Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thusang Banna ho Tsoela Pele Moeeng

Thusang Banna ho Tsoela Pele Moeeng

Thusang Banna ho Tsoela Pele Moeeng

‘Ho tloha joale ho ea pele le tla tšoasa batho ba phela.’—LUKA 5:10.

1, 2. (a) Banna ba ile ba etsa joang ha ba utloa lithuto tsa Jesu? (b) Re tla tšohla eng sehloohong see?

HA Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba le leetong la ho bolela litaba tse molemo Galilea, ba ile ba tloha ka sekepe ho ea sebakeng se ka thōko. Leha ho le joalo, bongata bo ile ba ba latela bo tsamaea ka maoto. Ba ileng ba tla letsatsing leo “e ne e ka ba banna ba likete tse hlano, ntle ho basali le bana ba banyenyane.” (Mat. 14:21) Ka lekhetlo le leng bongata bo ile ba tla ho Jesu bo batla ho phekoloa le ho utloa ha a bua. Bo ne bo akarelletsa “banna ba likete tse ’nè, ntle ho basali le bana ba banyenyane.” (Mat. 15:38) Ho hlakile hore banna ba bangata ba ne ba le har’a batho ba ileng ba tla ho Jesu ’me ba bontša hore ba thahasella seo a neng a se ruta. Ha e le hantle, Jesu o ne a lebeletse hore batho ba bang ba bangata ba ne ba tla amohela molaetsa kaha ka mor’a hore a thuse barutuoa ba hae ho tšoasa litlhapi tse ngata ka mohlolo, o ile a re ho morutuoa oa hae Simone: “Ho tloha joale ho ea pele [le] tla tšoasa batho ba phela.” (Luka 5:10) Barutuoa ba hae ba ne ba lokela ho akhela matlooa a bona har’a leoatle la batho ’me ba ne ba ka lebella hore batho bao ba neng ba tla ba “tšoasa” ba ne ba tla akarelletsa le banna ba bangata.

2 Ka tsela e tšoanang, kajeno banna ba bontša hore ba thahasella molaetsa oa Mangolo oo re o bolelang ’me ba nka bohato ka seo ba ithutang sona. (Mat. 5:3) Leha ho le joalo, banna ba bangata baa qeaqea ’me ha ba tsoele pele ’neteng. Re ka ba thusa joang? Le hoja Jesu a sa ka a etsa letšolo le khethehileng la boboleli la ho batla banna, ho totobetse hore o ile a bua ka litaba tse neng li ama banna ba mehleng ea hae. Re sebelisa mohlala oa hae, a re ke re tšohleng hore na re ka thusa banna joang ho sebetsana le lintho tse tharo tse ba tšoenyang kajeno, e leng: (1) ho iphelisa, (2) ho tšaba batho le (3) ho ikhalala.

Ho Iphelisa

3, 4. (a) Banna ba bangata ba tšoenyehile ka eng? (b) Ke hobane’ng ha banna ba bangata ba etelletsa mosebetsi oa boipheliso pele ho lintho tsa moea?

3 Mongoli e mong o ile a re ho Jesu, “Mosuoe, ke tla u latela kae kapa kae moo u tla ea teng.” Leha ho le joalo, ha Jesu a re ho eena, “Mor’a motho ha a na moo a ka behang hlooho ea hae teng,” mongoli eo o ile a qala ho qeaqea. Mohlomong ho se be le bonnete ba ho re na o tla fumana lijo hokae kapa hore na o tla lula hokae ha hoa ka ha mo tšoara hantle, kaha ha ho na moo ho bontšoang hore e ile ea e-ba molateli oa Kreste.—Mat. 8:19, 20.

4 Hangata banna ba etelletsa litlhoko tsa nama pele ho lintho tsa moea. Ntho e tlang pele ho banna ba bangata ke ho fumana thuto e phahameng le ho fumana mosebetsi o lefang chelete e ngata. Ba nahana hore ho fumana chelete ke habohlokoa haholo ’me ho molemo ho feta ho ithuta Mangolo le ho loanela ho ba le kamano e haufi le Molimo. Ba ka ’na ba rata seo ba ithutang sona Bibeleng empa “matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho le matla a thetsang a maruo” a bipetsa thahasello eo e ka ’nang eaba ba na le eona. (Mar. 4:18, 19) Nahana kamoo Jesu a ileng a thusa barutuoa ba hae kateng hore ba etse liphetoho mabapi le hore na ke sefe se tlang pele bophelong ba bona.

