Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Lefatše le Tla Timetsoa ka 2012?

Na Lefatše le Tla Timetsoa ka 2012?

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Lefatše le Tla Timetsoa ka 2012?

▪ “Batho ba lumelang hore lefatše lea fela ba subuhlellana motsaneng oa Fora . . . Ba lumela hore lefatše le tla fela ka la 21 December 2012, ha ho tla be ho fela lilemo tse 5 125 tse phethang nako e behiloeng k’halendareng ea boholo-holo ea Bamaya.”—BBC News.

Ho sa tsotellehe taba ea hore baeta-pele ba bolumeli ba bolela hore lefatše le tlil’o timetsoa, batho ba ipolelang hore ke bo-rasaense le batho ba bang ba lekholong la bo21 la lilemo ba nohang bokamoso, ba re lefatše le tla ba teng ka nako e telele. Ka sebele 2012 e tla fihla ebe e fete lefatše le ntse le le teng. Ha e le hantle, ha ho mohla Lefatše le tla timetsoa.

Bibele e re: “Ho ikela moloko o mong, o mong o hlahe, empa lefatše le hlola ka ho sa feleng.” (Moeklesia 1:4, Bibele ea Sesotho) Nahana hape hore na sena se ngotsoeng ho Esaia 45:18 se bolela’ng: “Sena ke seo Jehova a se boletseng, . . . ’Mōpi oa lefatše le Moetsi oa lona, Eena Ea le tiisitseng ka thata, ea sa kang a le bōpela lefeela, ea le etselitseng hore le be le baahi: ‘Ke ’na Jehova, ’me ha ho e mong.’”

Na ntate ea lerato o ne a ka qeta lihora-hora a etsetsa mora kapa morali oa hae ntho eo a tla bapala ka eona e le hore a thabe, ebe oa e senya nakoana feela ka mor’a hore a mo fe eona? O ne a tla be a le sehlōhō! Ka tsela e tšoanang, ha Molimo a bōpa lefatše morero oa hae o ka sehloohong e ne e le hore batho ba thabele ho phela ho lona. Molimo o ile a re ho banyalani ba pele, e leng Adama le Eva: “Atang le ngatafale le tlale lefatše ’me le le buse.” Ka mor’a moo, “Molimo a bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e entseng ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.” (Genese 1:27, 28, 31) Molimo ha a e-s’o koenehele morero oa hae ka lefatše, a ke ke a lumella hore lefatše le timetsoe. Mabapi le sohle seo a se tšepisitseng, Jehova o ile a hatisa ka ho re: “Lentsoe la ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.

Leha ho le joalo, Jehova o rerile “ho felisa ba senyang lefatše.” (Tšenolo 11:18) O fana ka tšepiso ena Lentsoeng la hae: “Ba lokileng ke bona ba tla lula lefatšeng, ’me ba sa tšoauoeng phoso ke bona ba tla sala ho lona. Ha e le ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”—Liproverbia 2:21, 22.

See se tla etsahala neng? Ha ho motho ea tsebang. Jesu o ile a re: “Malebana le letsatsi leo kapa hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi leholimong kapa Mora, haese Ntate.” (Mareka 13:32) Lipaki Tsa Jehova ha li leke ho profeta hore na Molimo o tla timetsa ba khopo neng. Le hoja li hlokomela “pontšo” ea bofelo ’me li lumela hore moloko oa batho o phela nakong eo Bibele e reng ke “matsatsing a ho qetela,” li ke ke tsa tseba nako e tobileng eo “bofelo” bo tla fihla ka eona. (Mareka 13:4-8, 33; 2 Timothea 3:1) Li nka eo e le taba e tsejoang feela ke Ntate oa tsona ea maholimong le Mora oa hae.

Ho sa le joalo, Lipaki Tsa Jehova li tsoela pele li phathahane ka ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, e leng puso e leholimong e tla busa Lefatše e be e le fetole paradeise e renang khotso, eo ho eona ‘ba lokileng ba tla e rua ’me ba lule ho eona ka ho sa feleng.’—Pesaleme ea 37:29.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]

Image Science and Analysis Laboratory, NASA-Johnson Space Center