Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Atamela ho Molimo

“’Na, Jehova Molimo oa Hao, ke U Tšoara ka Letsoho la Hao le Letona”

“’Na, Jehova Molimo oa Hao, ke U Tšoara ka Letsoho la Hao le Letona”

HA BA itokisetsa ho tšela seterata se phetheselang, ntate o re ho moshanyana oa hae, “Tšoara letsoho la ka.” Ha letsohonyana la hae le kopelitsoe ke letsoho le matla la ntate oa hae, moshanyana o ikutloa a sireletsehile a bile a sa tšabe. Na u kile ua lakatsa eka motho ea itseng a ka u tšoara ka letsoho ’me a u tataise ka hloko bophelong bona bo sa tsitsang? Haeba ho joalo u ka tšelisoa ke mantsoe a tlalehiloeng ke Esaia.—Bala Esaia 41:10, 13.

Esaia o ne a lebisitse mantsoe a hae ho Baiseraele. Le hoja Molimo a ne a talima sechaba seo joaloka ‘thepa ea hae e khethehileng,’ se ne se le har’a lira tsa sona. (Exoda 19:5) Na ho ne ho hlokahala hore Baiseraele ba tšohe? Jehova o ile a sebelisa Esaia hore a fetise molaetsa o khothatsang. Ha re ntse re hlahloba mantsoe a molaetsa oo, re lokela ho lula re hopola hore a ntse a sebetsa le ho barapeli ba Molimo kajeno.—Baroma 15:4

Jehova o re: “U se ke ua tšoha.” (Temana ea 10) Mantsoe ana hase moritaoke feela. Jehova o hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba hae ba sa lokela ho tšoha, o re: “Kaha ke na le uena.” Ha a tšoane le motho ea fanang ka thuso a le hōle, ea tšepisang feela hore o tla tla kapele ha mathata a le teng. O batla hore batho ba hae ba tsebe hore o na le bona—joalokaha eka o lehlakoreng la bona—o lula a itokiselitse ho ba tšehetsa. Na see ha se khothatse?

Jehova o tsoela pele ka ho tiisetsa barapeli ba hae, o re: “U se ke ua talima koana le koana.” (Temana ea 10) Leetsi la Seheberu le sebelisitsoeng mona le ka bolela motho ea “qamakang mahlakoreng ’ohle ho bona hore na ha ho letho le ka mo ntšang kotsi.” Jehova o hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba hae ba sa lokela ho lula ba qamaka ka lebaka la ho tšoha, o re: “Etsoe ke ’na Molimo oa hao.” Ruri ha ho letho le khothatsang ho feta seo! Jehova ke “Ea Phahameng ka ho Fetisisa,” “Ea Matla ’Ohle.” (Pesaleme ea 91:1) Ha Molimo oa bona Jehova, a le matla hakaale, ke joang ba ka tšohang?

Joale, barapeli ba Jehova ba ka lebella’ng ho eena? Oa tšepisa: “Ke tla u tšoara ka tieo ka letsoho la ka le letona la ho loka.” (Temana ea 10) Hape o re: “’Na, Jehova Molimo oa hao, ke u tšoara ka letsoho la hao le letona.” (Temana ea 13) Ho tla eng ka kelellong ea hao ha u utloa mantsoe ao? Buka e ’ngoe e hlalosa tjena: “Ha litemana tsena tse peli li hlahlojoa hammoho li fana ka setšoantšo se hlakileng sa motsoali le ngoana. [Ntate] ha a eme feela pel’a ngoana ho mo sireletsa, empa o bile o mo tšoara ka letsoho; a ke ke a mo lumella hore a arohane le eena.” Nahana feela—Jehova a ke ke a lumella batho ba hae hore ba arohane le eena, le linakong tseo ho bonahalang ho le thata ka ho fetisisa bophelong ba bona.—Baheberu 13:5, 6.

Kajeno barapeli ba Jehova ba ka fumana matšeliso a mangata mantsoeng a tlalehiloeng ke Esaia. Kaha re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ ka linako tse ling likhatello tsa bophelo li ka re sithabetsa. (2 Timothea 3:1) Empa ha rea lokela ho tobana le mathata ana re le bang. Jehova o ikemiselitse ho re tšoara ka letsoho. Joaloka ngoana ea tšepang ntate oa hae, le rōna re ka tšoara letsoho la hae le matla re kholisehile hore o tla re tsamaisa tseleng e nepahetseng le hore thusa ha re mo hloka.—Pesaleme ea 63:7, 8.

Litemana tsa Bibele tseo u ka li balang ka January:

Esaia 24-42