5, 6. Andrease, Petrose, Jakobo le Johanne ba ile ba thusoa ke’ng hore ba etse liphetoho mabapi le hore na ke hofe ho neng ho lokela ho tla pele bophelong ba bona pakeng tsa mosebetsi oa boboleli le oa boipheliso?

5 Andrease le mor’abo Simone Petrose ba ne ba kopanetse khoebo ea ho tšoasa litlhapi. Johanne le mor’abo Jakobo hammoho le ntat’a bona Zebedea, le bona ba ne ba e kopanetse. Khoebo e ne e le ntle hoo ho ileng ha hlokahala hore ba hire banna ba ba thusang. (Mar. 1:16-20) Ka lekhetlo la pele ha Johanne Mokolobetsi a ne a bolella Andrease le Johanne ka Jesu, ba ile kholiseha hore ba ne ba fumane Mesia. Andrease o ile a bolella mor’abo Simone Petrose ka taba eo ’me mohlomong Johanne le eena o ile a e bolella mor’abo Jakobo. (Joh. 1:29, 35-41) Likhoeling tse latelang, bone ba bona ba ile ba tsamaea le Jesu ha a ne a bolela litaba tse molemo Galilea, Judea le Samaria. Ka mor’a moo, barutuoa bao ba bane ba ile ba khutlela khoebong ea bona ea ho tšoasa litlhapi. Ba ne ba rata lintho tsa moea empa boboleli e ne e se ntho eo ba amehileng ka eona haholo.

6 Hamorao, Jesu o ile a kōpa Petrose le Andrease hore ba mo latele ’me e be “batšoasi ba batho.” Ba ile ba etsa joang? ‘Hang-hang ba ile ba tlohela matlooa, ba mo latela.’ Jakobo le Johanne le bona ba ile ba mo latela. ‘Hang-hang ba ile ba siea sekepe ’me ba siea ntat’a bona, ba mo latela.’ (Mat. 4:18-22) Banna baa ba ile ba thusoa ke’ng hore ba be tšebeletsong ea nako e tletseng? Na ba ile ba etsa qeto eo ka lepotlapotla hobane ba ne ba nkehile maikutlo? Che! Likhoeling tse fetileng banna bana ba ile ba mamela Jesu, ba mo bona ha a etsa mehlolo, ba bona kamoo a neng a chesehela ho loka kateng ba ba ba bona le tsela e hlollang eo batho ba ileng ba amohela boboleli ba hae ka eona. Ka lebaka leo, tumelo ea bona ho Jehova e ile ea matlafala ba ba ba mo tšepa haholo!

7. Re ka thusa batho bao re ithutang Bibele le bona joang hore ba tšepe hore Jehova o na le matla a ho hlokomela batho ba hae?

7 Re ka etsisa Jesu joang ha re thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba tšepe Jehova? (Liprov. 3:5, 6) Re ka ba thusa ka tsela eo re rutang ka eona. Ha re ruta, re ka totobatsa taba ea hore Molimo o re tšepisa hore o tla re hlohonolofatsa haholo haeba re etelletsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso. (Bala Malakia 3:10; Matheu 6:33.) Le hoja re ka sebelisa mangolo a fapa-fapaneng ho bontša kamoo Jehova a hlokomelang batho ba hae kateng, re lokela ho hopola hore mohlala oa rōna o ka beha litholoana tse molemo. Haeba re bolella batho bao re ithutang le bona lintho tse re etsahalletseng, seo se ka ba thusa haholo hore ba itšetlehe ka Jehova. Re ka boela ra ba bolella liphihlelo tse khothatsang tseo re balileng ka tsona ka har’a lingoliloeng tsa rōna. *

8. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore seithuti sa Bibele se ‘latsoe ’me se bone hore Jehova o molemo’? (b) Re ka thusa motho eo re ithutang le eena joang hore a inoese ka nkho hore Jehova o molemo?

