tseba esale pele ka taba ea ho tsoa mohlapo bosiu. Batsoali ba ka qala ho ruta bana ba sa le banyenyane mabitso a nepahetseng a litho tsa ’mele. Batsoali ba bontša lerato ha ba ruta bana ba bona lintho tsena tse tharo tsa bohlokoa ka ’mele ea bona: (1) Li khethehile ebile ke tsa botho. (2) Ho fosahetse ho bua ka tsela e mpe ka tsona. (3) Ha lia lokela ho tšoaroa ke motho e mong kapa hona ho li bontša ba bang. Ha bana ba ntse ba hōla, batsoali ba lokela ho etsa qeto ea hore na ba tla ba hlalosetsa neng hore na ’mè e ba moimana joang. *

Batsoali ba lokela ho qalella neng ka thupelo ee? Kapele ho feta kamoo ba bangata ba nahanang. Ngoanana a ka qala ho ilela khoeli a le lilemo li 10 esita le ka tlaase ho moo. Moshanyana a ka qala ho tsoa mohlapo bosiu a le lilemo li 11 kapa 12. Liphetoho tsena tse bang teng ’meleng li ka ferekanya bana haholo haeba ba sa tsebe hore na hantle-ntle ho etsahala’ng. Bana ba lokela ho kholisoa esale pele hore liphetoho tse joalo ’meleng ea bona ke tsa tlhaho ebile ha ho phoso ea letho ka tsona. Hape ke monyetla o motle oa ho ba thusa hore ba utloisise bohlokoa ba ho latela melao ea boitšoaro ea Bibele—e leng seo boholo ba mananeo a thuto ea lefatše ka ho kopanela liphate a sa se etseng.—Liproverbia 6:27-35.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Batsoali ba ka fumana boitsebiso bo ka ba thusang litabeng tsena likhatisong tse latelang tsa Lipaki Tsa Jehova: Tsoha! ea May 2006, sehloohong se reng “Ho Hlomella Morali oa Hao Mohla a Qalang ho ea Khoeling,” leqepheng la 10-13; Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 2, khaolo ea 6, “Ho Etsahala’ng ka ’Mele oa Ka?”; le Molula-Qhooa oa November 1, 2010, “Se Tlisang Thabo ka Lapeng—Bua le Bana ba Hao ka ho Kopanela Liphate,” leqepheng la 12-14.