Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Baprista ba Marena ba Tla Tsoela Batho Bohle Molemo

Baprista ba Marena ba Tla Tsoela Batho Bohle Molemo

“Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng.’”—1 PET. 2:9.

1. Ke hobane’ng ha “lijo tsa shoalane tsa Morena” li boetse li bitsoa Sehopotso, hona morero oa sona ke ofe?

MANTSIBOEENG a la 14 Nisane selemong sa 33 C.E., Jesu Kreste le baapostola ba hae ba 12, ba ile ba keteka Paseka ea Sejuda ka lekhetlo la ho qetela. Ka mor’a hore Jesu a leleke Judase Iskariota oa moeki, o ile a theha tšebeletso eo hamorao e ileng sa bitsoa “lijo tsa shoalane tsa Morena.” (1 Bakor. 11:20) Ka makhetlo a mabeli Jesu o ile a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” Ketsahalo ena e boetse e tsejoa e le Sehopotso, ho hopoloa Kreste, haholo-holo lefu la hae. (1 Bakor. 11:24, 25) E le ho mamela taelo ena, Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle, li tšoara Sehopotso selemo le selemo. Ho latela almanaka ea Bibele, ka 2012, la 14 Nisane le qala ha letsatsi le likela ka Labone la la 5 April.

2. Jesu o ile a re’ng ka litšoantšetso tseo a ileng a li sebelisa?

2 Morutuoa Luka o akaretsa seo Jesu a ileng a se etsa le seo a ileng a se bua ketsahalong eo litemaneng tse peli, o re: “A nka bohobe, a leboha, a bo qhetsola, ’me a ba fa bona, a re: ‘Sena se bolela ’mele oa ka oo ka sebele o tla fanoa molemong oa lōna. Le ’ne le etse sena ho nkhopola.’ A etsa ka tsela e tšoanang ka senoelo ka mor’a hore ba je lijo tsa shoalane, a re: ‘Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka, a tlang ho tšolloa molemong oa lōna.’” (Luka 22:19, 20) Ebe baapostola ba ile ba utloisisa mantsoe aa joang?

3. E tlameha ebe baapostola ba ile ba utloisisa hore litšoantšetso li bolela’ng?

3 Kaha baapostola e ne e le Bajuda, ba ne ba tseba ka mahlabelo a liphoofolo ao baprista ba neng ba a etsetsa Molimo tempeleng e Jerusalema. Linyehelo tseo li ne li etsetsoa hore batho ba amoheloe ke Jehova, ’me tse ngata li ne li etsetsoa hore ba tšoareloe libe. (Lev. 1:4; 22:17-29) Kahoo, baapostola ba ne ba utloisisa hore ha Jesu a ne a re ’mele oa hae o ‘fanoa molemong oa bona’ le hore mali a hae a ‘tšolloa molemong oa bona,’ o ne a bolela hore o ne a tla fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng e le sehlabelo. E ne e tla ba sehlabelo sa bohlokoa haholo ho feta sa liphoofolo.

4. Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a re: “Senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka”?

4 Mantsoe aa a Jesu a reng, “senoelo sena se bolela selekane se secha motheong oa mali a ka,” ’ona a bolela’ng? Baapostola ba ne ba tseba boprofeta bo buang ka selekane se secha bo tlalehiloeng ho Jeremia 31:31-33. (E bale.) Mantsoe a Jesu a ne a bontša hore joale o ne a theha selekane se secha, se neng se tla nka sebaka sa selekane sa Molao seo Jehova a neng a se thehile le Baiseraele a sebelisa Moshe. Na lilekane tsee tse peli li ne li amana?

5. Selekane sa Molao se ne se fa Baiseraele monyetla ofe?

5 Ho joalo, morero oa tsona o ne o amana haholo. Ha Jehova a ne a theha selekane sa Molao o ile a re ho sechaba: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka, joale ka sebele le tla fetoha thepa ea ka e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle, hobane lefatše lohle ke la ka. Le tla fetoha ’muso oa baprista le sechaba se halalelang ho ’na.” (Ex. 19:5, 6) E tlameha ebe Baiseraele ba ile ba utloisisa mantsoe aa joang?

