Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Abrahama—O ne a le Sebete

Abrahama—O ne a le Sebete

Abrahama—O ne a le Sebete

Abrahama o sheba lelapa la hae le bahlanka ba hae ha ba ntse ba itokisetsa ho nka leeto le eang Kanana. (Genese 12:1-5) Ha a ntse a shebile sehlopha sena se seholo sa batho bao kaofela ba leng tlhokomelong ea hae, Abrahama o lemoha boikarabelo bo boholo boo a nang le bona. O tla khona joang ho ba hlokomela ha a le naheng eo a sa e tsebeng? Na ho ne ho sa tl’o ba bonolo ho phetha boikarabelo boo a le Ure, naha e ruileng e nang le makhulo a maholo, mobu o nonneng le metsi a mangata? Ho tla etsahala’ng haeba a ka kula kapa a shoa a le sebakeng seo se secha? Ke mang ea tla hlokomela lelapa la hae? Haeba Abrahama o ne a tšoenyehile ka lintho tseo, ha a lumelle hore ho tšoenyeha ho mo nyahamise. O ikemiselitse ho phetha le ho mamela litaelo tsa Molimo ho sa tsotellehe se ka etsahalang—e leng ntho e bontšang hore ka sebele o ne a le sebete.

HO BA SEBETE KE HO BA JOANG? Ke ho se sisinngoe habonolo, ho beta pelo le ho ba le boikemisetso—ho fapane le ho ba boi kapa ho ba lekoala. Ho ba sebete ha ho bolele hore ha re tšohe. Ho e-na le hoo, motho ea nang le sebete seo a se fuoeng ke Molimo o phetha seo a lokelang ho se phetha ho sa tsotellehe hore o tšohile.

ABRAHAMA O ILE A BONTŠA SEBETE JOANG? Abrahama o ne a sa tšabe ho etsa se fapaneng le se etsoang ke batho ba bang. Abrahama o hōletse sebakeng seo batho ba teng ba rapelang melimo e mengata le litšoantšo. Leha ho le joalo, ha aa ka a lumella hore seo batho ba bang ba se nahanang se mo thibele ho etsa seo a tsebang hore se nepahetse. Ho e-na le hoo, ka sebete Abrahama o ile a khetha tsela e fapaneng le ea ba bang, a khetha ho rapela Molimo a le mong feela—“Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,” Jehova.—Genese 14:21, 22.

Abrahama o ne a nka ho rapela Molimo oa ’nete e le habohlokoa ho feta maruo. O ne a ikemiselitse ho tlohela bophelo bo mabotho-botho boo a neng a bo phela Ure ’me a ee lefeelleng, a tšepa ka ho feletseng hore Jehova o tla mo hlokomela. Ke ’nete hore ha lilemo li ntse li e-ea, e ka ’na eaba Abrahama o ile a nahana ka tse ling tsa lintho tseo a neng a li thabela Ure. Empa Abrahama o ne a kholisehile hore Jehova o tla lula a mo hlokometse le lelapa la hae. Kaha Abrahama o ne a khomaretse Jehova a bile a mo nka e le Motho oa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong, o ne a e-na le sebete sa ho mamela litaelo tsa Molimo.

RE ITHUTA’NG? Re ka etsisa Abrahama ka ho hlaolela ho ba le sebete sa ho mamela Jehova, le haeba ba bang bao re nang le bona ba sa etse joalo. Ka mohlala, Bibele e ruta hore ba emelang seo ba se lumelang ho Jehova Molimo ba ka ’na ba hanyetsoa, ebang ke metsoalle ea bona kapa ba malapa a bona mohlomong ba nahana hore ba ba eletsa ka sepheo se setle. (Johanne 15:20) Leha ho le joalo, ha re kholisehile ka seo re ithutileng sona ka Jehova, re emela tumelo ea rōna ’me re etsa joalo ka tlhompho.—1 Petrose 3:15.

Re ka boela ra tšepa hore Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea hore o tla hlokomela ba behang tumelo ho eena. Tšepo e joalo e re fa sebete sa hore re nke lintho tsa moea e le tsa bohlokoa bophelong ba rōna ho feta ho ameha ka maruo. (Matheu 6:33) Hlokomela hore na lelapa le leng le entse seo joang.

Le hoja Doug le Becky ba e-na le bashanyana ba babeli ba ntseng ba le banyenyane, ba ne ba batla ho fallela naheng eo ho eona ho hlokahalang baboleli ba litaba tse molemo tsa Bibele. Ka mor’a hore ba etse lipatlisiso hantle le ho rapela ka matla, ba ile ba tsoela pele ka morero oa bona. Doug o re: “Ruri ho ne ho hlokahala sebete hore re nke bana ebe re ea moo, re sa kholiseha le hore na lintho li tla re tsamaela joang. Empa nakong eo re neng re ntse re nahana ka ho falla, re ile ra tšohla mohlala oa Abrahama le Sara. Ho nahana kamoo ba ileng ba tšepa Jehova kateng—le kamoo a sa kang a ba soetsa kateng—ho ile ha re thusa haholo.”

