Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”

“Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”

Atamela ho Molimo

“Oa Halalela, oa Halalela, oa Halalela Jehova”

HAEBA ho ka thoe u hlalose Jehova Molimo, u ne u ka mo hlalosa joang? Lekholong la borobeli la lilemo B.C.E., moprofeta Esaia o ile a fuoa pono moo a ileng a utloa libōpuoa tsa moea li rorisa Jehova, li sebelisa lentsoe le hlalosang tšobotsi ea Hae e hlaheletseng haholo—e leng ho halalela. Seo Esaia a ileng a se bona le ho se utloa se lokela ho etsa hore re hlomphe Jehova ’me re atamele haufi le eena. Ha re ntse re hlahloba mantsoe a ho Esaia 6:1-3, ipone u le moo.

Esaia o bona’ng? O re: “Ka bona Jehova, a lutse teroneng e holimo le e phahameng.” (Temana ea 1) Esaia ha a bone ’Musi Morena Jehova ka sebele. Batho ba nama ba ke ke ba bona batho ba moea. Bibele e bua ka ho hlaka ha e re: “Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe.” (Johanne 1:18) Seo Esaia a se bonang ke pono. * Ho ntse ho le joalo, pono ena e hlakile haholo hoo Esaia a tlalang tšabo, o itšoara joalokaha eka o bona Jehova ka boeena.

Joale Esaia o bona seo e ka ’nang eaba ha ho motho ea kileng a lumelloa ho se bona ponong. Oa ngola: “Lirafime li ne li eme ka holimo ho eena [Jehova]. Se seng le se seng se ne se e-na le mapheo a tšeletseng. Ka a mabeli se ne se ikoahela sefahleho, ka a mabeli se ikoahela maoto, ’me ka a mabeli se fofa.” (Temana ea 2) Lirafime ke libōpuoa tsa moea tsa boemo bo holimo haholo. Esaia ke eena feela mongoli oa Bibele ea buoang ka tsona. Lirafime li lula li itokiselitse ho ea moo Jehova a batlang hore li ee teng le ho etsa seo a batlang hore li se etse. Li koahela lifahleho le maoto a tsona e le ho bontša hore li tšaba e bile li hlompha Eo li nang le tokelo e khōlō ea ho mo sebeletsa.

Esaia ha a hlolloe feela ke seo a se bonang empa hape o hlolloa le ke seo a se utloang. E le sehlopha sa ’mino sa leholimong, lirafime li bina li phahamisitse mantsoe. Esaia oa ngola: “Li ne li hoeletsana li re: ‘Oa halalela, oa halalela, oa halalela Jehova oa mabotho.’” (Temana ea 3) Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le ho “halalela” le bolela ho hloeka kapa ho hloka sekoli. Lentsoe lena le ka boela la akarelletsa “ho lokoloha ka ho feletseng le ho aroha ho se sebe.” Pineng eo mohlomong lirafime li neng li e bina li e neheletsana, li bina lentsoe “halalela” ka makhetlo a mararo e le ho hatisa hore Jehova o halalela ka tsela e phahameng haholo. (Tšenolo 4:8) Kahoo, khalalelo ke tšobotsi e ikhethang ea hae. Jehova o hloekile, ha a na sekoli ebile o phethahetse ka ho feletseng.

Ho tseba hore Jehova oa halalela ho lokela ho re susumelletsa hore re atamele ho eena. Hobane’ng? Ho fapana le babusi ba batho ba ka ’nang ba etsa bobolu le ba hlekefetsang, ho hang Jehova a ke ke a etsa bobe. Taba ea hore oa halalela e re tiisetsa hore e tla lula e le Ntate ea molemo, ’Musi ea lokileng le Moahloli ea seng leeme. Re na le mabaka ’ohle a ho tšepa hore le ka mohla Molimo ea halalelang a ke ke a re soetsa.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka December:

Esaia 1-23

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Buka ea Insight on the Scriptures e re: “Ha Molimo a bontša motho pono a sa robala, ho bonahala eka pono eo o ne a e bontšoa kelello ea hae e hlaphohetsoe hantle. Motho ea boneng pono eo, hamorao o ne a ka e hopola, a e hlalosa kapa a e ngola ka mantsoe a hae.”—E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 26]

Ho tseba hore Jehova oa halalela ho lokela ho re susumelletsa hore re atamele ho eena