HO TŠEPISOA HORE HO TLA BA LE BAPRISTA BA MARENA

6. Selekane sa Molao se ne se ntšetsa pele tšepiso efe?

6 Baiseraele ba ne ba utloisisa lentsoe “selekane,” kaha Jehova o ne a ile a etsa tumellano e joalo e tiileng le baholo-holo ba bona, e leng Noe le Abrahama. (Gen. 6:18; 9:8-17; 15:18; 17:1-9) E le karolo ea selekane sa hae le Abrahama, Jehova o ile a mo tšepisa sena: “Ka sebele lichaba tsohle tsa lefatše li tla itlhohonolofatsa ka peō ea hao.” (Gen. 22:18) Selekane sa Molao se ne se ntšetsa pele tšepiso eo. Ka lebaka la eona, Baiseraele e ne e ka ba “thepa ea [Jehova] e khethehileng har’a lichaba tse ling tsohle.” Sepheo sa seo e ne e tla be e le sefe? Hore e be ‘’muso oa baprista oa Jehova.’

7. Poleloana e reng “’muso oa baprista” e ne e bolela’ng?

7 Baiseraele ba ne ba tseba ka marena le baprista, empa Melkizedeke ke eena feela motho oa mehleng ea boholo-holo eo Jehova a ileng a amohela hore e be morena le moprista ka nako e le ’ngoe. (Gen. 14:18) Ka nako eo Jehova o ile a fa sechaba seo monyetla oa ho hlahisa “’muso oa baprista.” Joalokaha hamorao mangolo a bululetsoeng a ile a bontša, sena se ne se bolela hore sechaba se ile sa e-ba le monyetla oa ho hlahisa baprista ba marena, e leng marena ao e neng e tla boela e be baprista.—1 Pet. 2:9.

8. Baprista ba khethiloeng ke Molimo ba etsa mosebetsi ofe?

8 Ho hlakile hore morena oa busa. Empa moprista eena o etsa’ng? Baheberu 5:1 e re: “Moprista e mong le e mong ea phahameng ea nkoang har’a batho o behoa molemong oa batho hore a okamele lintho tse amanang le Molimo, e le hore a ka nyehela limpho le mahlabelo bakeng sa libe.” Kahoo, moprista ea khethoang ke Jehova o emela batho ba baetsalibe ka pel’a Molimo, o kōpa hore Jehova a tšoarele batho libe ka hore a nyehele mahlabelo molemong oa bona. Ka lehlakoreng le leng, moprista o ne a boetse a emela Jehova ka pel’a sechaba, a se ruta molao oa Molimo. (Lev. 10:8-11; Mal. 2:7) Ka litsela tsena, moprista ea khethiloeng ke Molimo o boelanya batho le Molimo.

9. (a) Tšepiso ea hore Baiseraele e be “’muso oa baprista” e ne e ka phethahala haeba ba ne ba ka etsa’ng? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a theha boprista Iseraele? (c) Ke hobane’ng ha tlas’a selekane sa Molao Baiseraele ba ne ba ke ke ba hlahisa “’muso oa baprista”?

9 Ka lebaka leo, selekane sa Molao se ne se fa Baiseraele monyetla oa ho hlahisa baprista ba marena ba neng ba tla tsoela “lichaba tse ling tsohle” molemo. Leha ho le joalo, e le hore Baiseraele ba fumane monyetla oo o babatsehang ho ne ho e-na le seo ba lokelang ho se etsa; Molimo o ile a re: “Haeba le tla mamela lentsoe la ka ka tieo ’me ruri le boloke selekane sa ka.” Na Baiseraele ba ne ba tla ‘mamela lentsoe la Jehova ka tieo’? E, ba ne ba tla le mamela empa eseng ka ho phethahala. (Bar. 3:19, 20) Ka lebaka leo, Jehova o ile a khetha batho ba bang hore ebe baprista har’a Baiseraele. Baprista bana e ne e se marena. Ba ne ba nyehela mahlabelo a liphoofolo ka lebaka la libe tseo Baiseraele ba neng ba tla li etsa. (Lev. 4:1–6:7) Libe tsena li ne li akarelletsa tse neng li tla etsoa ke baprista ka bo bona. (Baheb. 5:1-3; 8:3) Jehova o ile a amohela mahlabelo a joalo, empa a ne a ke ke a koahela libe tsohle tsa batho ba a nyehelang. Boprista bo neng bo thehiloe tlas’a selekane sa Molao, bo ne bo ke ke ba etsa hore esita le Baiseraele ba neng ba mamela molao, ba boelane le Molimo ka ho phethahetseng. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ho ke ke ha khoneha hore mali a lipoho le a lipōli a tlose libe.” (Baheb. 10:1-4) Kaha Baiseraele ba ne ba tlōla Molao, ba ile ba ba tlas’a thohako. (Bagal. 3:10) Ho ne ho ke ke ha khoneha hore ba sebeletse lefatše e le baprista ba marena ba le boemong bo joalo.

