Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

“Ke ba Tsebisitse Lebitso la Hao”

“Ke ba Tsebisitse Lebitso la Hao”

“Ke ba Tsebisitse Lebitso la Hao”

“Ke senotse lebitso la hao ho batho bao u mphileng bona lefatšeng. . . . Ke ba tsebisitse lebitso la hao ’me ke tla le tsebahatsa.”—JOHANNE 17:6, 26.

See se Bolela’ng? Jesu o ne a tsebahatsa lebitso la Molimo ka hore a le sebelise ha a bolela litaba tse molemo. Hangata ha Jesu a ne a bala Mangolo o ne a bitsa lebitso la Molimo. (Luka 4:16-21) O ile a ruta balateli ba hae hore ha ba rapela ba re: “Ntate, lebitso la hao le ke le halaletsoe.”—Luka 11:2.

Kamoo Bakreste ba Pele ba Neng ba Latela Seo: Moapostola Petrose o ile a bolella banna ba baholo ba Jerusalema hore ho tsoa lichabeng, Molimo o nkile “batho bakeng sa lebitso la hae.” (Liketso 15:14) Baapostola hammoho le batho ba bang ba ne ba ruta hore “e mong le e mong ea ipiletsang lebitsong la Jehova o tla pholoha.” (Liketso 2:21; Baroma 10:13) Ba ne ba boetse ba sebelisa lebitso la Molimo ha ba ngola mangolo a bona. The Tosefta, e leng pokello ea melao ea Bajuda e ileng ea phethoa ka bo-300 C.E., ha e bua ka mangolo a Bakreste ao bahanyetsi ba neng ba a chesa, e re: “Libuka tsa Baevangeli le tsa minim [bao ho nahanoang hore ke Bakreste ba Bajuda] ha ba li tšole mollong. Empa li tloheloa hore li chelle hona moo, . . . tsona hammoho le likarolo tse buang ka Lebitso la Molimo tse hlahang ka har’a tsona.”

Ke Bo-mang Kajeno ba Latelang Mohlala Oo? Bibele ea Revised Standard Version, e amohetsoeng ke Lekhotla la Naha la Likereke Tsa Kreste la United States, e re selelekeleng sa eona: “Ho sebelisoa ha lebitso le tobileng la Molimo a le mong feela, joalokaha eka ho na le melimo e meng eo a lokelang ho khetholloa ho eona, ho ile ha khaotsoa tumelong ea Sejuda le pele ho mehla ea Bokreste ebile ha lea lokela ho sebelisoa ka ho feletseng tumelong eohle ea Kereke ea Bokreste.” Ka hona, e kenya “MORENA” moo ho hlahang lebitso la Molimo. Morao tjena, Vatican e ile ea laela babishopo: “Ha ho binoa le ha ho rapeloa, lebitso la Molimo le ngotsoeng ka tetragrammaton [e leng litlhaku tse ’nè tsa Seheberu tse emelang lebitso la Molimo] YHWH * ha lea lokela ho sebelisoa kapa ho bitsoa.”

Ke bo-mang kajeno ba sebelisang lebitso la Molimo le ba le tsebahatsang? Ha Sergey a ntse a le lilemong tsa bocha, sebakeng sa Kyrgyzstan, o ile a shebella filimi e ileng ea bontša hore lebitso la Molimo ke Jehova. Ho ile ha feta lilemo tse ka bang leshome a sa utloe lebitso leo hape. Hamorao ha Sergey a se a lula United States, Lipaki Tsa Jehova tse peli li ile tsa mo etela lapeng eaba li mo bontša lebitso la Molimo ka Bibeleng. Sergey o ile a thabela ho fumana sehlopha se sebelisang lebitso, Jehova. Ho thahasellisang ke hore ha u sheba poleloana “Jehova Molimo” ho Webster’s Third New International Dictionary, e hlalosoa ka hore ke “Molimo ea phahameng ka ho fetisisa eo Lipaki Tsa Jehova li mo amohelang ’me ke eena feela eo li mo rapelang.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 5 Ka Sesotho, ka tloaelo lebitso la Molimo le fetoleloa e le “Jehova.”