Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ke ne ke Batla ho Tšoana le Morali oa Jafeta

Ke ne ke Batla ho Tšoana le Morali oa Jafeta

Ke ne ke Batla ho Tšoana le Morali oa Jafeta

Joalokaha ho boletse Joanna Soans

Ha ke sa le mocha ke ne ke e-na le takatso e matla ea ho tšoana le morali oa Jafeta. E-re ke hlalose hore na ke ne ke batla ho tšoana le eena joang le hore na ke joang ke qeteletseng ke tšoana le eena.

KA 1956, ke ile ka ea kopanong ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Bombay (eo hona joale e leng Mumbai) India, ’me seo se ile sa fetola bophelo ba ka. Ke ile ka angoa maikutlo haholo ke puo e neng e bua ka morali oa Jafeta.

Joalokaha e ka ’na eaba u ile ua bala ka Bibeleng, ha morali oa Jafeta a ne a le lilemong tsa bocha, o ile a lumela hore a ke ke a nyaloa. Sena se ile sa etsa hore ntate oa hae a khone ho phethahatsa kano eo a neng a e entse. Kahoo, o ile a sebeletsa e le lesoha ntlong ea Jehova kapa tabernakeleng, bophelo bohle ba hae.—Baahloli 11:28-40.

Ka mokh’o ke neng ke rata ho tšoana le eena kateng! Empa ke ne ke tobane le bothata bo boholo—ka nako eo, ho lula u sa nyaloa ho ne ho le khahlanong le moetlo oa rōna oa India.

Lelapa Leo ke Tsoang ho Lona

Ke ’na ngoana oa bohlano baneng ba tšeletseng ba Benjamin le Marcelina Soans, ba neng ba lula Udipi, e leng motse o lebōpong le ka bophirimela la India. Puo ea heso ke Setulu, e leng puo e buuoang ke batho ba ka bang limilione tse peli. Leha ho le joalo, joaloka batho ba bangata ba Udipi, sekolong re ne re rutoa ka Sekannada.

Lenyalo le ho ba le bana esale e le lintho tse nkeloang holimo mona. Ha ke ntse ke hōla ha ke hopole ke ithuta lipolelo tse kang “bosoha,” “ho jeoa ke bolutu,” kapa “ho hloloheloa hae” ka Setulu. E ne eka ha ho na maemo a joalo bophelong. Ka mohlala, lapeng leso re ne re lula le batsoali ba ’Mè le ba Ntate, bo-malome le bo-rangoane, bo-rakhali le bo-’mangoane le bo-motsoala ba 12!

Ho latela moetlo oa rōna, bana e ne e-ba karolo ea lelapa la bo-’mè. Leloko le ne le lokolisoa ka ’mè, ’me barali ba ne ba fumana karolo e khōlō ea lefa. Libakeng tse ling tsa Matulu, leha moroetsana a nyetsoe o ne a tsoela pele ho lula le ’mè oa hae, ebe monna oa hae le eena o lula le bona.

Kaha lapeng re ne re ipitsa Bakreste, lintho tse ling re ne li etsa ka tsela e fapaneng. Mantsiboeeng a mang le a mang, Ntate-moholo o ne a tšoarela lelapa tšebeletso, a rapela a bile a bala Bibele ea Setulu ka lentsoe le phahameng. Nako le nako ha a bula Bibele ea hae e neng e se e tabohile hore a re balle eona, e ne eka o bula lebokose le tšetseng mahakoe. Ho ne ho e-ba monate! Ke ile ka khahloa ke Pesaleme ea 23:1 e reng: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho.” Ke ile ka ipotsa hore na ‘Jehova enoa ke mang, hona ke hobane’ng ha a bitsoa molisa?’

“Makhakhapha” a Ile a oa Mahlong a Ka

Ka lebaka la mathata a moruo a ileng a e-ba teng ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše, re ile ra fallela Bombay e bohōle ba lik’hilomithara tse 900. Ka 1945, ha re se re le moo, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa etela ntate oa ka ’me tsa mo fa bukana e thehiloeng Bibeleng. Ntate o ile a monya molaetsa oa eona joalokaha mobu o omeletseng o monya metsi a pula, eaba o qala ho bolella batho ba bang ba buang Sekannada molaetsa oa eona. Mathoasong a lilemo tsa bo-1950, sehlopha se senyenyane se ile sa hōla ea e-ba phutheho ea pele ea Sekannada, Bombay.

