Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Etsisa Mohlala oa Jesu oa ho Lebela

Etsisa Mohlala oa Jesu oa ho Lebela

Etsisa Mohlala oa Jesu oa ho Lebela

“Lulang le lebetse ’me le rapele.”—MAT. 26:41.

U KA ARABA JOANG?

Lithapelo tsa rōna li ka bontša joang hore re lebetse?

Ke ka litsela life re ka bontšang hore re lebetse ha re le tšebeletsong ea tšimo?

Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re lule re lebetse ha re tobana le liteko, hona re ka etsa see joang?

1, 2. (a) Ke lipotso life tse ka ’nang tsa hlaha mabapi le mohlala oa Jesu oa ho lebela? (b) Na ho na le seo batho ba baetsalibe ba ka ithutang sona mohlaleng o phethahetseng oa Jesu? Bontša.

U KA ’na ua ipotsa: ‘Na ka sebele re ka hla ra etsisa mohlala oa Jesu oa ho lebela? Seo se ke ke sa khoneha kaha Jesu o ne a phethahetse! Ho feta moo, ka linako tse ling Jesu o ne a khona ho tseba hantle se tla etsahala ka moso—esita le lilemo tse likete-kete tse tlang! Na ho ne ho hlile ho hlokahala hore a lule a lebetse?’ (Mat. 24:37-39; Baheb. 4:15) A re ke re tšohleng lipotso tseo pele e le hore re ka utloisisa kamoo e leng habohlokoa ebileng ho potlakileng kateng hore re lule re lebetse.

2 Na ho na le seo batho ba baetsalibe ba ka ithutang sona mohlaleng oa motho ea phethahetseng? E, ho joalo, hobane ho na le seo motho a ka ithutang sona ho mosuoe ea molemo le mohlaleng oo a o behang. Ka mohlala, nahana ka moshanyana ea qalang ho ithuta ho korola linonyana ka seqha. Ha a khone ho korola seqha hantle e le hore a khone ho otla nonyana, empa o tsoela pele a ntse a ithuta a bile a leka ho korola seqha hantle. E le hore a ntlafatse bokhoni ba hae, o sheba motho ea mo rutang ka hloko. Morutoana o sheba kamoo motho ea mo rutang a emang kateng, hore na o beha matsoho joang, le hore na o tšoara seqha joang. Hanyane ka hanyane, morutoana eo ea nang le boikemisetso o ithuta hore na o lokela ho hula rekere hakae, ’me o tsoela pele a ntse a etsa boiteko. Ha a ntse a bona seo motho ea mo rutang a se etsang, qetellong le eena o khona ho otla nonyana. Ka tsela e tšoanang, re tsoela pele re etsa boiteko ba hore re be Bakreste ba matla haholoanyane ka hore re latele litaelo tsa Jesu re be re etsise mohlala oa hae o phethahetseng.

3. (a) Jesu o ile a bontša joang hore ho ne ho hlokahala hore a lule a lebetse? (b) Re tla tšohla’ng sehloohong see?

3 Na ho ne ho hlile ho hlokahala hore Jesu a lule a lebetse? E, ho ne ho hlokahala. Ka mohlala, bosiung ba hae ba ho qetela a le mona lefatšeng, Jesu o ile a khothatsa baapostola ba hae ba tšepahalang a re: “Le lule le lebetse le ’na.” O ile a phaella ka ho re: “Lulang le lebetse ’me le rapele le sa khaotse, e le hore le se ke la kena molekong.” (Mat. 26:38, 41) Le hoja Jesu a ’nile a lula a lebetse, o ne a batla ho lula a lebetse ka ho khetheha lihoreng tseo tse thata ka ho fetisisa pele ho lefu la hae, le hore a lule a le haufi le Ntate oa hae ea leholimong ka hohle kamoo a neng a ka khona kateng. O ne a tseba hore ho ne ho hlokahala hore balateli ba hae le bona ba lule ba falimehile—eseng ka nako eo feela empa le nakong e tlang. Kahoo, a re ke re boneng hore na ke hobane’ng ha Jesu a batla hore re lule re lebetse. Ka mor’a moo, re tla tšohla litsela tse tharo tseo ka tsona re ka etsisang mohlala oa Jesu oa ho lebela bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi.

KE HOBANE’NG HA JESU A BATLA HORE RE LEBELE?

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re lebetse?

