Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Maaztec a Mehleng Ena e ba Bakreste ba ’Nete

Maaztec a Mehleng Ena e ba Bakreste ba ’Nete

Maaztec a Mehleng Ena e ba Bakreste ba ’Nete

“Litempele li ile tsa heletsoa, ea e-ba lerōle le molora, litšoantšo tsa senngoa, le libuka tse halalelang tsa chesoa, empa melimo ea boholo-holo eona e ile ea lula e ntse e phela ka lipelong tsa Maindia.”—Las antiguas culturas mexicanas (Meetlo ea Mamexico a Boholo-holo).

MEXICO ke moo ho lulang Maaztec a ileng a hōla ho tloha ha e ne e le sehlotšoana sa bajaki lekholong la bo13 la lilemong ho fihlela e se e le ’muso o matla ho tšoana le oa Bainca ba Peru. Le hoja ’muso oa Maaztec o ile oa lihuoa ke Hernán Cortés oa Spain ha a hapa Tenochtitlán ka 1521, puo ea Maaztec, e leng Senahuatl, eona ha ea ka ea fela. * E ntse e buuoa ke matsoalloa a Mexico a ka bang milione le halofo liprofinseng tse ka bang 15. Seo se entse hore litumelo tse ling tsa boholo-holo tsa Maaztec li se ke tsa fela, joalokaha mofuputsi ea bitsoang Walter Krickeberg a boletse ka holimo. Tse ling tsa litumelo tseo e ne e le life?

Meetlo ea ’Ona ea Makatsa Empa e Tloaelehile

Moetlo oa Maaztec oo mohlomong e leng oona o tsebahalang ka ho fetisisa ke ho etsa mahlabelo ka batho. O ile oa thehoa tumelong ea hore letsatsi le tla shoa haeba le sa feptjoe ka lipelo le mali a batho. Diego Durán, eo e leng Lesepanishe la Mok’hatholike, o tlaleha hore ka 1487, ha ho ne ho khakoloa tempele e khōlō ea Tenochtitlán, ho ile ha etsoa mahlabelo ka batho ba fetang 80 000 ka matsatsi a mane.

Le hoja Masepanishe a ile a nyarosoa ke ketso ena, a ile a makala ha a hlokomela hore litumelo tse ngata tsa Maaztec li tšoana le tsa habo ’ona tsa Kereke e K’hatholike. Ka mohlala, Maaztec a ne a e-ba le selallo moo a neng a e-ja litšoantšo tsa melimo ea ’ona tse entsoeng ka poone. Ka linako tse ling ho ne ho jeoa nama ea batho bao ho entsoeng mahlabelo ka bona. Maaztec a ne a sebelisa sefapano, a etsa boipolelo a bile a kolobetsa masea. Tumelo eo mohlomong e neng e tšoana haholo ka tsela e hlollang ke ea ho rapela Tonantzin, e leng “’Mè oa Melimo,” oa moroetsana eo Maaztec a mo bitsang ’M’a Rōna e Monyenyane.

Hona thabeng eo Maaztec a neng a rapela Tonantzin ho eona, hothoe Moroetsana e motšoana oa Mok’hatholike oa Guadalupe ea buang Senahuatl o ile a bonahala ho Moaztec oa Moindia ka 1531. Sena se ile sa etsa hore Maaztec a sokolohele Bok’hatholikeng ka potlako. Moroetsana enoa o ile a haheloa tempelana motheong oa tempele ea Tonantzin. Ka la 12 December, tempele ena e eteloa ke Mamexico a makholo a likete a inehetseng, a mangata a ’ona a bua Senahuatl.

Libakeng tsa bona tse mahaeng lithabeng, batho ba buang Senahuatl ba etsa mekete e mengata e etsetsoang bahalaleli ba ba sireletsang, e meng e nka matsatsi kapa libeke. Buka ea El universo de los aztecas (Sepakapaka sa Maaztec), e re batho ba moo “ba amahanya borapeli ba bahalaleli ba Kereke e K’hatholike le litšebeletso tse neng li etsoa pele ho mehla ea Cortés.” Batho ba buang Senahuatl ba sebelisana le meea haholo. Ha ba kula, ba ea lingakeng e le hore ba hlatsuoe ’me ba etse mahlabelo ka liphoofolo. Ho feta moo, ho se tsebe ho bala le ho ngola ho atile; ba bangata ha ba tsebe ho bala Sepanishe kapa sona Senahuatl. Kaha ba khomaretse meetlo ea bona le puo ea bona ebile ba futsanehile haholo, batho baa ba khesa.