8 E le hore batho ba be le tumelo e matla ha ho hlokahale feela hore ba bale ba be ba utloe kamoo Jehova a ’nileng a hlohonolofatsa batho ba bang kateng. Seithuti sa Bibele le sona se lokela ho inoesa ka nkho hore Jehova o molemo. Mopesaleme o ile a bina a re: “Latsoang ’me le bone hore Jehova o molemo, ho thaba monna ea shahlileng ea tšabelang ho eena.” (Pes. 34:8) Re ka thusa motho eo re ithutang le eena joang hore a bone hore Jehova o molemo? A re re motho eo u ithutang le eena o na le bothata ba lichelete ebile o leka ho tlohela mokhoa o mobe o kang ho tsuba, ho becha kapa ho noa haholo. (Liprov. 23:20, 21; 2 Bakor. 7:1; 1 Tim. 6:10) Na ho ruta motho eo u ithutang le eena ho rapella hore Molimo a mo thuse ho hlōla mokhoa o mobe ho ke ke ha mo thusa hore a bone molemo oa Jehova? Hape, nahana ka se ka etsahalang haeba re khothalletsa motho eo re ithutang le eena hore a etelletse lintho tsa moea pele ka hore a iphe nako ea thuto ea Bibele ea beke le beke a be a lokisetse liboka tsa Bokreste ’me a be teng ho tsona. Ha a bona kamoo Jehova a hlohonolofatsang boiteko boo a bo etsang kateng, tumelo ea hae e tla matlafala le ho feta!

Ho Tšaba Batho

9, 10. (a) Ke hobane’ng ha Nikodemase le Josefa oa Arimathea ba ile pata hore e ne e le barutuoa ba Jesu? (b) Ke hobane’ng ha banna ba bang kajeno ba le lesisitheho ho latela Kreste?

9 Ka lebaka la khatello ea lithaka, banna ba bang ba ka ’na ba e-ba lesisitheho ho latela Kreste ka botlalo. Nikodemase le Josefa oa Arimathea ba ile ba pata hore e ne e le barutuoa ba Jesu hobane ba ne ba tšaba hore na Bajuda ba bang ba ne ba tla re’ng kapa ba ne ba tla etsa’ng ha ba utloa ka taba eo. (Joh. 3:1, 2; 19:38) Ba ne ba sa tšoha lifotle. Baeta-pele ba bolumeli ba ne ba hloile Jesu hoo mang kapa mang ea neng a bolela hore o lumela ho eena a neng a lelekoa synagogeng.—Joh. 9:22.

10 Kajeno libakeng tse ling, haeba monna a bontša hore o rata Molimo, Bibele kapa bolumeli haholo, a ka ’na a hobosoa ke basebetsi-’moho, metsoalle kapa beng ka eena. Libakeng tse ling, ho ka ’na ha e-ba kotsi hore motho a bue ka ho fetola bolumeli ba hae. Khatello ea lithaka e ka ’na ea e-ba matla haholo haeba monna e le lesole, ralipolotiki kapa a etsa mosebetsi o itseng sechabeng sebakeng sa habo. Ka mohlala, monna e mong oa Jeremane o ile a re: “Seo lōna Lipaki le se rutang ka Bibele ke ’nete. Empa haeba nka ba Paki kajeno, hosane motho e mong e mong o tla be a tseba ka taba eo. Batho bao ke sebetsang le bona, baahelani le batho ba bang ba ntsebang ba tla re’ng? Eo hase ntho eo nka e mamellang.”

11. Jesu o ile a thusa barutuoa ba hae joang hore ba hlōle ho tšaba batho?

11 Le hoja ho se le ea mong oa baapostola ba Jesu eo e neng e le lekoala, kaofela ha bona ba ile ba e-ba le bothata ba ho tšaba batho. (Mar. 14:50, 66-72) Jesu o ile a ba thusa joang hore ba tsoele pele ho sa tsotellehe khatello e matla ea lithaka? Jesu o ile a nka bohato ba ho thusa barutuoa ba hae ho itokisetsa khanyetso eo ba neng ba tla thulana le eona hamorao. O ile a re: “Ho thaba lōna neng kapa neng ha batho ba le hloea, le neng kapa neng ha ba le khetholla ’me ba le nyelisa ’me ba lahla mabitso a lōna e le a khopo ka lebaka la Mor’a motho.” (Luka 6:22) Jesu o ile a lemosa balateli ba hae hore ba lebelle hore ba tla nyelisoa. Ba ne ba tla nyelisoa “ka lebaka la Mor’a motho.” Jesu o ile a boela a ba tiisetsa hore Molimo o ne a tla ba tšehetsa haeba feela ba ne ba ka kōpa thuso le matla ho Eena. (Luka 12:4-12) Ho feta moo, Jesu o ile a khothalletsa batho bao e neng e sa tsoa ba balateli ba hae hore ba tloaelane le barutuoa ba hae ’me ba etse setsoalle le bona.—Mar. 10:29, 30.