10. Selekane sa Molao se ile sa phetha morero ofe?

10 Na tšepiso ea Jehova ea hore ba ne ba ka hlahisa “’muso oa baprista” e ne e le ntho e ke keng ea phethahala? Che. Haeba ka botšepehi ba ne ba ile ba leka ho mamela, ba ka be ba ile ba ba le monyetla oo—empa eseng tlas’a Molao. Hobane’ng? (Bala Bagalata 3:19-25.) Ha batho ba ne ba ikitlaetsa hore ba mamele Molao, o ne o sireletsa borapeli bo hloekileng. O ne o etsa hore Bajuda ba hlokomele libe tsa bona le hore ba hloka sehlabelo se fetang seo moprista oa bona ea phahameng a neng a ka se nyehela. E ne e le motataisi ea neng a tla ba isa ho Kreste kapa Mesia, e leng litlotla tse bolelang “Motlotsuoa.” Leha ho le joalo, ha Mesia a fihla, o ne a tla theha selekane se secha seo Jeremia a ileng a profeta ka sona. Ba ileng ba amohela Kreste ba ile ba mengoa hore e be karolo ea selekane seo se secha ’me e ne e tla ba “’muso oa baprista.” A re ke re boneng hore na seo se ne se tla etsahala joang.

SELEKANE SE SECHA SE HLAHISA BAPRISTA BA MARENA

11. Ho tlile joang hore Jesu e be motheo oa baprista ba marena?

11 Ka 29 C.E., Mesia o ile a fihla e le Jesu oa Nazaretha. Ha a le lilemo li ka bang 30, o ile a itlhahisa ho etsa thato ea Jehova e khethehileng, ’me o ile a tšoantšetsa seo ka hore a kolobetsoe metsing. Jehova o ile a bolela hore Jesu ke ‘Mora oa hae, ea ratoang,’ a mo tlotsa ka moea o halalelang eseng ka oli. (Mat. 3:13-17; Lik. 10:38) Molimo o ile a tlotsa Jesu hore e be Moprista ea Phahameng le hore e be Morena oa ka moso molemong oa e mong le e mong ea lumelang ho eena. (Baheb. 1:8, 9; 5:5, 6) E ne e tla ba motheo oa bao kannete e leng baprista ba marena.

12. Ke ntho efe eo sehlabelo sa Jesu se ileng sa etsa hore e khonehe?

12 Kaha Jesu ke Moprista ea Phahameng, o ne a ka fana ka sehlabelo sefe se neng se tla etsa hore ba lumelang ho eena ba tšoareloe libe ka ho feletseng? Joalokaha a ile a bontša ha a ne a theha Sehopotso sa lefu la hae, bophelo ba hae bo phethahetseng e ne e le sehlabelo. (Bala Baheberu 9:11, 12.) Ho tloha ha a kolobetsoa ka 29 C.E., Jesu eo e leng Moprista ea Phahameng, o ile a amohela koetliso eo a ileng a e fuoa a ba a mamella liteko ho fihlela lefung. (Baheb. 4:15; 5:7-10) Ka mor’a hore a tsosoe bafung, o ile a nyolohela leholimong ’me a hlahisa bohlokoa ba sehlabelo sa hae ho Jehova. (Baheb. 9:24) Ka mor’a moo, Jesu o ne a ka etsa kōpo ho Jehova lebitsong la batho ba neng ba bontša tumelo sehlabelong sa hae, ’me a ba thusa hore ba sebeletse Molimo ba e-na le tšepo ea hore ba tla fumana bophelo bo sa feleng. (Baheb. 7:25) Sehlabelo sa hae se ile sa boela sa etsa hore selekane se secha se sebetse.—Baheb. 8:6; 9:15.

