Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

Bibele e Fetola Batho

KE ENG se ileng sa etsa hore sehoai sa koae se fetole mosebetsi oa sona hammoho le litumelo tsa sona tse neng li se li metse ka metso? Ho tlile joang hore lekhoba la joala le khone ho fetola bophelo ba lona? Bala seo batho bana ba se buang.

“Ke Rata ho ba Setho sa Lelapa Lena le Leholo.”—DINO ALI

SELEMO SA TSOALO: 1949

NAHA EA HESO: AUSTRALIA

PELE: KE NE KE LE SEHOAI SA KOAE

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Batsoali ba ka ba ile ba falla Albania ka 1939 ’me ba ea lula Mareeba, e leng motse o monyenyane oa Queensland, Australia. Mona ho ile ha lula Bagerike, Mabosnia, Maserbia, Mataliana le mehlobo e meng e mengata ’me kaofela ba ile ba tla le litumelo tsa bona, litloaelo esita le litso. Mareeba ho ne ho lengoa koae ’me batsoali ba ka le bona ba ile ba qala ho e lema.

Ka mor’a nakoana, ausi oa rōna e moholo o ile a hlaha, a lateloa ke bashanyana ba babeli ea ntan’o ba ’na. Ka masoabi, Ntate o ile a bolaoa ke lefu la pelo ha ke ne ke e-na le selemo se le seng. ’Mè o ile a nyaloa hape ’me a ba le bana ba bang hape ba bane. Kaofela ha rōna re hōletse polasing ea koae ea ntate oa ka oa bobeli.

Ke ile ka tloha lapeng ha ke le lilemong tsa bocha. Ha ke le lilemo tse ka holimo ho 20, ’na le Saime re ile ra nyalana kerekeng ea Mamosleme kaha ka bobeli re ne re le Mamosleme. Beng ka ’na bohle e ne e le ba tumelo ea Boislamo. Ke ne ke bala Koran le buka e buang ka pale ea moprofeta Muhammad. Ka nako e tšoanang ke ne ke bala le Bibele e nyenyane. Koran e bua ka baprofeta bao ho buuoang ka bona ka Bibeleng ’me ho bala Bibele ho ne ho nthusa hore ke utloisise hore na ba phetse neng.

Lipaki Tsa Jehova li ne li atisa ho re etela lapeng ’me li re siela limakasine le libuka tseo ’na le Saime re neng re thabela ho li bala. Ke hopola lipuisano tse thahasellisang tseo re neng re e-ba le tsona le Lipaki ka litaba tsa bolumeli tse fapaneng. Nako le nako ha re buisana, li ne li araba lipotso tsa ka ho tsoa ka Bibeleng, ho e-na le ho fana ka maikutlo a tsona. Seo se ile sa nkhahla haholo.

Lipaki li ne li ithaopela ho ithuta Bibele le ’na ’me li ’memela libokeng tsa tsona, empa ka linako tsohle ke ne ke hana. Ntho eo ke neng ke e batla ka ho fetisisa e ne e le hore ke be le polasi eo e leng ea ka le ho ba le lelapa le leholo. Ha kea ka ka ba le polasi empa ke ile ka qetella ke le ntate ea motlotlo oa bana ba bahlano.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Lilemo tse robong ka mor’a hore ke kopane le Lipaki Tsa Jehova, ke ne ke ntse ke e-s’o fetole litumelo tsa ka. Leha ho le joalo, ke ne ke amohela le ho bala lingoliloeng tsohle tsa tsona. Sontaha se seng le se seng ’na le Saime re ne re ipha nako ea ho bala lingoliloeng tsena. Re ntse re e-na le limakasine tseo re ileng ra li amohela lilemong tse fetileng. Li ile tsa nthusa haholo ha batho ba bang ba ne ba qala ho leka tumelo e neng e ntse e hōla ka pelong ea ka.

Ka mohlala, ke ile ka kopana le moruti ea neng a leka ho nkhatella hore ke amohele Jesu e le mopholosi oa ka. O ne a se a khonne ho kholisa khaitseli ea Saime le e mong oa baena ba ka hore ba mo latele. Kapele feela, metsoalle ea ka e neng e tsoa likerekeng tse fapaneng e ile ea qala ho leka ho nkholisa hore ke kene likereke tsa eona. E meng e ile ea mpha libuka tse neng li hlasela Lipaki Tsa Jehova. Ke ile ka re basomi bana ba mpontše ka Bibeleng hore na ke hobane’ng ha ba ruta lithuto tseo ba li rutang, empa ba ile ba hlōleha ho araba lipotso tsa ka.

Khanyetso ena kaofela e ile ea etsa hore ke hle ke etse lipatlisiso le ho feta ka Bibeleng, ke sebelisa lingoliloeng tseo ke ileng ka li fumana ho Lipaki. Qetellong ke ile ka hlokomela hore joale ke nako ea hore ke nke khato ka seo ke neng ke ithuta sona.