12. Re ka thusa batho bao re ithutang le bona joang hore ba se ke ba tšaba batho?

12 Le rōna re lokela ho thusa batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba se ke ba tšaba batho. Haeba motho a nahanne ka bothata boo a ka ’nang a thulana le bona esale pele, ho ka ba bonolo hore a bo hlōle. (Joh. 15:19) Ka mohlala, e ka ba hantle ho thusa motho eo u ithutang le eena hore a lokisetse likarabo tse bonolo le tse utloahalang tse thehiloeng Bibeleng tsa lipotso kapa likhanyetso tseo basebetsi-’moho le eena kapa batho ba bang ba ka ’nang ba li hlahisa. Ho phaella tabeng ea hore re be metsoalle ea hae, re ka mo tsebisa litho tse ling tsa phutheho, haholo-holo batho bao ho nang le lintho tseo a tšoanang le bona ka tsona. Ka holimo ho tsohle, re lokela ho mo ruta ho rapela kamehla le ho rapela ho tsoa botebong ba pelo. Sena se ka mo thusa hore a atamele ho Molimo ’me a etse hore Jehova e be Setšabelo sa hae le Lefika la hae.—Bala Pesaleme ea 94:21-23; Jakobo 4:8.

Ho Ikhalala

13. Ho ikhalala ho ka etsa hore batho ba bang ba be leqe ho kopanela linthong tsa moea joang?

13 Banna ba bang ba leqe ho kopanela linthong tsa moea hobane ba sa tsebe ho bala hantle kapa e le matlaila ka hanong kapa ba le lihlong. Banna ba bang ha ba phutholohe ho ntša maikutlo a bona moo batho ba leng bangata. Ba ka ’na ba utloa ho le boima hore ba ithute, ba fane ka likarabo libokeng tsa Bokreste kapa ba bolelle ba bang litaba tse molemo. Mora e mong oabo rōna oa Mokreste o re, “Ha ke ne ke sa le monyenyane, ke ne ke ea monyako ke potlakile ke etse eka kea kokota, ebe ke tloha monyako ke patile mohoasa ke tšepile hore ha ho na motho ea nkutloileng kapa ea mponeng. . . . Ha ke ne ke nahana ho ea ka ntlo le ntlo ke ne ke kula.”

14. Ke hobane’ng ha barutuoa ba Jesu ba ile ba sitoa ho phekola moshanyana ea neng a e-na le modemona?

14 Nahana hore na barutuoa ba Jesu ba ile ba ikutloa ba le basesaane hakae ha ba ne ba sitoa ho phekola moshanyana ea neng a e-na le modemona. Ntate oa moshanyana eo o ile a tla ho Jesu eaba o re: “[Mora oa ka] o tšoeroe ke sethoathoa ’me oa kula, kaha o oela hangata mollong le hangata ka metsing; ’me ke ile ka mo tlisa ho barutuoa ba hao, empa ba ile ba sitoa ho mo phekola.” Jesu o ile a leleka modemona eaba o phekola moshanyana eo. Hamorao barutuoa ba ile ba tla ho Jesu ba mo botsa ba re: “Ke hobane’ng ha re ile ra sitoa ho mo leleka?” Jesu o ile a ba araba a re: “Ka lebaka la tumelo ea lōna e nyenyane. Etsoe kannete ke re ho lōna, Haeba le e-na le tumelo e boholo ba thollo ea mosetareta, le tla re ho thaba ena, ‘Tloha mona u ee mane,’ ’me e tla tloha, ’me ha ho letho leo le ke keng la khona ho le etsa.” (Mat. 17:14-20) Re lokela ho ba le tumelo ho Jehova e le hore re ka hlōla litšitiso tse kang lithaba. Ho tla etsahala’ng haeba motho a lebala see ’me a qala ho tšepa bokhoni ba hae? Haeba motho a ka hlōleha ha a sa tla itšepa.

