Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

‘Ke Tla Etsa Mosebetsi oa Boboleli Joang?’

‘Ke Tla Etsa Mosebetsi oa Boboleli Joang?’

‘Ke Tla Etsa Mosebetsi oa Boboleli Joang?’

Lefatšeng lohle, re na le mehlala e tsotehang ea bara le baralib’abo rōna ba etsang mosebetsi oa boboleli ka botšepehi le hoja ba kula haholo. Ka mohlala, nahana ka Dalia, ea lulang Vilnius, e leng motse-moholo oa Lithuania.

Dalia ke morali’abo rōna ea ka bang lilemo li 35. O hlahile a e-na le lefu le bitsoang cerebral apoplexy. Lefu leo le entse hore a shoe litho le hore a se ke a khona ho bua hantle. Ka lebaka leo, litho tsa lelapa labo ke tsona feela tse mo utloang hantle ha a bua. Dalia o lula le ’mè oa hae, e leng Galina, ’me ke eena ea mo hlokomelang. Le hoja bophelo ba Dalia bo tletse mahlomola le matšoenyeho, o lula a thabile. O khona joang?

Galina o re: “Ka 1999, re ile ra eteloa ke ngoana oa ’m’angoane ea bitsoang Apolonija. Re ile ra hlokomela hore Apolonija, eo e leng Paki ea Jehova, o tseba Bibele haholo, ’me Dalia o ile a qala ho mo botsa lipotso tse ngata. Ho e-s’o ee kae, Dalia o ile a khanneloa thuto ea Bibele. Ka linako tse ling ke ne ke e-ba le bona ha ba ithuta e le hore ke hlalose seo Dalia a se buang. Leha ho le joalo, ke ile ka hlokomela hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a ithuta eona e ne e mo ruisa molemo e le kannete. Nakoana ka mor’a moo, le ’na ke ile ka kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele.”

Ha Dalia a qala ho utloisisa linnete tsa Bibele, ho na le ntho e ileng ea qala ho mo tšoenya haholo. Qetellong, o ile a tsoa ka taba eaba o botsa Apolonija: “Motho ea tšoanang le ’na tjee, ea shoeleng litho, o tla etsa mosebetsi oa boboleli joang?” (Mat. 28:19, 20) Apolonija o ile a khothatsa Dalia a re: “U se ke ua tšoha. Jehova o tla u thusa.” Ka sebele, Jehova oa mo thusa.

Joale Dalia o etsa mosebetsi oa boboleli joang? O o etsa ka litsela tse ngata. Baralib’abo rōna ba mo thusa ho ngola mangolo a nang le molaetsa oa Bibele. Dalia o qala ka ho ba bolella maikutlo a hae. Ebe baralib’abo rōna ba ngola maikutlo ao a hae lengolong. Dalia o boetse o paka ka ho romella batho melaetsa ka selefouno ea hae. Ha boemo ba leholimo bo le botle, bahoeletsi ba tsoa le eena e le hore ba ka bua le batho bao ba kopanang le bona lirapeng tsa boikhathollo kapa seterateng.

Dalia le ’mè oa hae ba ntse ba tsoela pele ’neteng. Ka bobeli ba ile ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa ka November 2004. Ka September 2008, ho ile ha thehoa sehlopha sa batho ba buang Sepolishe, Vilnius. Kaha bahoeletsi ba ’Muso ba ne ba fokola sehlopheng sena, Dalia le ’mè oa hae ba ile ba kopanela le sona. Dalia o re: “Ka likhoeli tse ling kea tšoenyeha haeba ke e-s’o ee tšimong. Empa ka mor’a hore ke rapele Jehova ka taba ena, kapele ho ba le motho ea kōpang ho ea le ’na tšimong.” Morali’abo rōna Dalia ea ratehang o ikutloa joang ka boemo ba hae? O re: “Lefu lena le entse hore ke shoe litho, empa ha lea bolaea kelello ea ka. Ke thaba haholo hore ebe ke khona ho bolella batho ba bang ka Jehova!”