Ke ile ka qala ho ea libokeng tsa Lipaki le pele ke ithuta Bibele le e mong oa tsona. Qalong ke ne ke tšohile haholo ke bile ke le lihlong, empa ke ile ka kopana le batho ba bangata ba neng ba le botsoalle libokeng tseo ’me ke ne ke thabela seo ke ithutang sona. Ke ile ka qeta le pelo ea ka hore ke batla ho ba e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me ka 1981 ke ile ka tšoantšetsa boinehelo ba ka ho Molimo ka hore ke kolobetsoe.

Mosali oa ka ha aa ka a nkhanyetsa le hoja ka linako tse ling a ne a belaella hore ke thetsitsoe. Leha ho le joalo, o ile a ba teng ha ke kolobetsoa. Ke ile ka tsoela pele ho mo bolella ka lintho tse ngata tsa ’nete tseo ke neng ke ithuta tsona. Hoo e ka bang selemo ka mor’a hore ke kolobetsoe, re ne re le ka koloing re khutlela hae ka mor’a ho ba matsatsing a phomolo, eaba Saime o mpolella hore o batla ho ba e mong oa Lipaki. Ke ile ka makala hoo ke ileng ka batla ke kheloha tsela! O ile a kolobetsoa ka 1982.

Ho etsa liphetoho tse hlokahalang ha hoa ka ha e-ba bonolo. Ke ile ka khaotsa ho lema koae hobane ho etsa joalo ho ne ho le khahlanong le melao-motheo ea Bibele. (2 Bakorinthe 7:1; Jakobo 2:8) Ho ile ha re nka nako pele re ka fumana mosebetsi o neng o amoheleha le o tsitsitseng. Hape, lilemo tse ngata ka mor’a moo ba bang ba beng ka rōna ba ne ba hana ho re etela. Re ile ra leka ho latela melao-motheo ea Bibele ka hore re ba bontše lerato. Qetellong lekhalo le ile la koaleha ’me joale beng ka rōna ba haufi ha ba sa re koekoetla.

MELEMO EO KE E FUMANENG Ho feta litekong tse sa tšoaneng, tse kang ho hlōla ho ba lihlong, ho sebetsana le ho tšoenyeha ka mathata a lichelete, kapa ho tobana le khanyetso ea lelapa, ho nthutile kamoo Jehova Molimo a sa feleng pelo kateng ha a nthusa ho sebetsana le mathata a ka. Ka mohlala, ke sebeletsa ke le moholo oa phutheho ’me nako e khōlō le e nyenyane ke lokela ho ruta ke eme sethaleng. Sena e ntse e le bothata ho ’na hobane hangata kea hoeleketsa ka lebaka la ho tšoha. Empa ka lebaka la ho rapela ke sa phetse le ka thuso ea Jehova, ke khona ho phetha boikarabelo bona.

’Na le mosali oa ka re se re ratana le ho feta, ’me momahano eo re nang le eona ke e ke keng ea lekanngoa. Re entse liphoso ha re ntse re hōlisa bana ba rōna empa re ile ra leka ka hohle ho ba ruta ka ho pheta-pheta linnete tsa Bibele tseo re ileng ra ithuta tsona. (Deuteronoma 6:6-9) Ha e le hantle, mor’a ka e moholo le mosali oa hae ba sebeletsa e le baromuoa.

Ke hopola lekhetlo le leng, nakong eo re neng re sa tsoa qala ho ea libokeng tsa Lipaki re le lelapa. Ha ke qeta ho paka koloi ke ile ka sheba sehlopha se bokaneng ka har’a holo. Ke ile ka botsa lelapa la ka, “Ke eng seo le se bonang?” Ho ne ho e-na le batho ba litso, limelo le maleme a fapaneng—e le Maaborijene, Maalbania, Maaustralia, le Macroatia—empa ba ne ba kopane ba thabile. Ke rata ho ba setho sa lelapa lena le leholo la bara le barali babo rōna ba moea, le sa fumaneheng mona Australia feela empa hape le fumanehang lefatšeng ka bophara.—1 Petrose 5:9.

“Ausi oa ka ha aa ka a Mphella Pelo.”—YELENA VLADIMIROVNA SYOMINA

SELEMO SA TSOALO: 1952

NAHA EA HESO: RUSSIA

PELE: KE NE KE LE LEKHOBA LA JOALA, KA BA KA LEKA HO IPOLAEA

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG: Ke hlahetse motsaneng o khutsitseng oa Krasnogorsk, o haufi le Moscow. Ke hōletse lelapeng la matichere. Ke ne ke sebetsa hantle sekolong ’me ke ile ka ithutela ’mino. Ho ne ho bonahala eka ke tla ba le bokamoso bo chabileng.