4 Ka bokhutšoanyane, Jesu o batla hore re lule re lebetse ka lebaka la seo re se tsebang le seo re sa se tsebeng. Ha Jesu a ne a phela lefatšeng, na o ne a tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe e neng e tla etsahala nakong e tlang? Che, hobane ka boikokobetso o ile a re: “Malebana le letsatsi leo le hora eo ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a maholimo kapa Mora, haese Ntate feela.” (Mat. 24:36) Ka nako eo, Jesu, e leng “Mora,” o ne a sa tsebe hantle hore na bofelo ba lefatše lena le khopo bo ne bo tla tla neng. Ho thoe’ng ka rōna kajeno? Na re tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka bokamoso? Ho hlakile hore ha ho joalo! Ha re tsebe hore na Jehova o tla romela Mora oa hae neng hore a tl’o felisa tsamaiso ena e khopo ea lintho. Haeba re ne re tseba, na ho ne ho tla hlokahala hore re lule re lebetse? Joalokaha Jesu a boletse, bofelo bo tla tla ka tšohanyetso, bo sa lebelloa; kahoo re lokela ho lula re lebetse.—Bala Matheu 24:43.

5, 6. (a) Tsebo eo re nang le eona ka bokamoso le ka merero ea Molimo e re thusa joang hore re lule re lebetse? (b) Ke hobane’ng ha tsebo eo re nang le eona ka Satane e lokela ho re susumelletsa hore re ikemisetse ho lula re lebetse le ho feta?

5 Ka lehlakoreng le leng, Jesu o ne a tseba lintho tse ngata tse babatsehang ka bokamoso—e leng linnete tseo batho ba bangata bao a neng a phela har’a bona ba neng ba sa li tsebe ho hang. Le hoja re se na tsebo e lekanang le ea Jesu, o re thusitse hore re be le tsebo e ngata ka ’Muso oa Molimo le seo o tla se finyella haufinyane. Ha re sheba lintho tse etsahalang, ebang ke sekolong, mosebetsing kapa tšimong ea habo rōna, rea hlokomela hore batho ba bangata ha ba tsebe letho ka linnete tsena tse babatsehang. Kahoo, re fumana lebaka le leng la hore re lule re lebetse. Joaloka Jesu, re lokela ho lula re falimehile kamehla, re batle menyetla ea hore re bolelle ba bang seo re se tsebang ka ’Muso oa Molimo. Monyetla o mong le o mong oo re o fumanang ke oa bohlokoa haholo, ’me ha re batle ho o senya. Bophelo ba batho bo kotsing!—1 Tim. 4:16.

6 Ho na le ntho e ’ngoe eo Jesu a neng a e tseba e ileng ea etsa hore a lule a lebetse. O ne a tseba hore Satane o ne a ikemiselitse ho mo leka, ho mo hlorisa le ho senya botšepehi ba hae. Kamehla sera seo se sehlōhō se ne se shebile ‘nako e ’ngoe e loketseng’ ea hore se leke Jesu. (Luka 4:13) Kamehla Jesu o ile a lula a falimehile. O ne a batla ho lula a ikemiselitse ho thulana le teko efe kapa efe, ebang e ne e le ho lekoa hore a etse ntho e itseng, ho hanyetsoa kapa ho hlorisoa. Na le rōna ha re batle ho etsa se tšoanang? Rea tseba hore Satane o ntse a le “joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” Ke ka lebaka leo ha Lentsoe la Molimo le khothatsa Bakreste bohle le reng: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele.” (1 Pet. 5:8) Empa re ka etsa seo joang?

KAMOO THAPELO E RE THUSANG KATENG HORE RE LULE RE LEBETSE

7, 8. Ke keletso efe eo Jesu a ileng a fana ka eona mabapi le thapelo, ’me o behile mohlala ofe?

7 Bibele e re bolella hore thapelo e ka re thusa hore re lule re falimehile moeeng kapa re lebetse. (Bakol. 4:2; 1 Pet. 4:7) Nakoana ka mor’a hore Jesu a kōpe balateli ba hae hore ba lule ba lebetse le eena, o ile a re: “Lulang le lebetse ’me le rapele le sa khaotse, e le hore le se ke la kena molekong.” (Mat. 26:41) Na o ne a bolela hore ba ne ba lokela ho rapela feela nakong eo e boima? Che, keletso ea hae ke molao-motheo oo re lokelang ho o latela bophelong ba rōna letsatsi le letsatsi.

