Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Abrahama—O ne a le Lerato

Abrahama—O ne a le Lerato

Abrahama—O ne a le Lerato

Abrahama o ne a sitoa ho mamella bohloko boo a bo utloileng. Mosali oa hae eo a mo ratang, Sara, o ne a hlokahetse. Ha monna-moholo a ntse a leka ho hloboha moratuoa oa hae, o nahana ka lintho tse ngata tse ntle tse etsahetseng bophelong ba bona. Ha mesarelo ea pelo ea hae e ntse e tota, likeleli li qala ho keleketla marameng. (Genese 23:1, 2) Empa likeleli tsena ha li mo hlabise lihlong, li bontša e ’ngoe ea litšobotsi tse ntle tseo Abrahama a nang le tsona—e leng lerato.

LERATO KE ENG? Lerato ke boikutlo bo mofuthu bo nang le kameho e tebileng. Motho ea lerato o bontša ka liketso tsa hae hore na o ikutloa joang ka batho bao a ba ratang, le haeba seo se ka etsa hore a tele ho itseng.

ABRAHAMA O ILE A BONTŠA LERATO JOANG? Abrahama o ile a bontša hore o rata lelapa la hae. Ha ho pelaelo hore Abrahama e ne e le motho ea lulang a phathahane. Leha ho le joalo, ha aa ka a hlokomoloha lelapa la hae ka seo le se hlokang maikutlong kapa moeeng. Ha e le hantle, Jehova ka boeena o ile a hlokomela hore Abrahama o ne a etella pele lelapa borapeling joaloka hlooho. (Genese 18:19) Ho phaella moo, Jehova o ile a bua ka ho toba ka lerato leo Abrahama a neng a e-na le lona. Ha a bua le Abrahama O ile a re Isaka ke mora “eo u mo ratang haholo.”—Genese 22:2.

Re ka boela ra bona lerato la Abrahama ka seo a ileng a se etsa ka mor’a hore Sara, mosali oa hae eo a mo ratang a hlokahale. Abrahama o ile a mo llela. Le hoja e ne e le monna ea tiileng, ha aa ka a tšaba ho ntša bohloko ba hae. Ka tsela e babatsehang, Abrahama o ile a bonahatsa tšobotsi ea ho tiea le ho ba bonolo ka tsela e leka-lekaneng.

Abrahama o ile a bontša hore o rata Molimo. Bophelong bohle ba hae o ile a bontša lerato leo. Joang? Re ka ’na ra hopola hore na Bibele e reng ho 1 Johanne 5:3: “Se boleloang ke lerato la Molimo ke sena, hore re boloke litaelo tsa hae.” Ka ho latela seo, Abrahama o ile a bontša mohlala o motle oa ho rata Molimo.

Neng le neng ha Jehova a ne a fa Abrahama litaelo, Abrahama o ne a li phetha hang-hang. (Genese 12:4; 17:22, 23; 21:12-14; 22:1-3) Ho ne ho sa tsotellehe hore na ho phetha taelo eo ho ne ho le bonolo kapa ho le thata; kapa hona hore na Abrahama o ne a tseba lebaka la hore ke hobane’ng ha Jehova a mo kōpa hore a phethe taelo eo. Ho Abrahama, lintho tseo e ne e se tsa bohlokoa. Haeba Molimo oa hae a ne a batla hore a etse se itseng, o ne a ikemiselitse ho se etsa. Abrahama o ne a nka taelo e ’ngoe le e ’ngoe eo a e fuoang e le monyetla oa hore a bontše Jehova hore oa mo rata.

RE ITHUTA’NG? Re ka etsisa Abrahama ka hore re bontše batho ba bang lerato le mofuthu, haholo-holo ba malapa a rōna. Re ke ke ra lumella ho phathahana bophelong hore ho re jelle nako eo re lokelang ho e qeta le bao re ba ratang.

Hape re lokela ho hlaolela ho rata Jehova ka pelo eohle. Lerato le joalo le ka ba le tšusumetso e matla bophelong ba rōna. Ka mohlala, le ka re susumelletsa hore re fetole boikutlo ba rōna, tsela eo re buang ka eona le boitšoaro e le hore re thabise Molimo.—1 Petrose 1:14-16.

Ke ’nete hore hase kamehla ho mamela Jehova ho leng bonolo. Empa re ka kholiseha hore Ea ileng a thusa Abrahama—Eena ea ileng a mo bitsa “motsoalle oa ka”—le rōna o tla re tšehetsa. (Esaia 41:8) Lentsoe la hae, e leng Bibele, lea tšepisa: “O tla le tiisa, o tla le matlafatsa.” (1 Petrose 5:10) Eo ke tšepiso e khothatsang hakaakang e tsoang ho Motsoalle eo oa Abrahama ea tšepahalang!

[Lebokose le leqepheng la 11]

Na Monna ke Nku ha a Lle?

Ba bangata ba ka re ho joalo. Mohlomong ba ka makala ha ba utloa hore Abrahama ke e mong oa bahlanka ba matla, ba tšepahalang, bao Bibele e reng ba ile ba lla ha ba ne ba utloile bohloko. Ba bang ke Josefa, Davida, moapostola Petrose, baholo ba phutheho ea Efese, esita le Jesu. (Genese 50:1; 2 Samuele 18:33; Luka 22:61, 62; Johanne 11:35; Liketso 20:36-38) Ka ho hlakileng, Bibele ha e rute hore monna ke nku ha a lle.