Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Nathane—O Ile a Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Botšepehi

Nathane—O Ile a Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Botšepehi

Nathane—O Ile a Tšehetsa Borapeli bo Hloekileng ka Botšepehi

Ha ho bonolo ho kholisa motho ea maemong a phahameng hore o entse liphoso le hore o lokela ho fetoha. Na u ne u tla toba motho ea joalo, u mo hlokomelise hore o entse phoso haeba u ne u tseba hore o bolaile motho e mong e le hore feela a sireletse seriti sa hae?

Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a feba le Bathe-sheba ’me a ima. E le hore a pate sebe seo ba se entseng, Davida o ile a etsa hore monna oa Bathe-sheba a bolaoe eaba o nka Bathe-sheba hore e be mosali oa hae. Likhoeli li ile tsa feta Davida a ntse a phela bophelo ba boikaketsi, ha ho pelaelo hore o ne a ntse a tsoela pele ka mesebetsi ea hae ea borena. Empa Jehova o ile a pepesa libe tsa morena. O ile a romela moprofeta oa hae Nathane hore a tobe Davida ’me a mo hlokomelise hore na o ne a entse phoso e tebileng hakae.

Ena e ne e le thōmo e boima. Ak’u ipehe boemong ba Nathane. E tlameha ebe ho tšepahala ho Jehova le ho mamela melao ea hae ka tieo ho ile ha susumetsa Nathane hore a hopotse Davida libe tsa hae. Ebe moprofeta Nathane o ne a tla etsa see joang ’me a kholise Morena Davida hore ho ne ho hlokahala hore a bake?

MOSUOE EA MASENE

Ak’u iphe metsotso e seng mekae ’me u bale 2 Samuele 12:1-25. Nahana u se u le Nathane ha a ne a bolella Davida pale ena: “Ho ne ho e-na le banna ba babeli ba neng ba le motseng o le mong, e mong a ruile ’me e mong a e-na le ho honyenyane. Monna ea ruileng o ne a e-na le linku tse ngata haholo le likhomo; empa monna ea nang le ho honyenyane o ne a se na letho haese konyana e le ’ngoe e tšehali, e nyenyane, eo a neng a e rekile. O ne a e boloka e phela, ’me e ne e hōla e e-na le eena le bara ba hae, kaofela hammoho. E ne e ja sengoathoaneng sa hae, ’me e ne e noa senoelong sa hae, hape e ne e robala sefubeng sa hae, ’me ea e-ba joaloka morali ho eena. Ka mor’a nakoana moeti a tla ho monna ea ruileng, empa a tlohela ho nka linkung tsa hae le likhomong tsa hae hore a lokisetse motsamai ea neng a kene ho eena. Kahoo a nka konyana e tšehali ea monna ea nang le ho honyenyane eaba o e lokisetsa monna ea neng a kene ho eena.”—2 Sam. 12:1-4.

Ho hlakile hore Davida eo e kileng ea e-ba molisa o ile a nahana hore eo e ne e hlile e le ntho e etsahetseng. Mohlalosi e mong o re, “Mohlomong Nathane o ne a tloaetse ho kōpa Davida hore a thuse motho ea ileng a tšoaroa ka ho hloka toka, ’me Davida o ne a nahana hore le lekhetlong lena Nathane o ne a tlile ho tla phetha mosebetsi oo oa hae.” Le haeba ho ne ho le joalo, Nathane o ne a lokela ho tšepahala ho Molimo le hore a be sebete e le hore a ka bua le morena ka tsela eo. Pale ea Nathane e ile ea halefisa Davida. O ile a re: “Ka Jehova ea phelang, monna ea etsang sena o tšoaneloa ke ho shoa!” Ka mor’a moo, Nathane o ile a bua ka lentsoe le matla a re: “Monna eo ke uena!”—2 Sam. 12:5-7.