8 Jesu o re behetse mohlala o ikhethang mabapi le ho rapela. U ka ’na ua hopola hore ka lekhetlo le leng o ile a qeta bosiu bohle a rapela Ntate oa hae. A re ke re nahaneng ka sena. (Bala Luka 6:12, 13.) Ke nako ea selemo, ’me e ka ’na eaba ke haufi le motse oa batšoasi ba litlhapi oa Kapernauma, e leng moo Jesu a neng a lula teng ha a le sebakeng seo. Ka phirimana, Jesu o nyolohela ho e ’ngoe ea lithaba tse haufi le Leoatle la Galilea. Ha a akhela mahlo sebakeng seo se lefifi, mohlomong o bona mabone a oli a ntse a paitsa motseng oa Kapernauma le metseng e meng e haufi. Leha ho le joalo, ha Jesu a bua le Jehova, o tsepamisa kelello thapelong ea hae. Ho feta lihora a ntse a rapela. Ha a hlokomele ha mabone a tlaase motseng a ntse a tingoa ka bonngoe, ha khoeli e ntse e haola sepakapakeng kapa ha a utloe melumo ea liphoofolo tse haufi. Ho ka etsahala hore ebe ntho e ka sehloohong eo a e rapellang ke qeto e khōlō eo a leng haufi le ho e etsa—e leng ea ho khetha baapostola ba hae ba 12. Ak’u nahane ka Jesu ha a rapela Ntate oa hae ka matla a kōpa tataiso le bohlale ha a ntse a Mo bolella maikutlo a hae le lintho tseo a amehileng ka tsona ka morutuoa e mong le e mong.

9. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu oa hore ebe o ile a rapela bosiu bohle?

9 Re ka ithuta’ng mohlaleng oa Jesu? Na re ithuta hore re lokela ho qeta lihora tse ngata re rapela? Che, hobane ka mosa o ile a re ka balateli ba hae: “Ka ho hlakileng, moea o na le tabatabelo, empa nama ea fokola.” (Mat. 26:41) Leha ho le joalo, re ka etsisa Jesu. Ka mohlala, na re bua le Ntate oa rōna ea leholimong pele re etsa qeto leha e le efe e ka ’nang ea re ama, ea ama malapa a rōna kapa a bo rōna kapa ea ama balumeli-’moho le rōna moeeng? Na re rapella bara le barali babo rōna? Na re rapela ho tsoa botebong ba pelo ho e-na le hore re lule re pheta mantsoe a tšoanang? Hape, hlokomela hore Jesu o ne a nka ho bua le Ntate oa hae boinotšing e le habohlokoa haholo. Lefatšeng la kajeno le maphathaphathe, re ka phathahana hoo re ka lebalang hore na ntho ea bohlokoa ke efe bophelong. Haeba re ipha nako e lekaneng ea hore re tšollele maikutlo a rōna ho Jehova ka thapelo, re tla falimeha le ho feta. (Mat. 6:6, 7) Re tla atamela haufi le Jehova, re batle ho matlafatsa kamano ea rōna le eena ’me re qobe ho etsa ntho leha e le efe e ka e fokolisang.—Pes. 25:14.

RE KA LEBELA JOANG HA RE LE MOSEBETSING OA BOBOLELI?

10. Ke mohlala ofe o bontšang kamoo Jesu a ileng a lula a falimehile kateng e le hore a hlokomele menyetla eo a ka e sebelisang ho fana ka bopaki?

10 Jesu o ile a lula a lebetse mabapi le mosebetsi oo Jehova a neng a mo file oona. Ho ka ’na ha ba le mesebetsi e meng eo kelello ea motho e ka ’nang ea lelera ha a e etsa empa a se ke a hlaheloa ke bothata ba letho. Leha ho le joalo, mesebetsi e mengata e hloka hore motho a tsepamise kelello a be a falimehe ha a e etsa ’me tšebeletso ea Bokreste le eona e joalo. Jesu o ne a lula a falimehile mosebetsing oa hae, a batla menyetla ea ho bolela litaba tse molemo. Ka mohlala, ha Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba fihla Sikare ka mor’a hore ba tsamaee nako e telele hoseng, barutuoa ba ile ba tsamaea ho ea reka lijo. Jesu o ile a phomola haufi le seliba sa motse oo, empa o ile a lula a falimehile, ’me o ile a hlokomela monyetla oo a neng a ka o sebelisa hore a pake. Mosali oa Mosamaria o ile a tla ho tla kha metsi. Jesu a ka be a ile a khetha hore a ke a re shoa! A ka be a ile a nahana mabaka a hore a qobe ho buisana le mosali eo. Leha ho le joalo, o ile bua le eena, ’me a fana ka bopaki bo matla bo ileng ba ama bophelo ba batho ba bangata ba neng ba lula motseng oo. (Joh. 4:4-26, 39-42) Na re ka etsisa mohlala oa Jesu oa ho lebela, mohlomong ka hore re loanele ho lula re falimehile hore re hlokomele menyetla eo re ka e sebelisang ho bolella batho bao re kopanang le bona letsatsi le leng le le leng litaba tse molemo?

