Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Etsa’ng Hore re Thabele Nako ea ho Ithuta le Hore e re Tsoele Molemo?

Re ka Etsa’ng Hore re Thabele Nako ea ho Ithuta le Hore e re Tsoele Molemo?

Re ka Etsa’ng Hore re Thabele Nako ea ho Ithuta le Hore e re Tsoele Molemo?

Re ka etsa joang hore re thabele ho ithuta Bibele haholoanyane? Re ka etsa joang hore linako tseo re ithutang ka tsona li re tsoele molemo le ho feta? A re ke re tšohleng ka bokhutšoanyane mehato e meraro ea bohlokoa e tla re thusa hore re rue molemo haholo ha re ithuta Bibele boinotšing.

1 RAPELA: Bohato ba pele boo u ka bo nkang ke hore u rapele. (Pes. 42:8) Hobane’ng? Re lokela ho nka ho ithuta Lentsoe la Molimo e le karolo ea borapeli ba rōna. Kahoo, re lokela ho kōpa Jehova hore a bule likelello le lipelo tsa rōna hore li amohele ka botlalo seo re ithutang sona. (Luka 11:13) Barbara eo e leng khale e le moromuoa o re: “Kamehla kea rapela pele ke bala Bibele kapa ke ithuta eona. Ka mor’a moo, ke utloa ke kholisehile hore Jehova o na le ’na le hore o ananela seo ke se etsang.” Ho rapela pele re ithuta ho etsa hore likelello le lipelo tsa rōna li amohele ka botlalo lijo tse ngata tsa moea tseo re li fuoang.

2 THUISA: Kaha batho ha ba na nako, ba bang ba okola ka holimo feela ha ba bala Lentsoe la Molimo. Leha ho le joalo, ba fetoa ke melemo eo ba ka e fumanang ha ba ithuta Bibele. Carlos ea sebelelitseng Jehova ka lilemo tse fetang 50, o hlokometse hore ke habohlokoa hore a iphe nako ea ho thuisa e le hore a rue molemo o moholo ha a ithuta. O re: “Hona joale ke fokolitse palo ea maqephe a Bibele ao ke a balang—ke bala a ka bang mabeli letsatsi ka leng. Kahoo, ke ipha nako e eketsehileng ea ho thuisa ka seo ke se balang e le hore ke ithute lintho tsa bohlokoa.” (Pes. 77:12) Ha re ipha nako ea ho thuisa, re ntlafatsa tsebo le kutloisiso ea rōna mabapi le thato ea Molimo.—Bakol. 1:9-11.

3 SEBELISA SEO U ITHUTANG SONA: Ha re bona hore na ntho eo re e etsang ke ea bohlokoa hakae, e re tsoela molemo. Ho joalo le ka ho ithuta Bibele. Mora e mong oabo rōna e mocha ea bitsoang Gabriel, ea nang le kemiso ea ho ithuta Bibele kamehla o re: “Ho ithuta ho nthusa hore ke hlōle mathata a letsatsi le letsatsi, ’me ho ntlhomella hore ke thuse batho ba bang.” O phaella ka ho re: “Ke leka ho sebelisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke ithutang eona bophelong ba ka.” (Deut. 11:18; Josh. 1:8) Ha ho pelaelo hore re ka fumana tsebo e ngata ea Molimo ra ba ra e sebelisa.—Liprov. 2:1-5.

HLAHLOBA SEO U ITHUTILENG SONA: Ruri ke tlotla e khōlō hore re batlisise tsebo eo Jehova, Mohloli oa bohlale bohle, a faneng ka eona! (Bar. 11:33) Kahoo, lekhetlong le latelang ha u ithuta, tiisa hore u qala ka ho rapela Jehova ’me u kōpe hore a bule kelello le pelo ea hao le hore a u fe moea oa hae o halalelang. Ka linako tse ling u emise ’me u thuise ka seo u se balang. Ho feta moo, sebelisa lintho tseo u ithutang tsona bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi. Ha u latela mehato ena ea bohlokoa, u tla hlokomela hore ho ithuta Bibele ke ntho e thabisang le e molemo ka ho fetisisa.