15, 16. Re ka thusa motho eo re ithutang Bibele le eena ho hlōla ho ikhalala joang?

15 Tsela e molemo ea ho thusa motho ea ikhalalang ke ho mo khothalletsa hore a tšepe Jehova ho e-na le hore a itšepe. Petrose o ile a ngola a re: “Le ikokobetse tlas’a letsoho le matla la Molimo e le hore a ka le phahamisa nakong e loketseng; ha le ntse le lahlela matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena.” (1 Pet. 5:6, 7) E le hore re finyelle sena, ho hlokahala hore re thuse batho bao re ithutang Bibele le bona hore ba tsoele pele moeeng. Motho ea sekametseng linthong tsa moea o nka lintho tsa moea e le tsa bohlokoa haholo. O rata Lentsoe la Molimo ’me o bonahatsa “litholoana tsa moea” bophelong ba hae. (Bagal. 5:22, 23) O rata ho rapela. (Bafil. 4:6, 7) Ho feta moo, o kōpa Molimo hore a mo fe sebete le matla a ho hlōla bothata bo bong le bo bong boo a ka thulanang le bona le hore a atlehe ho phetha kabelo efe kapa efe eo a e fuoang.—Bala 2 Timothea 1:7, 8.

16 Ho ka ’na ha hlokahala hore re thuse batho ba bang bao re ithutang le bona ho bala hantle, ho buisana le batho kapa ho ntlafatsa bokhoni ba bona ba ho bua. Ba bang ba ka ’na ba ikutloa eka ha ba tšoanelehe ho sebeletsa Molimo ka lebaka la lintho tse mpe tseo ba ’nileng ba li etsa pele ba tseba Jehova. Ho sa tsotellehe hore na boemo ke bofe, batho bao re ithutang le bona ba ka ’na ba itlhokela feela hore re ba thuse ka lerato le mamello. Jesu o ile a re: “Batho ba phelang hantle ha ba hloke ngaka, empa ba kulang baa e hloka.”—Mat. 9:12.

‘Tšoasang’ Banna ba Bangata

17, 18. (a) Re ka finyella banna ba bangata joang ha re etsa mosebetsi oa boboleli? (b) Re tla ithuta’ng sehloohong se latelang?

17 Takatso ea rōna ke hore banna ba bangata ba amohele molaetsa o khotsofatsang haholo o fumanoang ka Bibeleng. (2 Tim. 3:16, 17) Kahoo, re ka etsa joang hore re finyelle banna ba bangata ha re etsa mosebetsi oa boboleli? Ka hore re qete nako e ngata re paka mantsiboea, motšehare oa mantsiboea mafelong a beke kapa ka matsatsi a phomolo ha banna ba bangata ba le teng malapeng. Re ka kōpa ho bua le ntate oa lelapa haeba ho khoneha. E ka ba hantle hore re pakele banna bao re sebetsang le bona ka tsela e sa reroang ha ho loketse re be re pakele banna bao basali ba bona e leng Bakreste phuthehong ea habo rōna.

18 Ha re pakela motho e mong le e mong eo re kopanang le eena, re ka kholiseha hore batho ba lipelo li ntle ba tla amohela molaetsa. E se eka ka mamello re ka thusa batho bao ka sebele ba thahasellang ’nete. Leha ho le joalo, re ka thusa banna ba kolobelitsoeng ka phuthehong joang hore ba hahamalle ho ba le boikarabelo mokhatlong oa Molimo le hore ba tšoanelehele ho ba le bona? Re tla tšohla taba ena sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 7 Sheba Libuka Tsa Selemo Tsa Lipaki Tsa Jehova hammoho le lipale tsa bophelo tse hatisitsoeng ho Molula-Qhooa le Tsoha!

U ka Araba Joang?

• Banna ba ka thusoa joang hore ba etelletse lintho tsa moea pele bophelong ba bona?

• Re ka thusa batho bao re ithutang le bona joang hore ba hlōle khatello ea lithaka?

• Batho ba bang ba ka ’na ba thusoa ke’ng hore ba hlōle ho ikhalala?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Na u etsa boiteko ba ho bolella banna litaba tse molemo?

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

U ka thusa motho eo u ithutang Bibele le eena joang hore a itokisetse ho thulana le liteko?