Ntate le ’Mè ba ile ba re ruta hore re be liithuti tse mafolofolo tsa Bibele le mesuoe e hloahloa. Ba ne ba rapela letsatsi le letsatsi le ho ithuta le rōna. (Deuteronoma 6:6, 7; 2 Timothea 3:14-16) Ka letsatsi le leng ha ke ntse ke bala Bibele e ile eaka ho oa makhakhapha mahlong a ka. Ke ile ka ithuta hore Jehova o tšoantšoa le molisa hobane o tataisa barapeli ba hae, oa ba fepa ebile oa ba sireletsa.—Pesaleme ea 23:1-6; 83:18.

Jehova o Ile a Ntataisa

Ke ile ka kolobetsoa kapele ka mor’a kopano e sa lebaleheng ea 1956, Bombay. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, ke ile ka latela mohlala oa moholoane oa ka Prabhakar eaba ke qeta nako e ngata ke bolela evangeli. Le hoja ke ne ke labalabela ho bolella ba bang linnete tsa Bibele, ke ne tšoha haholo ha ke leka ho bua ka seo ke se lumelang. Ke ne ke hoeleketsa ’me lentsoe la ka le ne le thothomela. Ke ne ke ee ke re: ‘Ke ka thuso ea Jehova feela nka etsang mosebetsi ona!’

Jehova o ile a nthusa a sebelisa Homer le Ruth McKay, e leng baromuoa ba neng ba tsoa Canada, bao ka 1947 ba ileng ba ea sekolong sa boromuoa sa Lipaki Tsa Jehova se New York, U.S.A. E ile eaka ba ntataisa ba ntšoere ka letsoho ha ke ntse ke tataea ke leka ho nka mehato ea ka ea pele tšebeletsong. Hangata Ruth o ne a lokisetsa le ’na esale pele seo ke tla se bua ka ntlo le ntlo. O ne a tseba hantle tsela ea ho etsa hore ke se ke ka tšoha. A tšoere matsoho a ka a thothomelang, o ne a re: “U se ke ua tšoenyeha moratuoa. A re leke ntlo e latelang.” Tsela eo a neng a nkhothatsa ka eona e ne e mpha sebete.

Ka letsatsi le leng ke ile ka bolelloa hore ’moleli ea hloahloa litabeng tsa Bibele ea neng a se a hōlile, e leng Elizabeth Chakranarayan, e tla ba mosebetsi-’moho le ’na. Ntho ea pele e ileng ea tla kelellong ea ka ke ho re: ‘Ke tla khona joang ho lula le ’mè eo? O moholo haholo ho ’na!’ Empa e ile ea e-ba eena hantle motho eo ke neng ke mo hloka.

“Ha ho Mohla re Leng Bang”

Ka lekhetlo la pele, re ile ra abeloa ho ea sebetsa motseng o tummeng historing oa Aurangabad, o ka bang lik’hilomithara tse 400 ka bochabela ho Bombay. Kapele-pele re ile ra hlokomela hore ke rōna feela Lipaki motseng ona o nang le batho ba ka bang milione. Ntle ho moo, ke ile ka tlameha ho ithuta Semarathi, e leng puo e buuoang haholo motseng oo.

Ka linako tse ling ke ne ke jeoa ke bolutu haholo ’me ke ne ke lla haholo joaloka ngoana ea se nang ’mè. Empa kaha ’Mè Elizabeth o ne a bua le ’na joaloka ’mè, o ne a nkhothatsa haholo. O ne a atisa ho re: “Ka linako tse ling re ka ikutloa eka re bang empa ha e le hantle ha ho mohla re leng bang. Le hoja u le hōle haholo le metsoalle ea hao le lelapa leno, Jehova o lula a e-na le uena. Mo etse motsoalle oa hao, ’me ho e-s’o ee kae bolutu bo tla be bo ile.” Le kajeno, ke ntse ke sebelisa keletso eo ea hae.

Ha re ne re haelloa ke chelete ea ho palama, re ne re tsamaea lik’hilomithara tse 20 letsatsi le letsatsi, re tsamaea marōleng le liretseng, mochesong le serameng. Hangata mocheso oa lehlabula o ne o fihla ho likhato tse 40 tsa Celsius. Nakong ea lipula tse matla, libaka tseo re neng re sebetsa ho tsona li ne li nka likhoeli li le seretse. Leha ho le joalo, maemo ana a leholimo a ne a tla ka koano ha a bapisoa le meetlo ea batho ba moo.

Basali ba ne ba sa bue le banna har’a batho ntle le haeba ba amana, hape e ne e se hangata basali ba rutang banna. Kahoo re ne re songoa le ho tšoaroa hampe. Likhoeling tse tšeletseng tse qalang, re ne re e-ba babeli feela libokeng tsa Bibele tse tšoaroang beke le beke. Ha nako e ntse e e-ea batho ba thahasellang ba ile ba ’na ba tla. Ka mor’a nakoana re ne re se re le sehlotšoana. Ba bang ba ile ba qala ho ea le rōna mosebetsing oa ntlo le ntlo.