13. Batho ba memetsoeng ho ba selekaneng se secha ba ne ba tla ba le tšepo efe?

13 Batho ba memetsoeng hore ba be selekaneng se secha ba ne ba boetse ba lokela ho tlotsoa ka moea o halalelang. (2 Bakor. 1:21) Ba pele e ile ea e-ba Bajuda ba tšepahalang ’me hamorao e ile ea e-ba Balichaba. (Baef. 3:5, 6) Batho ba selekaneng seo se secha ba ne ba e-na le tšepo efe? Ba ne ba tla tšoareloa libe e le kannete. Jehova o ne a ile a ba tšepisa a re: “Ke tla tšoarela liphoso tsa bona, ’me ha ke sa tla hlola ke hopola libe tsa bona.” (Jer. 31:34) Ha libe tsa bona li se li tšoaretsoe, e ne e tla ba “’muso oa baprista.” Ha Petrose a bua le Bakreste ba tlotsitsoeng o ile a ngola a re: “Le ‘morabe o khethiloeng, baprista ba marena, sechaba se halalelang, batho bakeng sa letlotlo le khethehileng, e le hore le ka bolela hohle makhabane a hlomphehang’ a ea le bitsitseng ho le ntša lefifing ho le kenya leseling la hae le hlollang.” (1 Pet. 2:9) Mona Petrose o qotsa mantsoe ao Jehova a ileng a a bolella Baiseraele ha a ne a ba fa Molao ’me o a sebelisa ho Bakreste ba selekaneng se secha.—Ex. 19:5, 6.

BAPRISTA BA MARENA BA TSOELA BATHO BOHLE MOLEMO

14. Baprista ba marena ba tla sebeletsa hokae?

14 Batho ba selekaneng se secha ba ne ba tla sebeletsa hokae? Ba tla sebeletsa lefatšeng moo e le sehlopha ba tla sebeletsa e le baprista, ba emela Jehova ho batho ka hore ba ‘bolele hohle makhabane a hae a hlomphehang’ le hore ba fane ka lijo tsa moea. (Mat. 24:45; 1 Pet. 2:4, 5) Ka mor’a hore ba shoe ’me ba tsohe bafung, ba tla sebeletsa Kreste leholimong e le marena ebile e le baprista, ba phetha mesebetsi eo ka bobeli ka botlalo. (Luka 22:29; 1 Pet. 1:3-5; Tšen. 1:6) Moapostola Johanne o ile a bona libōpuoa tsa moea tse ngata ponong li le haufi le terone ea Jehova leholimong. Li binela “Konyana . . . pina e ncha” e reng: “Ka mali a hao [u ile] ua rekela Molimo batho molokong o mong le o mong le lelemeng le leng le le leng le bathong ba bang le ba bang le sechabeng se seng le se seng, ’me ua ba etsa hore e be ’muso le baprista ho Molimo oa rōna, ’me ba tla busa e le marena holim’a lefatše.” (Tšen. 5:8-10) Ha a bua ka babusi bana ponong e ’ngoe eo a ileng a e bona hamorao, Johanne o re: “E tla ba baprista ba Molimo le ba Kreste, ’me ba tla busa le eena e le marena ka lilemo tseo tse sekete.” (Tšen. 20:6) Bona hammoho le Kreste, e tla ba baprista ba marena ba tla tsoela batho bohle molemo.

15, 16. Ke melemo efe eo baprista ba marena ba tla e tlisetsa batho?