Ha re qeta ho nyalana, ’na le monna oa ka re ile ra lula sebakeng seo ho rohakana, botahoa le ho tsuba ho neng ho tloaelehile. Ka nako eo ke ne ke sa hlokomele empa tikoloho ena e ne e se e nkamme hampe. Qalong, ke ne ke ikela liphathing ho ea bina le ho letsa katara feela. Leha ho le joalo, ha ke le moo batho ba ne ba ’memela hore ke tl’o tsuba le ho noa joala le bona. Ho e-s’o ee kae ke ne ke se ke le lekhoba la joala.

Bokhoba bona bo ile ba qala ho senya bophelo ba ka. Ho ile ha nka nako hore ke hlokomele hore bophelo ba ka bo se bo senyehile, empa ha ke hlokomela seo ke ne ke se ke sa khone le ho ja. Ke ile ka leka ho ipolaea empa ha kea ka ka atleha. Ke leboha hore ebe ha kea ka ka atleha.

Ha ke ntse ke feta ho tsena tsohle, ausi oa ka o ne a nketela kamehla. E ne e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova ’me o ile a leka ho ntlhalosetsa kamoo Bibele e ka nthusang kateng. Ke ne ke sa thahaselle Bibele, kahoo qalong ke ile ka mo leleka. Empa ausi oa ka ha aa ka a mphella pelo. O ne a e-na le mamello le lerato haholo hoo qetellong ke ileng ka lumela ho ithuta Bibele.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG: Ka mor’a hore ke qale ho ithuta Bibele, ke ile ka ikemisetsa hore ha ke sa tla hlōla ke noa joala. Hona nakong eo, ke ile ka loantšoa ke moahelani oa ka ea neng a tahiloe ’me a nkotla. Ke ile ka ba ka ea sepetlele ke ho lemala hampe. Likhōpo tsa ka tse ’nè li ne li robehile le leihlo la ka le senyehile. Leha ho le joalo ho ba ha ka sepetlele ka nako eo ho ile ha nthusa hore joala bo khone ho tsoa hantle maling.

Nakong eo ke ne ke lula ke rapela. Temana ea Bibele e ileng ea ntšelisa haholo ke Lillo Tsa Jeremia 3:55, 56, e reng: “Ke hoelelitse lebitso la hao, Jehova, ke le ka sekoting sa mofuta o tebileng ka ho fetisisa. U utloe lentsoe la ka. U se ke ua pata tsebe ea hao bakeng sa phomolo ea ka, bakeng sa mohoo oa ka o kōpang thuso.”

Ka sebele ke lumela hore Jehova o ile a arabela thapelo ea ka. O ile a mpha matla a hore ke se ke ka khutlela morao. Ka linako tse ling ke ne ke lekeha hore ke noe joala hape. Ke thabela hore ebe ha kea ka ka inehela molekong oo.

Ha ke ntse ke tsoela pele ho ithuta Bibele, ke ile ka ithuta hore ke hloka ho tšehetsa monna oa ka joalokaha e le hlooho ea lelapa. (1 Petrose 3:1, 2) Ho etsa joalo ha hoa ka ha e-ba bonolo, kaha ke ne ke tloaetse ho laela monna oa ka. Ke ile ka rapela Jehova hore a nthuse. Ho ile ha nka nako hore ke fetohe empa butle-butle ke ile ka ba mosali ea molemo le ea tšehetsang monna oa hae.

Monna oa ka eo ke mo ratang o ile a makala ha a bona liphetoho tseo ke neng ke li etsa. O ne a se na thahasello Bibeleng ho fihlela a bona liphetoho tseo. Empa ha ke ne ke etsa qeto ea ho khaotsa ho tsuba, o ile a re: “Haeba u ka khaotsa ho tsuba ke hona ke tla qala ho ithuta Bibele!” Bobeli ba rōna re ile ra khaotsa ho tsuba ka letsatsi le le leng.

MELEMO EO KE E FUMANENG: Monna oa ka o ile a phethahatsa tšepiso ea hae ’me a qala ho ithuta Bibele. Hona joale re bala Bibele hammoho letsatsi le letsatsi, re thuisa ka seo re se balang ’me re leka ho sebelisa seo re ithutang sona bophelong ba rōna.

Ke sitoa ho hlalosa kamoo bophelo ba lelapa la rōna bo ntlafetseng kateng—ke se ke sa re letho kamoo ’na ke ruileng molemo kateng. Ke leboha Jehova hore ebe o entse hore ke atamele haufi le eena. (Johanne 6:44) Ke boetse ke leboha ausi oa ka ea sa kang a mphella pelo. Ka lebaka leo ke iponetse ka bonna hore kannete Bibele e fetola batho.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 11]

Ke ile ka hlokomela hore joale ke nako ea hore ke nke khato

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]

Ausi oa ka o ne a e-na le mamello le lerato haholo hoo qetellong ke ileng ka lumela ho ithuta Bibele