“Lula U Ntlafatsa Tsebo ea Hao”

Ka mor’a lilemo tse ka bang tse peli le halofo, re ile ra abeloa Bombay hape. Ha ’Mè Elizabeth a ntse a tsoela pele ka mosebetsi oa boboleli, ke ile ka kōpuoa ho ea thusa Ntate, eo ka nako eo e neng e le eena feela ea neng a fetolela lingoliloeng tsa rōna tsa Bibele ka Sekannada. Kaha o ne a e-na le boikarabelo bo bongata ka phuthehong, o ile a thabela thuso ea ka haholo.

Ka selemo sa 1966, batsoali ba ka ba ile ba etsa qeto ea ho khutlela hae, Udipi. Ha Ntate a tsamaea Bombay, o ile a re: “Ngoanan’a ka, lula u ntlafatsa tsebo ea hao. Fetolela ka tsela e bonolo le e hlakileng. Qoba ho itšepa ho tlōla ’me u lule u ikokobelitse. Itšetlehe ka Jehova.” Ena e ne e le keletso ea ho qetela eo a ileng a mpha eona, kaha o ile a hlokahala nakoana ka mor’a hore a khutlele Udipi. Le kajeno ke ntse ke leka ka matla ho etsa sona seo mosebetsing oa ka oa ho fetolela.

“Na ha U Batle ho ba le Lelapa?”

Ho ea ka moetlo, batsoali ba Maindia ba lokisetsa bara le barali ba bona hore ba kene lenyalong ba sa le banyenyane ebe ba ba khothalletsa hore ba be le bana. Kahoo hangata batho ba ne ba mpotsa: “Na ha u batle ho ba le lelapa? U tla hlokomeloa ke mang ha u se u tsofetse? Na u ke ke ua jeoa ke bolutu?”

Ka linako tse ling ke ne ke tenoa ke lipuo tse joalo tse hlahellang khafetsa. Le hoja ha ke le har’a batho ke ne ke pata maikutlo a ka, hang feela ha ke e-ba mong ke ne ke phetlela Jehova sefuba. Ke ne ke tšelisoa ke ho tseba hore o ne a sa nke eka ha kea fella hobane feela ke sa nyaloa. E le ho tsosolosa qeto ea ka ea ho mo sebeletsa ntle ho tšitiso, ke ile ka nahana ka morali oa Jafeta le ka Jesu, bao ka bobeli ba ileng ba lula e le masoha ’me ba ne ba etsa thato ea Molimo ka ho feletseng.—Johanne 4:34

Mpho e Tsoang ho Jehova

’Na le ’Mè Elizabeth re ile ra lula re le metsoalle e haufi ka lilemo tse ka bang 50. O ile a hlokahala ka 2005 a le lilemo li 98. Kaha o ne a sa khone ho bala Bibele hobane a se a sa bone hantle, o ne a qeta boholo ba letsatsi le leng le le leng a rapela Molimo ka nako e telele. Ka linako tse ling ha a le ka kamoreng ea hae, ke ne ke nahana hore o ntse a buisana le motho e mong ka lengolo le itseng, athe o ntse a bua le Jehova. E ne e le Motho oa sebele ho eena ’me o ne a phela joalokaha eka o haufi le eena. Ke ithutile hore eo ke ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa e le hore re lule re tiile tšebeletsong ea Molimo, joalokaha morali oa Jafeta a ile a etsa. Ke leboha Jehova haholo ka ho mpha morali enoa oabo rōna ea hōlileng ea matla moeeng, ea ileng a nkoetlisa le ho nkhothatsa nakong ea ha ke sa le mocha le mathateng ’ohle a ka.—Moeklesia 4:9, 10.

Tseo ke litlhohonolofatso tse kaakang tseo ke ileng ka li thabela ha ke ntse ke sebeletsa Jehova joaloka morali oa Jafeta! Ho lula ke le lesoha le ho latela keletso ea Bibele ho entse hore ke phele bophelo bo atlehileng le bo khotsofatsang ha ke ntse ke “sebeletsa Morena kamehla ntle ho tšitiso.”—1 Bakorinthe 7:35.

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

Ntate ha a fana ka puo ea phatlalatsa Bombay, ka bo-1950

[Setšoantšo se leqepheng la 28]

’Na le ’Mè Elizabeth pele a hlokahala

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Re tsebisa batho ka puo ea Bibele Bombay ka 1960

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

’Na le basebetsi-’moho ofising ea phetolelo