11, 12. (a) Jesu o ile a etsa’ng ha batho ba bang ba ne ba leka ho mo faposa mosebetsing oa hae? (b) Jesu o ile a bontša joang hore o lekanyetsa lintho hantle mabapi le mosebetsi oa hae?

11 Ka linako tse ling, batho ba ile ba leka ho faposa Jesu mosebetsing oa hae empa e se ka moea o mobe. Batho ba Kapernauma ba ile ba khahloa ke mehlolo eo Jesu a ileng a e etsa ea ho folisa batho hoo ba ileng ba batla hore a lule le bona moo. Seo sea utloahala. Leha ho le joalo, Jesu o ne a rometsoe hore a bolele litaba tse molemo ho “linku tse lahlehileng tsa ntlo ea Iseraele,” eseng tseo tse neng li le motseng o le mong feela. (Mat. 15:24) Kahoo, o ile a re ho batho bao: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:40-44) Ho hlakile hore ntho e neng e tla pele bophelong ba Jesu e ne e le tšebeletso ea hae. Ha aa ka a lumella letho ho mo faposa.

12 Na Jesu o ne a phathahane ka mosebetsi oa hae hoo a neng a se na nako ea ho thabela lintho tse ling bophelong? Na o ne a phathahane ka tšebeletso ea hae hoo a neng a sa natse hore na batho ba hloka’ng? Che, Jesu o ile a beha mohlala o phethahetseng oa ho lekanyetsa lintho hantle. O ne a thabela bophelo, a ba le nako ea ho ithabisa le metsoalle ea hae. O ne a nka malapa e le a bohlokoa, ’me o ile a bontša hore oa a qenehela ha a ne a hloka lintho le ha a ne a e-na le mathata, ’me o ile a bontša hore o rata bana.—Bala Mareka 10:13-16.

13. Re ka etsisa mohlala oa Jesu oa ho lula re lebetse le ho lekanyetsa lintho hantle joang mosebetsing oa rōna oa ho bolela ka ’Muso?

13 Ha re ntse re leka ho etsisa mohlala oa Jesu oa ho lula re lebetse, re ka loanela ho lekanyetsa lintho joang? Ha re lumelle lefatše lena hore le re fapose mosebetsing oa rōna. Ka moea o motle, metsoalle ea rōna le beng ka rōna ba ka ’na ba re khothalletsa hore re khoehlise hanyenyane tšebeletsong ea rōna kapa hore re phele bophelo boo ba bo nkang e le bo tloaelehileng. Leha ho le joalo, haeba re etsisa Jesu, re nka tšebeletso ea rōna joalokaha eka ke lijo. (Joh. 4:34) Mosebetsi oa rōna o re matlafatsa moeeng ebile oa re thabisa. Leha ho le joalo, ha re batle ho feteletsa lintho, ka ho iketsa eka re lokile ho tlōla kapa ka hore re se ke ra thabela lintho tse ling bophelong. Joaloka Jesu, re batla ho thaba le ho ba bahlanka ba “Molimo ea thabileng,” ba lekanyetsang lintho hantle.—1 Tim. 1:11.

KAMOO RE KA LULANG RE LEBETSE KATENG NAKONG EA LITEKO

14. Nakong eo re tobaneng le teko, ke mokhoa ofe oo re lokelang ho o qoba, hona hobane’ng?

14 Joalokaha re se re bone, Jesu o fane ka tse ling tsa likeletso tsa bohlokoa ka ho fetisisa tsa hore re lule re lebetse nakong eo a neng a tobane le teko e matla. (Bala Mareka 14:37.) Ha re thulana le mathata ke hona ha re hloka mohlala oa hae ho feta neng kapa neng. Ha ba tobane le teko, batho ba bangata ba lebala ’nete eo e leng ea bohlokoa hoo buka ea Liproverbia e buang ka eona habeli ha e re: “Ho na le tsela e lokileng ka pel’a motho, empa qetello ea eona hamorao ke litsela tsa lefu.” (Liprov. 14:12; 16:25) Haeba re itšetleha ka maikutlo a rōna haholo-holo nakong eo re tobaneng le mathata a boima, ho ka etsahala hore re ipehe kotsing re be re behe le batho bao re ba ratang kotsing.