Hlokomela hore na ke hobane’ng ha Nathane a ile a sebetsana le bothata boo ka tsela eo. Ha ho bonolo hore motho a nahane lintho ka tsela e hlakileng ha a e-na le kamano e itseng le motho. Kaofela ha rōna re atisa ho ikemela ha re entse phoso. Empa papiso ea Nathane e ile ea etsa hore a sa hlokomele, Davida a nyatse seo a se entseng. Morena o ile a hlakeloa hore ketso eo Nathane a neng a bua ka eona e ne e le mpe. Leha ho le joalo, Nathane o ile a bolella morena hore papiso eo e sebetsa ho eena ka mor’a hore Davida a nyatse ketso eo. Kahoo, Davida o ile a khona ho utloisisa hore na sebe sa hae se ne se tebile hakae. Sena se ile sa mo thusa hore a be boemong boo a neng a ka khona ho amohela khalemelo. O ile a lumela hore o ne a “nyelisitse” Jehova ka boitšoaro ba hae le Bathe-sheba, ’me o ile a amohela khalemelo eo a neng a lokela ho e fuoa.—2 Sam. 12:9-14; Pes. 51, sehloohoana.

Re ithuta’ng tabeng ee? Morero oa motho ea rutang batho Bibele ke hore a thuse liithuti tsa hae hore li fihlele qeto e nepahetseng. Nathane o ne a hlompha Davida kahoo o ile a bua le eena ka masene. Nathane o ne a tseba hore ka pelong Davida o ne a rata ho loka le toka. Kahoo, moprofeta Nathane o ile a sebelisa papiso eo a neng a tseba hore e ne e tla susumetsa motho ea neng a e-na le litšobotsi tsena. Le rōna re ka thusa batho ba tšepahalang hore ba utloisise tsela eo Jehova a talimang lintho ka eona. Re ka etsa seo joang? Re ka ba thusa hore ba sebelise seo ba tsebang hore se nepahetse, re sa etse hore ba ikutloe eka re ba phahametse kapa hore re na le tokelo ea ho ba bolella seo ba lokelang ho se etsa. Bibele ke eona e re bolellang hore na ke sefe se nepahetseng le se fosahetseng, e seng maikutlo a rōna.

Ntho e ka sehloohong e ileng ea thusa Nathane hore a khalemele morena eo ea neng a le maemong a phahameng, ke ho tšepahala ho Molimo. (2 Sam. 12:1) Botšepehi bo joalo bo tla re thusa hore re emele melao-motheo ea Jehova e lokileng ka tieo.

O ILE A TŠEHETSA BORAPELI BO HLOEKILENG

Ho bonahala eka Nathane le Davida e ne e le metsoalle ea hlooho ea khomo kaha o ile a reha e mong oa bara ba hae Nathane. (1 Likron. 3:1, 5). Lekhetlo la pele ha Bibele e bua ka Nathane, e bua ka eena a e-na le Davida. Ka bobeli ba ne ba rata Jehova. Ho hlakile hore morena o ne a tšepa Nathane, kaha o ile a bolella moprofeta eo hore o lakatsa ho hahela Jehova tempele. Davida o ile a re: “‘Bona, joale, ke lula ka tlung ea likedare ha areka ea Molimo oa ’nete e lula har’a masela a tente.’ Ka mor’a moo Nathane a re ho morena: ‘Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pelong ea hao—tsamaea, u e etse, hobane Jehova o na le uena.’”—2 Sam. 7:2, 3.

Kaha Nathane e ne e le morapeli oa Jehova ea tšepahalang, ka mafolofolo o ile a tšehetsa morero oa Davida oa ho haha setsi sa pele sa borapeli bo hloekileng lefatšeng. Leha ho le joalo, kamoo ho bonahalang kateng, ketsahalong eo Nathane o ile a bolela maikutlo a hae ho e-na le hore a bue seo Jehova a neng a itse a se bue. Bosiung boo, Molimo o ile a laela moprofeta oa hae hore a ise molaetsa o fapaneng ho morena: Davida o ne a ke ke a hahela Jehova tempele. Motho ea neng a tla hahela Jehova tempele e ne e tla ba e mong oa bara ba Davida. Empa Nathane o ile a bolela hore Molimo o ne a theha selekane le Davida e le hore terone ea hae e ka “tiisoa ka thata ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—2 Sam. 7:4-16.

Maikutlo a Nathane mabapi le hore na ke mang ea tla haha tempele ha aa ka a lumellana le thato ea Molimo. Leha ho le joalo, ho e-na le hore a korotle, moprofeta enoa ea ikokobelitseng o ile a amohela tataiso ea Jehova a ba a etsa lintho tumellanong le eona. Ruri ona ke mohlala o motle oo re lokelang ho o latela haeba Molimo a re khalemela ka tsela e itseng! Lintho tseo Nathane a ileng a li etsa hamorao e le moprofeta li bontša hore Molimo o ne a ntse a mo amohela. Ha e le hantle, ho bonahala eka Jehova o ile a bululela Nathane hammoho le Gade ea bonang lipono, hore ba laele Davida hore a hlophise libini tse 4 000 tse neng li tla sebeletsa tempeleng.—1 Likron. 23:1-5; 2 Likron. 29:25.

