Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Atamela ho Molimo

“’Na Nke ke ka U Lebala”

“’Na Nke ke ka U Lebala”

NA KA sebele Jehova o tsotella batho ba hae? Haeba ho joalo, o amehile ka ho teba hakae ka bona? Ho na le tsela e le ’ngoe feela ea ho tseba likarabo tsa lipotso tseo—ke ka ho li senoleloa ke Molimo ka boeena. Ka Bibeleng, Jehova o re senolela ka ho hlaka hore na o ikutloa joang. Hlokomela mantsoe a ho Esaia 49:15.

E le ho bontša maikutlo a tebileng ao a nang le ’ona ka batho ba hae, Jehova, ka Esaia, o sebelisa o mong oa mehlala e amang maikutlo ka ho fetisisa eo re ka e nahanang. O qala ka ho botsa potso ena e fatang maikutlo: “Na mosali a ka lebala ngoana oa hae ea anyang hoo a ke keng a hauhela mora oa mpa ea hae?” Ha re habanya taba feela, ho ka bonahala karabo e hlakile. Ke joang ’mè ea anyesang a ka lebalang lesea la hae? Lesea la hae le mo hloka bosiu le motšehare—’me lea mo tsebisa ha le mo hloka! Empa potso ena ea Jehova e na le ho hong hoo re lokelang ho ho tseba.

Ke hobane’ng ha ’mè a anyesa lesea la hae le ho le hlokomela ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe? Na ke hore feela le tlohele ho lla? Che. Ka tlhaho ’mè o “hauhela mora oa mpa ea hae.” Leetsi la Seheberu le fetoletsoeng mona e le “hauhela” le ka boela la fetoleloa e le ho “bontša mohau.” (Exoda 33:19; Esaia 54:10) Lentsoe lena la Seheberu le ka fetisa mohopolo oa ho ba le kutloelo-bohloko ho batho ba hlokang thuso le ba sa khoneng ho itšireletsa. Kutloelo-bohloko eo ’mè a nang le eona ho lesea la hae ke boikutlo bo bong bo matla ka ho fetisisa boo re ka bo nahanang.

Leha ho le joalo, ka masoabi, hase ’mè e mong le e mong ea hauhelang lesea la hae ha le lakatsa ho anya letsoele. Jehova o re: “Esita le basali bana ba ka lebala.” Re phela lefatšeng leo ho lona banna le basali ba bangata e leng “ba sa tšepahaleng, ba se nang lerato la tlhaho.” (2 Timothea 3:1-5) Ka linako tse ling re utloa ka bo-’mè ba hlokomolohang, ba hlekefetsang, kapa hona ho lahla masea a bona. Buka e ’ngoe ha e bua ka Esaia 49:15, e re: “Bo-’mè ke baetsalibe ’me ka linako tse ling lerato la bona le hlōloa ke bobe. Esita le lerato le leholo ka ho fetisisa la batho le ka hlōleha.”

“Leha ho le joalo,” Jehova oa re tiisetsa, “’Na nke ke ka u lebala.” Joale re qala ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jehova a botsa potso e ho Esaia 49:15. Ha e le hantle, ha a ipapise le ’mè ea sa phethahalang ea ka ’nang a hlōleha ho utloela lesea la hae bohloko, empa o bontša hore ho hang ha ba tšoane. Jehova a ke ke a hlōleha kapa a lebala ho utloela barapeli ba hae ba hlokang thuso bohloko. Kahoo, ho nepahetse hore buka eo ho buuoeng ka eona ka holimo ha e bua ka Esaia 49:15, e re: “Ena ke e ’ngoe ea lipolelo tse matla ka ho fetisisa, haeba hase eona e matla ka ho fetisisa e bontšang lerato la Molimo Testamenteng ea Khale.”

Na ha re utloe re tšeliseha ha re ithuta ka “qenehelo e bonolo ea Molimo oa rōna”? (Luka 1:78) Ho ka ba joang ha u ka ithuta hore na ke joang u ka atamelang haufi le Jehova? Molimo enoa ea lerato o tiisetsa barapeli ba hae: “Ho hang nke ke ka u tlohela kapa ka u furalla.”—Baheberu 13:5.

Litemana Tsa Bibele Tseo u ka li Balang ka February:

Esaia 43-62