Linnete Tsa Bibele li Fihla ho Maaztec a Mehleng Ena

Ka lilemo tse ngata, Lipaki Tsa Jehova tsa Mexico li ’nile tsa leka ka matla ho buisana le batho bohle ka ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Matheu 24:14) Ka 2000, ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Mexico e ile ea qala mosebetsi oa ho bolella batho bohle ba buang Senahuatl litaba tse molemo ka puo ea bona le ho lokisetsa hore ho be le liphutheho tsa Senahuatl bakeng sa ba neng ba ea libokeng tsa Sepanishe. Ho ile ha thehoa sehlopha se fetolelang hore se fetolele libuka tse thehiloeng Bibeleng ka Senahuatl. Ho ile ha etsoa le boiteko ba ho ruta batho ba buang Senahuatl ho bala le ho ngola puo ea bona. Liphello e bile life? Hlokomela se ileng sa etsahala.

Ha ’mè e mong a utloa puo ea Bibele ka Senahuatl ka lekhetlo la pele, o ile a re: “Esale re ntse re ea libokeng ka lilemo tse leshome ’me re tloha lihlooho li opa ka lebaka la hore re ne re sa utloisise Sepanishe. Empa joale ekare ke hona bophelo ba rōna bo qalang!” Juan ea lilemo li 60 esale a ithuta Bibele ka Sepanishe a bile a tla libokeng tsa sona le mosali oa hae le bana ba hae ka lilemo tse robeli empa a sa tsoele pele. Joale o ile a qala ho ithuta Bibele ka Senahuatl. E ile ea e-ba Paki e kolobelitsoeng ho e-s’o fete le selemo!

Joalokaha maemo ana a bontša, ba bangata ba ile ba qala ho ithuta Bibele ka Sepanishe, empa ba ne ba sa e utloisise ka botlalo. Ho ba le liboka, likopano le lingoliloeng ka puo ea bona ho ba thusitse hore ba amohele ’nete ea Bibele le hore ba utloisise boikarabelo ba bona joaloka Bakreste.

Ho Hlōla Litšitiso

Le hoja batho ba buang Senahuatl ba tsoela pele hantle moeeng, ba ile ba kopana le litšitiso. Ka mohlala, ba hatelloa haholo hore ba kenelle meketeng ea bolumeli. Sebakeng sa San Agustín Oapan, Lipaki Tsa Jehova li ne li sa lumelloa ho ruta ka ntlo le ntlo. Ho ne ho tšajoa hore seo se ka etsa hore batho ba se ke ba hlola ba tšehetsa mekete eo ka chelete. Ha Florencio le sehlotšoana se seng sa Lipaki tsa moo se buang Senahuatl ba ntse ba ruta, ba ile ba tšoaroa ba le bararo. Ka metsotso e 20 feela, sechaba se ne se se se bokane hore se tl’o etsa qeto ea hore na ho etsoe’ng ka bona.

Ha Florencio a hopola o re: “Ba ne ba batla ho re bolaea hang-hang. Ba bang ba ile ba etsa tlhahiso ea hore re fasoe ebe re lahleloa ka nōkeng hore re khangoe ke metsi! Re ile ra hlola bosiu chankaneng. Letsatsing le hlahlamang, Paki-’moho le rōna ea akhente le barab’abo rōna ba babeli ba ile ba tla ho tla re thusa. Le bona ba ile ba kenngoa chankaneng. Qetellong, ba boholong ba ile ba re ba tla re lokolla haeba feela re ka tsamaea motseng moo.” Ho sa tsotellehe seo, ho ile ha thehoa phutheho selemo hamorao, e nang le Lipaki tse 17 tse kolobelitsoeng le batho ba ka bang 50 ba tlang libokeng.

Sebakeng sa Manahuatl sa Coapala, Alberto, e leng e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a mengoa moketeng. O ile a hana ho ea eaba o kenngoa chankaneng. Ho ile ha etsoa seboka sa batho ba motseng, eaba ba bang ba tlatsa lerata ba re a fanyehoe e le hore batho leha e le bafe ba batlang ho kena bolumeling ba hae ’me ba tlohele meetlo ea bona ba tsebe ho tšoha. Lipaki tse ling li ile tsa leka ho mo thusa hore a lokolloe, empa le tsona li ile tsa tšoaroa. Ka mor’a hore mokete o ileng oa nka beke o fele, ba ile ba lokolloa kaofela. Ha khanyetso e ntse e tota, ho ile ha hlokahala hore ba kōpe thuso ho ba boholong, eaba ba laeloa hore Lipaki li se ke tsa hlola li hlorisoa. Taba e thahasellisang ke hore, motho ea neng a hanyetsa ka ho fetisisa, o ile a amohela molaetsa oa Bibele ’me a kolobetsoa hamorao. Ho se ho e-na le phutheho motseng oo.