MOSIRELETSI OA BORENA

Nathane o ne a tseba hore Solomone o ne a lokela ho hlahlama morena Davida ea neng a se a tsofetse. Kahoo, ha Adonija a ne a leka ho nka borena ka likhoka nakong ea ha Davida a ntse a felloa ke matla, Nathane o ile a nka bohato ka potlako. Nathane o ile a boela a bontša masene le botšepehi. O ile a qala ka ho khothalletsa Bathe-sheba hore a hopotse Davida tšepiso ea hae e hlapanyelitsoeng ea hore mor’a bona Solomone e ne e tla ba morena. Ka mor’a moo, Nathane o ile a ea ho morena Davida ho mo botsa hore na ke eena ea lumeletseng Adonija hore a mo hlahlame boreneng. Ha morena eo ea seng a ile lilemong a hlokomela kamoo boemo boo bo neng bo tebile kateng, o ile a laela Nathane le bahlanka ba bang ba tšepahalang hore ba tlotse Solomone ’me ho phatlalatsoe hore ke morena. Morero oa Adonija oa ho inkela puso ka likhoka o ile oa nyopa.—1 Mar. 1:5-53.

RAHISTORI EA IKOKOBELITSENG

Hangata batho ba lumela hore Nathane le Gade ke bona ba ngotseng 1 Samuele khaolo ea 25 ho ea ho ea 31 hammoho le buka eohle ea 2 Samuele. Mabapi le histori e bululetsoeng e tlalehiloeng libukeng tseo, Bibele e re: “Ha e le litaba tsa Morena Davida, tsa pele le tsa ho qetela, li ngotsoe har’a mantsoe a Samuele seboni le har’a mantsoe a moprofeta Nathane le har’a mantsoe a Gade ea bonang lipono.” (1 Likron. 29:29) Bibele e boetse e re Nathane o ngotse tlaleho e mabapi le ‘litaba tsa Solomone.’ (2 Likron. 9:29) E ka ’na eaba sena se bolela hore Nathane o ile a tsoela pele a sebeletsa ntlong a borena esita le ha Davida a se a shoele.

Ho ka ’na ha etsahala hore ebe lintho tse ngata tseo re li tsebang ka Nathane li ngotsoe ke eena ka seqo. Leha ho le joalo, taba ea hore ho na le lintho tseo a sa reng letho ka tsona, e re ruta lintho tse ngata ka eena. Ho hlakile hore Nathane e ne e le rahistori ea ikokobelitseng. E ne e se motho ea ratang ho hlahella, ea batlang ho iketsetsa lebitso. Dikishinari e ’ngoe ea Bibele e re, “ha ho boleloe hore na ke mang le hore na ke oa leloko lefe.” Ha re tsebe letho ka baholo-holo ba Nathane kapa bophelo ba hae.

O NE A SUSUMETSOA KE HO TŠEPAHALA HO JEHOVA

Ho latela boitsebiso bo seng bokae boo re balileng ka bona ka Mangolong, ho hlakile hore Nathane o ne a ikokobelitse empa ka cheseho a tšehetsa tsela eo Molimo a etsang lintho ka eona. Jehova Molimo o ile a mo fa boikarabelo bo boima. Nahanisisa ka litšobotsi tsa Nathane, tse kang ho tšepahala ho Molimo le ho ananela ka botebo melao ea Molimo. Loanela ho etsisa litšobotsi tse joalo.

Mohlomong u ke ke ua laeloa hore u khalemele marena a entseng bofebe kapa u nyopise morero oa motho ea batlang ho nka borena ka likhoka. Leha ho le joalo, Molimo a ka u thusa hore u tšepahale ho eena ’me u tšehetse melao ea hae e lokileng. U ka boela ua ruta ’nete ka sebete empa u le masene ebile u tšehetsa borapeli bo hloekileng.

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Kaha Nathane e ne e le mosireletsi oa borena, ka masene o ile a bua le Bathe-sheba