Ha a bua mabapi le bophelo ba bona naheng e sele, Doug o re: “Re ile ra hlohonolofatsoa haholo. Kaha bophelo ba rōna ha boa rarahana hakaalo, re khona ho qeta nako e ngata re le ’moho joaloka lelapa—re bolela litaba tse molemo, re qoqa re bile re bapala ’moho le bashanyana ba rōna. Re ikutloa re lokolohile hamonate hoo re sitoang le ho hlalosa.”

Ke ’nete hore hase batho bohle ba ka khonang ho etsa phetoho e khōlō joalo. Leha ho le joalo, kaofela ha rōna re ka etsisa Abrahama ka ho etsa hore ho sebeletsa Molimo ho tle pele bophelong ba rōna, re tšepile hore o lula a re tšehelitse. Ha re etsa joalo, re tla be re latela seo Bibele e se buang ha e re “re ka ba sebete ’me ra re: ‘Jehova ke mothusi oa ka; nke ke ka tšaba.’”—Baheberu 13:5, 6.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 7]

Motho ea nang le sebete seo a se fuoeng ke Molimo o phetha seo a lokelang ho se phetha ho sa tsotellehe hore o tšohile

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]

Mosali ea Ipabolang le ea Phelang ka Melao ea Molimo

Sara o ne a nyetsoe ke monna ea ikhethang ea nang le tumelo. Empa mosali enoa ea neng a tšaba Molimo le eena o re behetse mohlala o motle. Ha e le hantle, ka makhetlo a mararo Bibele e mo qolla ka lebitso e le mohlala oo basali ba tšabang Molimo ba lokelang ho o etsisa. (Esaia 51:1, 2; Baheberu 11:11; 1 Petrose 3:3-6) Le hoja Mangolo a sa bue hakaalo ka mosali enoa ea ikhethang, re khona ho hlokomela hore o ne a e-na le litšobotsi tse babatsehang.

Ka mohlala, nahana hore na qalong Sara o ile a ikutloa joang ha Abrahama a ne a mo bolella hore Molimo o re ba tlohe Ure. Na o ile a ipotsa hore na ba ea hokae hona hobane’ng? Na o ne a tšoenyehile ka hore na ba tla phela ka eng? Na o ne a sareloa ha a nahana ka ho siea metsoalle ea hae le ba lelapa, a sa tsebe le hore na o tla ba bona neng haeba le teng o tla ke a ba bone? Ha ho pelaelo hore o ile a nahana ka lintho tse joalo. Leha ho le joalo, o ile a ikemisetsa ho tsamaea, a tšepile hore Jehova o tla mo hlohonolofatsa haeba a mamela.—Liketso 7:2, 3.

Ho phaella tabeng ea ho ba mohlanka oa Molimo ea mamelang, Sara e ne e boetse e le mosali ea babatsehang. Ho e-na le ho phehisana khang le monna oa hae ka litaba tse amang lelapa, Sara o ile a hlaolela ho hlompha monna oa hae ka botebo, a mo tšehetsa ka lerato ha a ntse a tataisa lelapa la bona. Ka ho etsa joalo, e ile ea e-ba pabala—a etsa hore a khahlehe le ho feta—ka botho boo a neng a e-na le bona.—1 Petrose 3:1-6.

Na litšobotsi tse joalo li ka tsoela basali ba mehleng ee molemo? ’Mè e mong ea bitsoang Jill, ea seng a e-na le lilemo tse fetang 30 a nyetsoe, o re: “Mohlala oa Sara o nthutile hore ke lokela ho bolella monna oa ka maikutlo a ka ka bolokolohi. Ho ntse ho le joalo, kaha ke eena hlooho ea lelapa, ke eena ea nang le boikarabelo ba ho etsa qeto. Ha a se a e entse, ke boikarabelo ba ka hore ke etse sohle seo nka se khonang hore qeto eo e atlehe.”

Mohlomong thuto ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ithutang eona ho Sara ke ena: Le hoja Sara a ne a le motle haholo, ha aa ka a lumella botle ba hae bo mo etse hore a ikhohomose. (Genese 12:10-13) Ho e-na le hoo, ka boikokobetso o ile a tšehetsa Abrahama mathateng le manolong bophelong ba bona. Ha ho pelaelo hore Abrahama le Sara e ne e le banyalani ba tšepahalang, ba ikokobelitseng le ba lerato—banyalani bao ka sebele ba ileng ba fumana litlhohonolofatso.