Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ithute Lentsoe la Molimo

Na Bibele e Profeta Bokamoso?

Na Bibele e Profeta Bokamoso?

Sehlooho sena se na le lipotso tseo e ka ’nang eaba u ’nile ua ipotsa tsona ’me se bontša hore na u ka fumana likarabo hokae Bibeleng. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho tšohla likarabo tsena le uena.

1. Na boprofeta ba Bibele bo hlakile?

Ke Molimo ea Matla ’Ohle feela ea ka bonang bokamoso ka ho hlaka. (Amose 3:7) Ka mohlala, ho tloha khale o ile a bolela esale pele ka ho fihla ha motho ea tla bitsoa Mesia kapa Kreste. Mesia e ne e tla ba setloholo sa monna ea tšepahalang, Abrahama. E ne e tla ba ’musi ea neng a tla khona ho etsa hore batho ba mamelang ba fumane tlhohonolofatso ea bophelo bo phethahetseng ba bile ba sa kule. (Genese 22:18; Esaia 53:4, 5) Motho enoa Ea Tšepisitsoeng o ne a tla tsoa Bethlehema.—Bala Mikea 5:2.

Jesu e ile ea e-ba Mesia. Lilemong tse fetang makholo a supileng esale pele, Bibele e ile ea bolela hore Mesia o ne a tla tsoaloa ke moroetsana le hore o ne a tla nyefoloa. O ne a tla tela bophelo ba hae bakeng sa libe tsa ba bangata ’me o ne a tla patoa le barui. (Esaia 7:14; 53:3, 9, 12) Hape lilemong tse fetang tse makholo a mahlano esale pele, Bibele e ile ea bolela hore o ne a tla kena Jerusalema a kaletse esele le hore o ne a tla ekoa ka likotoana tse 30 tsa silevera. Ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea phethahala joalokaha e ne e boletsoe.—Bala Zakaria 9:9; 11:12.

2. Na Molimo o profeta nako eo ketsahalo e tla etsahala ka eona esale pele?

Lilemo tse fetang tse makholo a mahlano esale pele, Bibele e ile ea bolela ka ho toba hore na Mesia o tla hlaha ka selemo sefe. Nako e neng e tla feta pele a fihla e ne e lekanngoa ka libeke tse baloang e le lilemo, ho bolelang hore “beke” ka ’ngoe e ne e le bolelele ba lilemo tse supileng. Ho ne ho tla ba le libeke tse joalo tse 7 li kopanngoe le tse 62, e leng se fanang ka kakaretso ea libeke tse 69 tseo e leng lilemo. Seo ke kakaretso ea lilemo tse 483. Lilemo tsee li ile tsa qala neng? Ho latela Bibele, nako eo e ile ea qala ha mohlanka oa Molimo Nehemia a fihla Jerusalema ’me a qala ho tsosolosa motse. Histori ea Persia e bontša hore e ne e le ka 455 B.C.E. (Nehemia 2:1-5) Lilemong tse 483 ka mor’a moo, Jesu e ile ea e-ba Mesia ha a ne a kolobetsoa ka selemo sa 29 C.E., hantle ka nako e boletsoeng.—Bala Daniele 9:25.

3. Na boprofeta ba Bibele boa phethahala kajeno?

Jesu o ile a profeta ka liketsahalo tsa bohlokoa tse neng li tla etsahala mehleng ena ea rōna. Boprofeta ba hae bo bua ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o tla lokolla batho ba ratang Molimo lefatšeng lohle. ’Muso oo o tla felisa tsamaiso ena eohle ea lintho e khopo eo re phelang ho eona.—Bala Matheu 24:14, 21, 22.

Boprofeta ba Bibele bo hlalosa ka ho hlaka nako ea ho fela ha tsamaiso ea hona joale ea lintho. Bibele e ile ea senola hore ho fapana le se neng se ka lebelloa nakong ena ea tsoelo-pele, batho ba tla senya lefatše. Mahlomola a bakiloeng ke lintoa, likhaello tsa lijo, litšisinyeho tsa lefatše le mafu a seoa a ne a tla eketseha. (Luka 21:11; Tšenolo 11:18) Boitšoaro bo ne bo tla hlepha. Linakong tsena tse thata, balateli ba Jesu ba ne ba tla bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lichabeng tsohle.—Bala Matheu 24:3, 7, 8; 2 Timothea 3:1-5.

4. Bokamoso ba batho e tla ba bofe?

Molimo ea Matla ’Ohle o ikemiselitse ho etsetsa batho ba tšepahalang lintho tse molemo. Jesu Kreste, e leng Mesia hammoho le bakhethoa ba hae, ba tla busa lefatše ba le leholimong. Ba theha ’Muso o tla busa ka lilemo tse sekete. Bafu ba tla tsosoa ’me ba tla fuoa monyetla oa ho bona hore na baa tšoaneleha ho fumana bophelo bo sa feleng. Ho feta moo, ’Muso o tla folisa e mong le e mong ea phelang ka nako eo. Ho kula le lefu ha li sa tla hlola li e-ba teng.—Bala Tšenolo 5:10; 20:6, 12; 21:4, 5.

E le hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, sheba leqephe la 23-25 le 197-201 bukeng ena ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?