15 Ba 144 000 ba tla tlisetsa batho ba lefatšeng melemo efe? Tšenolo khaolo ea 21 e re ke motse o leholimong, Jerusalema e Mocha, ea bitsoang, “mosali oa Konyana.” (Tšen. 21:9) Temana ea 2 ho ea ho ea 4 e re: “Ka bona le motse o halalelang, Jerusalema e Mocha, o theoha leholimong ho Molimo ’me o lokisitsoe joaloka monyaluoa ea khabileng bakeng sa monna oa hae. Eaba ke utloa lentsoe le phahameng le tsoang teroneng le re: ‘Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.’” Ao ke mahlohonolo a tsotehang hakaakang! Ha ho felisoa lefu, ho tla be ho tlositsoe sesosa se ka sehloohong sa meokho, ho siama, ho bokolla le bohloko. Seo se tla bolela hore batho ba tla phethahala ’me ba boelane le Molimo ka botlalo.

16 Ha e tsoela pele ho hlalosa mahlohonolo ao baprista bana ba marena ba tla a tlisa, Tšenolo 22:1, 2 e re: “La mpontša nōka ea metsi a bophelo, e hlakileng joaloka kristale, e phalla ho tsoa teroneng ea Molimo le ea Konyana ho theosa le bohare ba tsela e sephara ea [Jerusalema e Mocha]. Ka lehlakoreng lena la nōka le ka lehlakoreng lane ho ne ho e-na le lifate tsa bophelo tse hlahisang chai ea litholoana haleshome le metso e ’meli, tse behang litholoana tsa tsona khoeli e ’ngoe le e ’ngoe. Makhasi a lifate e ne e le a ho phekola lichaba.” Lipono tsena li bontša kamoo “lichaba,” kapa malapa a batho, a tla folisoa ka botlalo kateng sebeng seo a se futsitseng ho Adama. Ka sebele, ‘lintho tsa pele li tla be li fetile.’

BAPRISTA BA MARENA BA PHETHELA MOSEBETSI OA BONA

17. Qetellong baprista ba marena ba tla finyella eng?

17 Qetellong ea tšebeletso ea bona ea lilemo tse 1 000 e tsoelang batho molemo, baprista ba marena ba tla be ba khutliselitse bafo ba bona ba lefatšeng phethehong. Joale Kreste eo e leng Moprista ea Phahameng le Morena, o tla nehelana ka lelapa la batho ba phethahetseng ho Jehova. (Bala 1 Bakorinthe 15:22-26.) Baprista ba marena ba tla be ba phethile mosebetsi oa bona.

18. Ha baprista ba marena ba se ba phethetse mosebetsi oa bona Jehova o tla ba sebelisa joang?

18 Ka mor’a moo, Jehova o tla sebelisa baprista baa ba marena joang? Ho latela Tšenolo 22:5, “ba tla busa e le marena ka ho sa feleng le kamehla.” Ba tla busa bo-mang? Bibele ha e bolele. Empa ba tla lula e le batho ba bohlokoa haholo ho Jehova. Ba tla fumana bophelo ba ho se shoe le ho se bole hammoho le phihlelo ea ho thusa batho ba sa phethahalang. Kahoo, ba tla tsoela pele e le marena ’me Jehova o tla ba sebelisa ho phethahatsa merero ea hae ka ho sa feleng.

19. Batho ba tla be ba le teng Sehopotsong ba tla hopotsoa’ng?

19 Ha re bokana Sehopotsong sa lefu la Jesu ka Labone la la 5 April, 2012, re tla hopola lithuto tsena tsa Bibele. Sehlotšoana sa masala a Bakreste se ntseng se le mona lefatšeng se tla ja litšoantšetso tsa bohobe bo sa lomosoang li be li noe veine e khubelu, e le ho bontša hore se na le kabelo selekaneng se secha. Litšoantšetso tsena tsa sehlabelo sa Kreste li tla se hopotsa boikarabelo le tlotla eo se nang le eona morerong oa Molimo oa ka ho sa feleng. E se eka kaofela ha rōna re ka ba teng Sehopotsong e le hore re bontše hore ruri re ananela baprista ba marena bao Jehova Molimo a ba khethileng ho tsoela batho bohle molemo.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Baprista ba marena ba tla tsoela batho molemo ka ho sa feleng