Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bohle ba Reng ke Bakreste Ehlile ke Bakreste?

Na Bohle ba Reng ke Bakreste Ehlile ke Bakreste?

Na Bohle ba Reng ke Bakreste Ehlile ke Bakreste?

HO NA le Bakreste ba bakae? Ho ea ka Atlas of Global Christianity, ka 2010 ho ne ho e-na le ba libilione tse 2,3 lefatšeng ka bophara. Empa eona buka eo e re Bakreste bao ba tsoa likerekeng tse fapaneng tse ka holimo ho 41 000—e ’ngoe le e ’ngoe e na le lithuto le melao ea eona ea boitšoaro. Ba bangata ha ba bona malumeli ana a mangata-ngata a ipitsang a Bokreste, ke ntho e utloahalang hore ebe baa ferekana kapa hona ho nyahama. Ba ka ’na ba ipotsa, ‘Na bohle ba reng ke Bakreste ehlile ke Bakreste?’

A re ke re hlahlobe taba ena ka lehlakoreng le leng. Ka tloaelo motho ea tsamaeang o lokela ho bolela hore na ke moahi oa hokae ha a fihla ho batho ba sebetsang malibohong. O boetse o lokela ho fana ka bopaki ba hore ehlile ke eena motho eo a ipolelang hore ke eena ka hore a hlahise litokomane tsa boitsebiso, mohlomong phasepoto. Ka ho tšoanang, Mokreste oa ’nete ha aa lokela ho ipolela feela hore o lumela ho Kreste. O lokela hore a hlahise bopaki bo bong ba hore ho fela ho le joalo. Ke bopaki bofe boo?

Lentsoe “Mokreste” le ile la qala ho sebelisoa neng-neng ka mor’a selemo sa 44 C.E. Rahistori oa Bibele, e leng Luka, o re: “Ke Antioke moo ka lekhetlo la pele barutuoa ba ileng ba bitsoa Bakreste.” (Liketso 11:26) Hlokomela hore ba neng ba bitsoa Bakreste e ne e le barutuoa ba Kreste. Ke eng e etsang hore motho e be morutuoa oa Jesu Kreste? The New International Dictionary of New Testament Theology, e hlalosa tjena: “Ho ba molateli oa Jesu ho bolela hore [motho] o lokela ho itela ka ho feletseng a sa itšiele letho . . . bophelo ba hae bohle.” Ka hona, Mokreste oa ’nete ke ea latelang lithuto le litaelo tsa Jesu, Mothehi oa Bokreste, a li latela ka ho feletseng a sa itšiele letho.

Na hoa khoneha ho fumana batho ba joalo har’a ba bangata hakaale ba ipolelang hore ke Bakreste mehleng ee? Jesu ka boeena o ile a re balateli ba hae ba ’nete ba tla khetholloa ka eng? Re u khothalletsa hore u hlahlobe hore na Bibele e araba lipotso tsena joang. Lihloohong tse latelang, re tla hlahloba lipolelo tse hlano tsa Jesu tse re thusang ho khetholla balateli ba hae ba ’nete. Re tla hlahloba kamoo Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba neng ba li latela kateng. Re tla boela re leke ho hlahloba hore na har’a batho ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste kajeno ke bafe ba latelang mohlala oo.