15. Nakong ea mathata a moruo motho eo e leng hlooho ea lelapa a ka ’na a lekeha hore a etse’ng?

15 Ka mohlala, motho eo e leng hlooho ea lelapa a ka ’na a ba tlas’a khatello e khōlō ha a leka ho fumanela “bao e leng ba hae” lintho tseo ba li hlokang nameng. (1 Tim. 5:8) A ka ’na a lekeha hore a amohele mosebetsi o tla etsa hore a lofe liboka tsa Bokreste khafetsa, a se ke a ba teng ho etella lelapa la hae pele borapeling ba lelapa kapa tšebeletsong ea boboleli. Haeba a etsa seo eena a nahanang hore se nepahetse, ho ka ’na ha bonahala ho nepahetse hore a amohele mosebetsi oo. Leha ho le joalo, seo se ka ’na sa etsa hore a fokole kapa a shoe moeeng. Ruri ho ka ba molemo hore motho a mamele keletso e ho Liproverbia 3:5, 6! Solomone o ile a re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”

16. (a) Jesu o behile mohlala ofe oa ho tšepa bohlale ba Jehova ho e-na le hore a tšepe ba hae? (b) Batho ba bangata bao e leng lihlooho tsa malapa ba etsisa mohlala oa Jesu oa ho tšepa Jehova joang ha ho le thata?

16 Ha Jesu a ne a tobane le teko, o ile a hana ho itšetleha ka kutloisiso ea hae. Ak’u nahane ka taba ena! Motho ea bohlale ka ho fetisisa ea kileng a phela lefatšeng lena ha aa ka a tšepa bohlale ba hae. Ka mohlala, ha Satane a ne a mo leka, ka makhetlo Jesu o ile a mo araba ka mantsoe ana: “Ho ngoliloe.” (Mat. 4:4, 7, 10) O ne a tšepile bohlale ba Ntate oa hae hore a hlōle liteko, ’me ka tsela eo a bontša boikokobetso boo Satane a bo hloileng a bileng a se nang bona. Na le rōna re etsisa Jesu? Motho eo e leng hlooho ea lelapa ea etsisang mohlala oa Jesu oa ho lula a lebetse o lumella Lentsoe la Molimo hore e be lona le mo tataisang haholo-holo nakong eo a thulanang le liteko. Batho bao e leng lihlooho tsa malapa ba likete lefatšeng lohle ba etsa sona seo. Ba loanela hore ’Muso oa Molimo le borapeli bo hloekileng li tle pele bophelong ba bona, esita le pele ho litlhoko tsa bona tsa nama. Ka tsela eo, ba hlokomela malapa a bona hantle. Jehova o hlohonolofatsa boiteko ba bona ka hore a ba hlokomele ka litlhoko tsa bona tsa nama, joalokaha Lentsoe la hae le tšepisa.—Mat. 6:33.

17. Ke eng e u susumelletsang hore u etsise mohlala oa Jesu oa ho lebela?

17 Ha ho pelaelo hore Jesu o re behetse mohlala o babatsehang ka ho fetisisa oa ho lebela. Mohlala oa hae o re tsoela molemo ebile o pholosa bophelo. Hopola hore Satane o batla ho u koeetsa hore u robale moeeng—e leng hore a fokolise tumelo ea hao, a etse hore u sebeletse Molimo ka monyebe le hore u se ke ua tšepahala. (1 Bathes. 5:6) U se ke ua mo lumella hore a atlehe! Lula u lebetse joaloka Jesu—u lebele mabapi le thapelo, ha u le tšebeletsong ea tšimo, le ha u thulana le liteko. Haeba u etsa joalo, u tla phela bophelo bo thabisang le bo khotsofatsang esita le hona joale ha tsamaiso ena ea lintho e le haufi le ho fela. Haeba u lula u lebetse u ka kholiseha hore ha Mong’a hao a tla a tl’o felisa tsamaiso ena, o tla u fumana u falimehile ’me u le mafolofolo u etsa thato ea Ntate oa hae. Ruri Jehova o tla thabela ho u hlohonolofatsa ka lebaka la botšepehi ba hao!—Tšen. 16:15.

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Jesu o ile a bolella mosali ea neng a tlile selibeng litaba tse molemo. U sebelisa menyetla efe hore u bolele litaba tse molemo letsatsi le letsatsi?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Haeba u hlokomela lelapa la hao moeeng seo se bontša hore u lebetse