Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Re U Lome Tsebe?

Khoele e ’mala o sekareleta oa kokase” eo hangata ho buuoang ka eona bukeng ea Exoda ke eng?

Ho latela tlaleho ea Bibele, masela a tente a neng a koahetse tabernakele le heke ea eona, e leng moo Baiseraele ba neng ba rapella teng, a ne a entsoe ka “tšoele e putsoa le boea bo fetotsoeng ’mala hore bo be bopherese bo bofubelu le khoele e ’mala o sekareleta oa kokase le line ea boleng bo botle e lohiloeng.” (Exoda 26:1; 38:18) “Liaparo tse halalelang” tsa baprista le tsona li ne li etsoa ka “khoele e ’mala o sekareleta oa kokase.”—Exoda 28:1-6.

’Mala o sekareleta oa kokase o tsejoang hape e le kermes, ke dae e bofubelu bo khanyang. Dae ena e ne e ntšoa likokoanyaneng tse tšehali tse bitsoang Coccidae. Likokoanyana tsena tse se nang mapheo li lula sefateng sa kermes (Quercus coccifera), se fumanehang Bochabela bo Hare le Lebōpong la Mediterranean. ’Mala o sekareleta o fumaneha maheng a ka ’meleng oa kokoanyana e tšehali. Ha kokoanyana ena e ntse e e-na le mahe ’meleng, e tšoana le khunoane, e ka lekanang le erekisi, ha e le makhasing le makaleng a sefate sa kermes. Ka mor’a hore likokoanyana tsena li khethoe ka hloko le ho siloa, li ntša ’mala o sekareleta o tsoakoang le metsi ebe ho dauoa lesela. Rahistori oa Moroma, Pliny e Moholo, o ile a bua ka ’mala o sekareleta oa kokase ’me a re ke o mong oa mebala e neng e nkeloa holimo mehleng ea hae.

Ke bafe ho ba ngotseng Mangolo a Segerike a Bakreste ba neng ba le teng ka Pentekonta ea 33 C.E.?

E ka ’na eaba ho banna ba robeli ba ngotseng karolo ena ea Mangolo, ke ba tšeletseng ba neng ba le teng moo.

Ho latela tlaleho ea Liketso, Jesu o ile a laela barutuoa ba hae: “Le se ke la tloha Jerusalema, empa le lule le letetse seo Ntate a se tšepisitseng.” (Liketso 1:4) Tlaleho eona eo e bontša hore Matheu, Johanne le Petrose, e leng bao hamorao ba neng ba tla ngola Bibele, ba ile ba mamela taelo ena ’me ba bokana “sebakeng se le seng” le barutuoa ba bang. Barab’abo Jesu le bona ba ne ba le teng moo. (Liketso 1:12-14; 2:1-4) Ba babeli ba bona, e leng Jakobo le Juda (Judase), hamorao ba ile ba ngola libuka tse peli tsa Bibele tse rehelletsoeng ka bona.—Matheu 13:55; Jakobo 1:1; Juda 1.

Kosepeleng ea hae, Mareka o bua ka mohlankana ea ileng a baleha bosiung boo Jesu a ileng a tšoaroa ka bona. Ho bonahala a ne a bua ka eena, kaha barutuoa ba bang ba ne ba se ba tlohetse Jesu. (Mareka 14:50-52) Kahoo, ho bonahala eka Mareka e ne e le e mong oa barutuoa ba pele ’me ho ka etsahala hore o ne a le teng ka Pentekonta.

Bangoli ba babeli ba Mangolo a Segerike a Bakreste ba setseng, ke Pauluse le Luka. Ka Pentekonta ea 33 C.E., Pauluse e ne e e-s’o be molateli oa Kreste. (Bagalata 1:17, 18) Ho bonahala eka Luka le eena o ne a le sieo, kaha ha a ipalelle har’a “lipaki tse boneng ka mahlo” tšebeletso ea Jesu.—Luka 1:1-3.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Likokoanyana tseo ho neng ho etsoa dae ka tsona

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of SDC Colour Experience (www.sdc.org.uk)

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Ha Petrose a ntse a bua ka Pentekonta ea 33 C.E.