A Loketse Kotulo

Kaha lia hlokomela hore tšimo ea Senahuatl ea hōla, Lipaki tse ngata li ithuta puo eo. Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le mathata. Manahuatl ke batho ba lihlong haholo ba lesisitheho ho bua puo ea bona ka lebaka la hore ba ’nile ba tšoaroa hampe. Senahuatl se boetse se buuoa ka litsela tse ngata.

Sonia, ea qetang nako e ngata a bolela litaba tse molemo, o hlalosa hore na ke eng e entseng hore a ithute Senahuatl. O re: “Lihora tse peli ho tloha moo ke lulang, ho na le basebetsi ba ka bang 6 000 ba Manahuatl ba tsoang linaheng tse ling, ba lulang moo ba koaletsoeng ka thata ke balebeli. Batho bao ha ba khone ho itšireletsa ebile ba tšoeroe ka tsela e se nang seriti. Maemo a bona a ile a nkutloisa bohloko haholo kaha Manahuatl e kile ea e-ba batho ba motlotlo ka seo ba leng sona, ke moo setso sa rōna se tsoang teng. Esale re ntse re ba bolella litaba tse molemo ka Sepanishe ka lilemo tse 20, empa ba ne ba sa utloisise hantle ba bile ba sa thahaselle hakaalo. Leha ho le joalo, e ile eare ha ke qala ho ithuta mantsoe a seng makae a puo ea bona, ke ile ka ba le monyetla oa ho bua le bona. Ba ne ba ba ’mamela ba mpotapotile. Ke ile ka kōpa ’mè e mong hore nthute Senahuatl ’me ’na ke tla mo ruta ho bala le ho ngola. Hona joale hohle ke tsejoa ke le ‘’mè ea buang puo ea rōna.’ Ke ikutloa eka ke moromuoa naheng ea heso.” Hona joale ho se ho e-na le phutheho ea Senahuatl sebakeng seo.

Maricela, eo le eena a qetang nako e ngata a bolela litaba tse molemo, o etsa boiteko bohle hore a ithute Senahuatl. Pele o ne a ruta ntate-moholo e mong ea bitsoang Félix, ea lilemo li 70 Bibele ka Sepanishe. Ha a se a batla a tseba Senahuatl, Maricela o ile a qala ho mo hlalosetsa ka puo ea hae. Sena se ile sa ba le phello e ntle. O ile a ameha haholo ha Ntate-moholo Félix a mo botsa, “Na Jehova oa nkutloa ha ke bua le eena ka Senahuatl.” Ntate-moholo Félix o ile a thaba ha a ithuta hore Jehova o utloa lipuo tsohle. Hona joale o ba teng libokeng kamehla le hoja a lokela ho tsamaea hora le halofo ’me o se a kolobelitsoe. Maricela o re: “Se nthabisang haholo ke hore ebe ke sebelisana le lengeloi le nang le litaba tse molemo tseo le li bolellang batho bohle!”—Tšenolo 14:6, 7.

Ka sebele masimo a Senahuatl a “soeufetse bakeng sa kotulo.” (Johanne 4:35) Re rapella hore Jehova Molimo a ’ne a tsoele pele ho mema batho ba lichaba tsohle, ho akarelletsa le Maaztec a tšepahalang a mehleng ena, hore ba ee thabeng ea hae e le hore a ba rupele ka litsela tsa hae.—Esaia 2:2, 3.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 3 Senahuatl ke karolo ea lipuo tsa Uto-Aztec ’me e buuoa ke meloko ea Mahopi, Mashoshone le Macomanche a fumanehang Amerika Leboea. Mantsoe a mangata a Senyesemane, a kang avocado, chokolete, phiri e nyenyane le tamati, a nkiloe ho Senahuatl.

[’Mapa o leqepheng la 13]

(For fully formatted text, see publication)

MEXICO CITY

PALO EA MAAZTEC PROFINSENG KA ’NGOE

150 000

MOO A LENG KA TLAS’A 1 000